Temo ya Poone e Tswekere

© Roger DelaHarpe
Traditional maize

Ho Ata

Ho ata ha poone e tswekere ho tswa ho peo

Mokgwa wa ho Lema

Dipeo di lokela ho lengwa 4 cm ka botebo ho etsa bonnete ba hore mocheso o hodima mobu o ka fihla 16°C ho 20°C bakeng sa tswele pele ho mela e atlehang e le nakwana ka mora hore ho lema ho ka kgoneha. Ho bohlokwa ho lema ka mokgwa o tshwanang ka botebo ho netefatsa hore dimela di hola ka tsela e tshwanang. Sena se bohlokwa bakeng sa kotulo.

Ho lema ho etswa ka dimela tsa mechine ho etsa bonnete ba hore dimela dia tshwana. Metsing e menyane ya ho lema e ka etswa ka letsoho.

Ho Arolwa

Dimela tsa poone e tswekere di lokela ho arolwa ka dikarolo tse 20 ho isa ho tse 30 ka ka karohano e ka bang dikarolo tse 80 ho isa ho tse 100 ka thoko. Sena se lekanyetsa dimela tse pakeng tsa 40 000 le 60 000 ka hektare.

Nako ya ho Jala

Afrika Borwa jala peo ya poone ho tloha ka Phato ho ya ho Hlakubele kapa mathoasong a Mmesa dibakeng tse futhumetseng ka nako ya qetellong ya mariha ebile ho sena serame.

Nako ya ho Hola

Poone e tswekere e nka dibeke tse 10 ho isa ho tse 12 ho fihlella kotulo ho itokisa haeba boemo ba lehodimo bo futhumetse mme maemo a loketse. Haeba nako e ntseng e hola e na le mahlasedi a batang haholo, kotulo ya poone e ka dieha mme e ka hloka dibeke tse 14. Sethala sa dipalesa le sebopeho sa dikgahla tse ka hodimo ho semela se etsahala ka dibeke tse 6 ho isa ho tse 7 ho tloha ho temo le ho kotula dibekeng tse tharo ka mora moo.
Tlasa maemo a matle, dikgetho tse ncha di kgethilwe dibeke tse pakeng tsa 8 le tse 9 le bahlahisi ba bang ba kgonang ho ba le dijalo tse pedi ka selemo.

Ho Hlahisa Ditholwana

©Louise Brodie
The Sweet corn plant.

Ha o lema, sebedisa dikhilograma tse 800 ho ya ho 1000 tsa 2:3:2 (22) N: P: K motswako ka hektare. Sena se ka etswa ha ho behwa sebaka sa semela kapele pele o lema. Sena se matlafatsa mobu ka mefuta e meraro ya macronutrients ya nitrogen (N), Phosphate (P) le Potassium (K).

Dibeke tse tharo ka mora ho lema, ha dimela di iketsetsa, sebedisa di nitrojene tse eketsehileng ka 400 ho isa ho 500 Kg ya LAN ka hektare ho matlafatsa kgolo le ho matlafatsa semela.

Pele dipalesa di eba teng dibeke tse 6 ho isa ho tse 7 nakong ya ho hola, ho lokela ho sebediswa dikhilograma tse 400 ho isa ho tse 500 tsa 1:0:1 (29) kaha sena se fana ka chelete e lekaneng ya nitrojene bakeng sa kgolo le potassium bakeng sa tsebe e ntle ya poone le koro.

Ho Nosetsa

Nosetsa kapele ka mora ho lema peo ya poone e tswekere ho rarolla peo. O se ke wa nosetsa kaha sena se tla phophola mobu mme se sitise ho mela. Hang ha dimela di qadile ho hola mme metso e qala ho iketsetsa, eketsa metsi a nosetso ho pakeng tsa 25 le 35 mm ka beke ho pholletsa le nako ya ho hola. Hopola hore mobu o tletseng lehlabathe o tla potlakela ho phalla mme o ka hloka ho nosetswa kgafetsa ha mobu o ntse o tswela pele mme mobu o nang le letsopa le phahameng o ka hloka hore ho be le nako ya ho nosetsa kgafetsa nakong ya dijalo. O se ke wa nosetsa beke pele ho kotulo.
Kamehla hlahloba mongobo hangata mohlomong ka ho kenya mongobo methareng kapa ka letsoho ka sekgahla kapa augur.

Translated by Bongani Matabane