Ho aha Bophelo bo Botle Bakeng sa Lelapa la Hao

Felicia Mfamana o hlalosa bophelo ba hae Motse Kapa le merero ya hae ya nakong e tlang ya ho kgutlela motseng wa habo wa Kapa Botjhabela.

Ho Otlolla Tjhelete

©Eric Miller

Tjhelete ya lelapa la rona e tswa ho penshene ya ka, thuso e le nngwe ya tshehetso ya bana le mekgatlo e mmedi ya tlhokomelo ya bana. Beke ya pele ya kgwedi ke reka raese, Weet-Bix, phofo, tswekere le ntho e nngwe le e nngwe eo bana ba e hlokang sekolong; ka beke ya bobedi ha ho na tjhelete e setseng.

Re ye re adima R200 kapa ho motswalle wa rona mme ha e fedile, ho adima ho qala hape. Jwale re tlameha ho e lefa ha penshene e fihla. Bongata ba bana ba ka ba ile ba dula Transkei ka mora hore ba hole. Mora wa ka ya pholohileng, Sakhumzi, eo e leng tichere, o thusa baradibabo ka tjhelete hobane ba sa fumane mosebetsi Transkei kapa Motse Kapa. Ke boetse ke ba romella tjhelete ya ka ya penshene.

Setloholo sa ka Sesethu, e mong wa ditloholo tse dulang le nna Motse Kapa, o dilemo tse 21 mme o ithuta Pentech motseng oo. Ke thabile haholo ka seo. O ne a ena le mosebetsi wa ho buisana le batho bakeng sa palo ya sechaba selemong se fetileng mme o ile a lefellwa bakeng sa yona, empa ke ne ke sa batle tjhelete leha e le efe eo a e fumaneng hobane a e hloka bakeng sa dithuto tsa hae.

Ha ke tsebe seo a ithutang sona, hantle. Ha ke utlwisise seo. Seo ke se tsebang ke hore o etsa seo a batlang ho se etsa, mme seo se molemo.

Merero ya Kapa Botjhabela

©Eric Miller

Ha ke batle ho dula Motse Kapa. Ke batla ho kgutlela Kapa Botjhabela hobane ke sebaka sa semelo sa ka, moo Ntate a neng a dula teng. Empa rontabole eo ntate wa ka a hahileng, eo ke hotseng ho yona, e wele fatshe. Re ke ke ra phela ho yona. Re dula haufi le ntlo ya beng ka rona, ha re ntse re e lokisa.

Nomanani, moradi wa ka e moholo, ya dulang moo, o beha mokatong o nepahetseng mme re rera ho kenya difensetere tse kgolo le monyako o mocha, hobane monyako wa rona o robehile. Hape re rera ho haha ​​ntlo e ntle ya ditena ho nka sebaka sa mohaho o nang le tshepe o haufi le rona.

Mora wa ka, Sakhumzi, tichere, o itse o tla e haha. O rekile ditena mme di teng ka jareteng. Re ntse re emetse ho bona ha a ka etsa mohaho. Jwale re tla ba le sebaka se lekaneng sa hore lelapa lohle le dule ha ba le ya teng ka matsatsi a phomolo.

Nomanani o batla hore ke kgutlele ho ya Kapa Botjhabela, ​​hobane jwale ke kgona ho hlokomela bara ba hae ba babedi mme a ka batla mosebetsi Queenstown, o seng o le hole haholo. Empa ditloholo tse ding tsa ka di Motse Kapa mme di ke ke tsa kgutlela ho ya Kapa Botjhabela ho tla ba molemo.

O tseba seo bacha ba leng sona. Ba batla ho ba motseng, hobane ke moo mesebetsi e leng teng, mme ke moo ba ithabisang teng.

Translated by Bongani Matabane