Temo ya Celery

© Louise Brodie

Ho Ata

Ho ata ho tswa ho peong ya celery.

Mokgwa wa ho Lema

Temo ya celery e ka etswa ka ho jala peo ka ho toba empa balemi ba bangata ba kgetha ho etsa dipeo le ho di lema. Peo ya di celery e nyenyane haholo hoo ho jala ka tsela e tshwanang ho thata haholo mme dipeo di hloka ho jalwa haholo ka hoo e ka bang 3 mm ho isa ho 4 mm. Ho lema ho etswa ka letsoho kapa mochine o sebetsang.

Ho Arolwa

Dimela di lokela ho arolwa ka 15 cm kapa 20 cm kahare ho mela e ka bang 30 cm ka ntle. Ho itshetlehile ka terekere le ho kenya tshebetso ya dikoloi, ditsela di tlameha ho sala ho mesebetsi ya matsoho le dikoloi bakeng sa ho fafatsa le bakeng sa mechine ya kotulo. Sena se na le dimela tsa celery tse ka bang 100 000 le 150 000 ka hektare ho itshetlehile ka boemo.

Nako ya ho Jala

Jala celery ka hara matlo a dipeipi ka Phupu le ho pepa peo ya semela sebakeng sa semela qetellong ya Phato. Dipeo tse nyane tsa celery ha dia lokela ho pepeswa ho serame sa morao kaha sena se ka bolaya dimela tse nyenyane. Hangata dipeo di loketse ho lengwa dibeke tse 6 ho isa ho tse 8 ho tloha ho jala.

Nako ya ho Lema

Nako e ntle ya ho lema dipeo tsa celery ke bohareng ba Lwetse ha serame se seholo se fela mme serame se fetile. Sena se ntse se tla fana ka nako e lekaneng ya ho kotula pele ho qala ho futhumala haholo.

Nako ya ho Hola

Celery e atisa ho nka dibeke tse pakeng tsa 12 le tse 16 ho tloha ha dipeo di lengwa masimong ho ya fihla ho kotulo. Haeba ho jala ka ho toba ho etswa jwale e tla ba dikgwedi tse nne pele dijalo di se di loketse kotulo.

Ho Hlahisa Ditholwana

Superphosphates e sebediswa mme e kenngwa ha mobu o qadile ho lema le ho lema dibeke tse 8 pele o lema. Bekeng ya ho qetela pele o lema, motswako wa Nitrojene le Potassium o ka sebediswa meleng ya dimela le disk e omeletseng mobung o ka hodimo ho 20 cm. Sena se ka ba ka 500 kg ho isa ho 750 kg ya 1:0:1 (36) mme sena se tla fa dipeo dimatlafatsi ho rarolla le ho matlafatsa ntshetsopele le kgolo ya kgwedi nakong ya kgwedi ya pele ya kgolo.

Dibeke tse nne ka mora hore le jale celery ho sebediswa ho eketsehileng ka 300 kg tsa 1:0:1 (36) ho ka sebedisoa hammoho le dimela. Kamora dibeke tse ding tse nne le dibeke tse nne pele ho kotulwa, kopo ya ho qetela ya 300 kg tsa 1:0:1 (36) e ka sebediswa haufi le semela sa celery. Ho nosetsa ho tlameha ho latela kapele ka mora hore kopo e sebediswe.

Disebedisuwa tsa manyoro di ka boela tsa tsamaiswa ka mekgwa ya ho itshireletsa ka fertigation ho ya ka ditlhahiso tse fanwang ke tlhahlobo ya mobu.

Ho Nosetsa

Nosetso e ka ba ka sebopeho se nang le difafatsi tse tsitsitseng, difafatsi tsa tsamaiso ya bohlokwa, microjet misters kapa tsamaiso ya ho rotha ka hodima mela kapa maemong a mang bakganni ba sekgukgu ka hara mela ya dimela.

Letsatsi pele o lema celery, sebedisa 20 mm tsa nosetso ho tlisa mobu tshimong le hang hang ka mora ho jala 10 mm ho rarolla dipeo tsa celery. Haeba peo e tobileng e etswa ka nako eo, etsa bonnete ba hore mobu o ka hodimo o bolokilwe o le mongobo ka dinako tse ding tse fokolang tsa nosetso ya karolo e tlase ho fihlela dimela di mela le ho mela. Ha dipeo di matlafala, dinako tse telele tsa nosetso di ka qala. Hang ha dimela di rarollwa, tlwaelo e ka ba 25 mm ho ya ho 35 mm ya nosetso ka beke. Ka lebaka la motswako o sa tebang wa celery, ho molemo ho nosetsa mobu ona ka dikopo tse pedi tsa nosetso ka beke.

Translated by Sebongile Sonopo