Temo ya Mokopu le Hubbard Squash

© Louise Brodie

Ho Ata

Ho ata ha mokopu le Hubbard squash ho tswa ho peo. Peo e thehwa ka lesobeng la ditholwana.

Mokgwa wa ho Lema

Ho lema ho etswa ka ho toba ho jala peo ya squash ka letsoho kapa ka dimela tsa mechine. Ho jala dipeo tse lokiseditsweng ka dipeipi tse nang le dijalo tse bodileng kapa dimela tse ding di boetse di ratwa kaha sena se lebisa dinakong tsa pele tsa kotulo. Peo e ka jalwa mme e mela pele ho yona tlasa sekwahelo kapa matlong a dimela tsa matlo nakong ya mariha ya Phupu le mathwasong a Phato.

Ho Arolwa

©Louise Brodie
Mefuta e meholo ya morara e lokela ho arolwa ka dikarolo tse 75 ho isa ho tse 100 kahare ho mela e ka bang 200cm ka ntle. Sena se pakeng tsa dimela tse 5 000 le 8 000 ka hektare. Mefuta ya dihlahla e ka arolwa ka 50cm ho isa ho 75cm kahare ho mela e ka bang ka 150 ho ya ho 200 cm ka ntle. Sena se pakeng tsa dimela tse 8 000 le 10 000 ka hektare.

Nako ya ho Jala

Ho jala peo ya mokopu kapa squash ka tlwaelo ho etswa ha mocheso wa mobu o qala ho eketseha nakong ya selemo. Sena se ka ba nako leha e le efe ho tloha bohareng ba Lwetse ho qala ho Mphalane.

Nako ya ho Lema

Ho lema ha mahlomela ke ha mocheso o qala ho eketseha, nako e le nngwe le ho lema peo. Sena ke bohareng ba Lwetse ho fihlela mathwasong a Mphalane.

Nako ya ho Hola

Hubbard squash e kotulwa hoo e ka bang dibeke tse 14 ho isa ho tse 16 ka mora hore peo e lengwe. Mekopu e hloka nako e telele mme hangata e loketse kotulo pakeng tsa dibeke tse 16 ho isa ho tse 18 ka mora hore peo e lengwe.

Ho Hlahisa Ditholwana

Hangata ho lekaneng hore e lengwe ka makgetlo a mabedi, hang ha e lengwa hape ka dibeke tse 6 ho isa ho tse 8 ka mora ho lengwa. Ha o lema, sebedisa motswako wa di macronutrients tse tharo tse kgolo, Nitrogen (N), Phosphate (P) le Potassium (K). Sena se ka ba sebopeho sa dikhilograma tse ka bang 750 tsa 2:3:4 (30) ka hektare e lenngweng ho mobu o ka hodimo ho 20 cm pele o lema mahlomela.

Ha dipeo tsa mokopu le Hubbard squash di jalwa ka ho toba kapa di lengwa ka tshebetso e tshwanang le e ka hodimo di ka sebediswa hang ka mora hore mahlomela a mele mme a bolelele ba disenthimithara tse hlano. Leka ho tsepamisa mohopolo ditshebetsong tsena ho ya ka semela se haufi le sebaka sa metso le hore o se ke wa fepa mofoka. Mofoka o lokela ho dula o laolwa nakong ya dibeke tsena tsa pele. Kopo ya bobedi ya dikhilograma tse 300 tsa LAN ka hektare e ka sebediswa dibeke tse 6 ho isa ho tse 8 ka mora ho lema.

Ho Nosetsa

Mongobo wa mobu o lokela ho behwa leihlo bonyane habedi ka beke. Sena se etswa ka letsoho ka kgarafu kapa sekhahla kapa ka ho beha methapo ya mongobo hohle tshimong. Matshwenyeho a metsi a kotsi haholo mme a ka fokotsa tlhahiso haholo.
Ka tlwaelo 30 mm ho ya ho 35 mm ya nosetso ka beke e tla lekana. Haeba mocheso o ntse o eketseha, lenaneo la ho nosetsa le hloka ho fetoha ka tsela e nepahetseng. Hangata metso e tsepamisitswe haufi le hodima metsi a nosetso a ka arolwang ka dikarolo tse pedi ka beke. Sena se na le tlhokomelo ka ho kgetheha mobung o lehlabathe le ha mocheso o phahame.

Translated by Bongani Matabane