Tlhahiso ya Mabodilane

© Louise Brodie

Tshimoloho le Tlhahiso

Tshimoloho ya mabodilane ha e tsejwe hantle, empa tholwana ena e dumelwa e le ya leboya le bophirima ba China, China Bohareng, Japan le Korea. Lebitso la yona la saense ke, Prunus armeniaca, le bolelang Armenian plum, moo ho buuwang ka mabodilane o neng o lenngwe ka nako e telele Armenia ka mengwahakgolo pele e ka atiswa ke Baroma dinaheng tsa Yuropa dilemo tse 100 pele ho Kreste.

Mabodilane o mela hantle boemong ba lehodimo bo futhumetseng. Turkey ke mohlahisi e moholo ka ho fetisisa wa matjhaba, e hlahlangwe ke Uzbekistan. Tlhahiso e kgolo e boetse e teng Italy, Algeria le Iran; ha Afrika Borwa e le yona naha e romelang kantle ho naha bongata ba mabodilane kahara makotikoti.   

Ka 2003, dihwai tsa Afrika Borwa di ile tsa lahla mabodilane o mongata hammoho le ho tsumola difate tsa mabodilane hobane ho ne ho dumelwa ha di se di se na molemo moruong. Boemo bo se bo ntlafetse ho tloha ka nako eo, empa phaello e ntse e le kotsing ka lebaka la ditjeho tse phahamang ho kopane le kgolo e monyebe e eketsehang.

Mabodilane Afrika Borwa

Difate tsa pele tsa mabodilane di fihlile Afrika Borwa ka mongwahakgolo wa 17, jwalokaha ho boletswe ke Lefapha la Temo, Meru le Tshwaso ya dihlapi. Difate tsena di ne di lengwa feela Kapa Bophirima boemong ba lehodimo ba dipula tsa mariha. 

Mabodilane wa Kapa (Cape Apricot), eo mohlomong e leng mohlahlami wa mofuta wa pele wa China, e ne e le mofuta o bohlokwa ka ho fetisisa Afrika Borwa ho fihlela ka 1900. Kamora moo, mefuta e kang Old Cape, Early Cape le Late Cape, e boetseng e tsejwa ka la Sweetstone, e ile ya sebediswa.

Sebaka sa Tlhahiso

Mabodilane o hola hantle dibakeng tse futhumetseng empa o a atleha dibakeng tse mariha a batang ebile a omme hammoho le lehlabuleng le tjhesang ebile le omme. Le ha o hlahiswa ho phatlalla le Afrika Borwa, boholo ba tlhahiso bo Kapa Bophirima.

Jwalokaha ho ile ha etswa diphuputso ke Hortgro Tree Census, Klein Karoo e bile le palo e fetang 75% ya sebaka sa tlhahiso ka 2018. Piketberg, Ceres le Worcester e ne e le bahlahisi ba bang ba baholo ba mabodilane, ha Langkloof, Villiersdorp le Southern Cape, Paarl, Wolseley, Tulbagh le Northern Province di na le masimo a manyane.  

Sebaka sa tlhahiso se bile le dihektara tse ka tlasa tse leshome nqa ya Upper Orange River Orange River, Mpumalanga, Cape Town, Kapa Botjhabela, Free State le Stellenbosch.

Mefuta

Mofuta wa semela wa mabodilane wa Royal o tlisitswe Afrika Borwa bakeng sa ho omiswa mathwasong a 1900, ha semela sa Bulida se ile sa tliswa dilemong tsa 1930 bakeng sa ho tshelwa kahara makotikoti. Bulida e ile ya rena indastering ka 2018, moo e ikarabelletseng ho feta halofo ya sebaka sa tlhahiso jwalokaha ho bonwa dipalopalong tse amanang le ditholwana tsa difate tse hlohlorehang mahlaku.   

Soldonne, Bebeco, Imperial le Palsteyn di ile tsa lengwa dihektareng tse fetang 200 mofuta ka mong, mme ha e le sebaka se welang ho Supergold le Charisma e bile ho feta dihektara tse 100. Dibaka tsa tlhahiso tse abetsweng Royal, Peeka, Colorado le Solitaire di ile tsa lekanyetswa ho dihektara tse ka tlasa 100 bakeng sa mofuta ka mong. 

Mmaraka wa Yuropa o ne o ntse o sutha butle ho mabodilane o tlwaelehileng o mosehla ho ya ho mabodilane o nang le bofubedu, ho bakileng ho hola ha tlhoko ya mefuta ena. Palo e bonahalang ya mefuta e metjha e lokolotswe dilemong tse mmalwa tse fetileng.

Nako ya Selemo

©Louise Brodie

Ho ya ka boemo ba lehodimo, sebaka sa tlhahiso le mofuta wa semela, nako ya selemo ya mabodilane Afrika Borwa ke ho tloha ka Pudungwana ho ya ho Tlhakubele, ka palo e rothelang kgweding ya Mmesa.

Thekiso

©Louise Brodie

Ho ya ka palo-hare, ke 70% ya mabodilane wa Afrika Borwa o sebetswang, ha 16% e omiswa mme 9% e romelwa kantle ho naha o le motjha. Ke 4% feela ya tholwana tse ntjha tse rekiswang mmarakeng wa lehae. 

Ho ya ka ho romelwa kantle ho naha ha mabodilane, ke ho feta 50% ya mabodilane o motjha wa Afrika Borwa o rometsweng Botjhabela Bohareng ka 2018. United Kingdom e amohetse 29% mme Yuropa ya fumana 16% ya ditholwana tsena. Palo e tlase e ile Russia, Botjhabela bo hole, Asia le dihlekehlekeng tsa Indian Ocean.

Tshebediso

Mabodilane o na le fibre, divithamin, haholoholo vithamin A le C, hammoho le diminerale tse ngata. Tholwana le letlalo di a jowa, empa peo ya teng e a lahlwa. Mabodilane o ka jowa o le jwalo kapa wa tshelwa makotikoting, wa kgotlwa ebe ho kang motoho, wa omiswa, wa bolokwa kapa wa etswa lero la ditholwana. O ka boela wa sebediswa ho etsa chutney mme o ka kenyeletswa le ha ho phehwa.

Translated by Maletsatsi Sejake