Tlhahiso ya Diperekisi

Tlhahiso ya Lefatshe

Diperekisi di hlaha leboya-bophirima ba China. Ho dumelwa ha di ile tsa qala ho sebediswa malapeng pela noka ya Yangzi, moo dipeo tsa diperekisi di neng di entswe masalla a dintho tsa kgale ho tloha dilemong tse 6 000 pele ho Kreste. 

Ho ne ho dumelwa ha dithungthung tsa perekisi di ne di leleka meya e mebe. Hona hoo masole a neng a nka dithungthung tsa perekisi ha ba etella babusisi pele, ba neng ba hahlaula metseng. Dithungthung di ne di hlongwa menyako mathwasong a selemo se seng le se seng. Perekisi e ne e boetse e le letshwao la bophelo le bosafeleng.  

Lebitso la perekisi la saense ya dimela ke Prunus persica, le bolelang “boteng ho hlaha Persia”, le hlalosang ho tsebiswa ha perekisi ke Persia ho Roma, ba ileng ba e atisetsa dikarolong tse ding tsa lefatshe. China e ntse e le mohlahisi ya ka sehloohong wa perekisi lefatsheng lohle, e hlahlangwe ke Italy e be United States.

Sebaka sa Tlhahiso Afrika Borwa

Boholo ba diperekisi tsa Afrika Borwa di hlahiswa lebatoweng la Kapa Bophirima. Ceres e di hula pele ka ho ba sebaka sa tlhahiso ya perekisi e sebediswang e le sejo se nang le tswekere (freestone), e hlahlangwe ke Piketberg, Northern Province, Klein Karoo, Wolseley, Tulbagh, le Paarl. Dipalo tse nyane di a hlahiswa Free State, Eastern Cape, Gauteng, Mpumalanga, Langkloof le Hex River Valley. 

Klein Karoo e ikarabella ho palo e ka bang halofo ya  tlhahiso ya diperekisi tsa mofuta wa ‘cling’, ka dipalo tse hodimo tse tswang Ceres, Wolseley, Tulbagh, borwa ba Kapa le Worcester. Dipalo tse tlase di boetse di hlahiswa Villiersdorp, Vyeboom, Hex River, Langkloof East, Piketberg le Mpumalanga.

Nako ya Selemo ya Diperekisi

Nako ya selemo ya tlhahiso ya diperekisi Afrika Borwa ke ho tloha ka Mphalane ho ya ho Tlhakubele, mme ho ya ka mofuta wa semela le sebaka sa tlhahiso. Sena se dumella naha ho romela ditholwana dinaheng tse ka leboya la hemisphere hang ha nako ya selemo ya tlhahiso e fedile dinaheng tseo.

Le ha ho le jwalo, Afrika Borwa e sa le nyane matjhabeng, ka boikarabelo bo ka hodimonyana ho 15% ba diperekisi tse hlahiswang hemisphere e Borwa. Baphephetsi ba bona ba baholo mebarakeng ya Yuropa le Asia ke Chile, Argentina le Brazil.

Thekiso

Tlhahiso ya diperekisi Afrika Borwa e fetile ditone tse 210 000 ka 2015 empa ya ho kgutlela ho ditone tse ka bang 200 000 kamora komello e matla ho tloha ka 2017. E ka ba 70% ya semela sena e tshelwang makotikoting selemo le selemo, ha tse setseng di rekiswa kahara naha,di omiswa kapa ho romelwa kantle. Mozambique, Zimbabwe, Lesotho, Singapore,  United Kingdom, Angola, Hong Kong, China, Mauritius, Saudi Arabia le Emirates di emela dibaka tse ka sehloohong tseo thepa e romelwang ho tsona.

Translated by Maletsatsi Sejake

Peach Fruit Varieties

Diperekisi e ne e le tse ding tsa ditholwana tse neng di lengwe pele Kapa Bophirima kamora ho fihla ha Jan van Riebeeck in 1655, mme ka 1892...more