Leeto le yang Cofimvaba, Kapa Botjhabela

Jo-Anne Smetherham, o phetela pale ya ho ya GAPA (Grandmothers Against Poverty and Aids) lapeng la Felicia Mfamana, Cofimvaba, Kapa Botjhabela, Afrika Borwa.

Matlo a Bana

©Eric Miller

Re ne re etela Kapa Botjhabela ho ya fumana Felicia Mfamana ho bona sebaka seo ho sona ho ileng ha hola bonkgono ba bangata ba GAPA (Grandmothers Against Poverty and Aids). Tokisetso e ne e le hore Felicia o tla kopana le rona ka ntle ho banka ya ABSA haufi le monyako wa motseng wa Cofimvaba.

Ha re fihla, re ile ra bona setho se senyane se kgabane ka ntle ho banka. Ho tloha hole, se ne se bonahala se le senyane haholo mme se loketse ho ba e mong wa bo nkgono. Empa mosadi enwa o ne a apere berete ya mohair e pherese re neng re atisa ho bona Felicia ae apere mme, ka ho lekaneng, e bile yena.

O ile a re, 'Oh, ke thabile hore o tlile,' a re, mme a re tsebisa hang-hang ho moahelani ya ratang ho tseba ha a ntse a feta. Re ile ra kganna koloi ya rona e hirilweng ho ya fihla motsaneng oo a dulang ho oona. Ke sebaka se thoko moo baahi ba ke keng ba fihla ka Sontaha, ha di tekesi di sa tsamaye, kapa nakong ya dipula. Ha Felicia a tswa lehaeng la baholo-holo ba hae, o na le maikutlo a monate ka phula eo motse wa habo o dutseng ho yona.

Ntlo ya hae e le leralleng, dithaba di wela ka tlaase. Ka thoko ke meru eo moradi wa hae Nomanani a bokellang patsi beke le beke, a tlisa seshobana sa hae hloohong, mme ho feta moo ke dithaba. Ho potoloha ha hae ke di rontabole tsa motse wa habo, tse pentilweng bo putswa, bo pinki le bosehla, mebala eo e tlwaelehileng metseng ya Kapa Botjhabela.

Ho kgutsitse haese ka modumo wa dinonyana mobung, moya o tsubang le, ka dinako tse ding, ho dumedisana ha moahelani ha a feta. Dibaka tsena di na le kganya, empa bo Mfamanas, jwalo ka ba bang ba bangata ba Afrika Borwa, ba futsanehile haholo.

Ho Arohana Hara Mahae

©Eric Miller

Felicia o na le lelapa Motse Kapa, hammoho le mona motseng, ho thusa ho phahamisa. O arohane pakeng tsa tsena tse pedi. Karolo ya Khayelitsha moo a phelang teng e futsanehile haholo, seterateng sa hae se tletse matlo, mme tlolo ya molao e tletse, o re. Pelo ya hae e motseng wa habo, empa bana ba Motse Kapa ba hloka yena.

Hamorao, re ile ra mo nka ho ya bona kgaitsedi ya hae motsaneng o haufi. Ha koloi ya rona e sa kgone ho tsamaya tseleng e nang le mekoti, re ile ra mo tlohela. O ile a re, 'Ho lokile, ha ho jwalo,' sefahleho sa hae se kganya jwaloka leha e le neng pele.

Re ile ra mo shebella a tsamaya fatshe leralleng, a le mong, a potlakile a bile a ikemiseditse, ka tsela e tshwanang, e nang le boithati eo re neng re tlwaetse ho e etsa. O ne a ena le tsela ya ho ya teng, empa ha setshwantsho sa hae se fetoha se senyane haholo re ntse re ka se hlahisa, ka lebaka la berete ya hae ya mohair e pherese.

Translated by Bongani Matabane