Tholwana ya Mmilo e Phahameng ka Vithamine C

© JMK
Mmilo (Vangueria infausta) e na le mabitso a tlwaelehileng; wildmepel, Wild medlar, Muzwilu, Mavelo, Umviyo, Mpfilwa, Umtulwa, Mothwanye, Umvile le Amantulwane.
Wild medlar ke sefate sa ditholwana se nang le mefuta e mengata pakeng tsa dimithara tse 3 le 7 tse nang le makgasi a matala. E fumanwa ditoropong tse majwe, maralleng, dihlabeng le mahlabeng a lehlabathe pela haufi le lebopo la diprofinseng tsa Eastern Cape, Free State, KwaZulu-Natal, Mpumalanga, Gauteng, Limpopo, North West le Northern Cape hammoho le dinaheng tse ding tsa Afrika Borwa.

Sefate sa ditholwana sa matswallwa ho dumelwa hore se na le matla a mabe; e ka etsa hore dikgomo di jare feela manamane a poho e le hore lehong le se ke la sebediswa bakeng sa mollo.
Ka lehlakoreng le leng, ditholwana di ratwa haholo (di latsweha jwaloka apole) mme di na le vithamine C e ngata. Ditholwana tsa mmilo di qala di le tala, empa di butswe ka mmala o moputswa o mmala wa lamunu o bo perese ho tloha ka Pherekgong ho ya ho Mmesa. Kotulo e ka etswa ho tloha bofelong ba Mphalane ho ya pele ho Pudungwana ha ditholwana di se di butsoitse. Ditholwana tse ding di ka butswa sefateng ho fihlela ka hwetla ho hlahisa tatso, haeba ho se kotsi ya serame.

Ditholwana di pota-potile, di ka bang bolelele ba 3.5 cm. E na le nama e omileng e nang le monate bo bodila le monate wa calcium (Ca) le potassium (K).
Mmilo e sebediswa e le lehare ka dijo tse nowang le bakeng sa ho etsa veine. Ditholwana tse omisitsweng di ka bolokwa ka dinako tse ding tsa kgaello ya dijo, empa dihlahiswa le pente e nonneng e ka hlahiswang ho tsona. Botswana meriana e hlaha e fetoha lero le nang le vithamine C e nang le lero le phahameng.

Metso ya Mmilo e tlowaelehile e sebedisetswa ho phekola malaria le pneumonia. Ho phaella moo, ho kenngwa ha metso le makgasi ho ka tshwara mathata a ditlapedi, ho ya kgweding le mathata a uterine le ho opelwa ke leino. Ho tloswa ha makgasi a qhibidihisitsweng le makala a manyane ho thusa ho fodisa maoto a ho ruruha ho bana.

Mmilo ke mojaki ya fokolang, empa e lokiseditswe hantle bakeng sa dibaka tsa lehwatata le tsa lehwatata ho mocheso ho tloha ho 17 - 28℃. Ha ho bonolo ho hlahisa Mmilo ho tloha ho peo, empa ho jala peo ka Pudungwana ho na le boemo bo botle ba ho mela ho feta ho jala ka Phuptjane. Inela peo ka metsing pele oe lema. Tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho phatlalatsa mmilo ke ho jala di dikotulo.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.

Translated by Bongani Matabane