Ka letsatsi le leng re ile ra nka qeto hore re kgathetse ke ho tshaba le hore re tlo dula moo. ‘Haeba ba batla hore bolaya, ha ba re bolaye’. Ra tjho. ‘Ha re etse ka mokgwa o mong. Re tlo dula.’ Nako e tlang le ha maponesa ka tla le dintja tsa bona, re tlo dula mona. Ba a botsa. ‘Ho etsahala eng?’ Ra araba, ‘Re rata ho dula mona.
Ha hona moo re yang hobane ha hona sebaka se seng seo re tla dula ho sona.’ Ba re siya moo. Ra ya ho basadi ba lebanta le letsho ho lo ba tsebisa. Kgetlong lena, ba re ‘holokile, ke botle’. Maponesa a nna a tla a tsamaya, hangata ngata.
Ka nako e nngwe ba re tshosa, ba tla haufi le rona ka dintja eka ba tlo di kenya ho rona hape. Empa re ne re ngannge le ho ba rohaka, re ba jwetsa hore ha hona moo re yang, mme ba tsamaya. Ha baka ba re thunya. Ha baka ba leka le ho re bolaya. Ba ne ba batla ho re tshosa le ho re leleka.
Ka letsatsi le leng moetapele wa ANC sebakeng sa Crossroad, Johnson Ngxobongwana, o ile a re bitsatsetsa bohle kopanong ho etsa moralo ka mathata a rona. A re, re lokela ho kopana kantle ho sekolo sa Uxolo, mme re hwate ho ya maponeseng ho lo ba tsebisa hore ha hona moo re yang.
Jwale ra tsamaya bohle, bana le batho bohle. Leo e ne e le letsatsi le lebe! Yoh, yoh, yoh! Re ne re kaba 500. Maponesa a ile a tla hape ka di vene tsa bona, dintja le dthunya. Re ne re bina Nkosi Sikelel’iAfrika kantle ho sekolo, re le 500 jwalo. Ba ile ba re tsebisa ka sebuwela hole hore re tsamaye. Ra re tjhehe. Mme ba tla ba tatile ho rona. ba re shapa ka diphafa le dithupa.
Mme ba ile kannete ba re shapa. Ba bang ba bana ba ne ba tjapalletse fatshe. Hao ne o rwetse dieta o ne o tla se siya morao. Bana ba ne ba tswile dikotsi, masea a mang a lemetse. Yoh, yoh, yoh! Letsatsi leo, e ne e le letsatsi le leholo. Boholo ba batho ba ne ba lemetse. Ke ne ke sa lemala. Ke ile ka matha. Ke ne kentse ke le monyane mme ke na le maoto.
Empa ha se batho bohle ba balehileng. Ba ile ba tshwara Ngxobongwana ba mo kenya veneng. Ba ile ba mo isa thoteng, moo ba ileng ba mo shapa. Ka mora moo ba mo kgutlisa ba mo siya sekolong. O ne a tswa madi, a sena tshepo, a robehile dikgopo le letsoho. O ne a sa kgone ho etsa letho ha a kgutla moo, o ne a robehile.
O ile a lokela ho ya sepetlele mme a dula nako e telele, mohlomong dikgwedi tse kang tharo. Ka mora nako eo ke ha a batla a lokile. O ile a tswelapele hoba moetapele wa rona. Ha maponesa a kgutla ba re fumana re dutse moo mmoho le yena.
Ka letsatsi le leng re hana ho tsamaya e ne e le ha moradi waka a qeta ho ba le lesea, ka 1978 kapa 1979. Leponesa Mr Basson o ile a tla hape mme a re bona re dutse moo lehlabatheng le tjhesang letsatsing mmoho le ngwana. A re ho nna, moholo, o duletseng moo? Hobaneng o sa ye lapeng?
Mme ka re, ‘Nkaya kae? Ha kena le hae le leng. A re, ‘O hlahetse kae?” Ka re, ‘Ke hlahetse Wynberg mme lona re re lelekile.” A re, O hlahetse Wynberg, Cape Town?’ Ka re, ‘Eya, mme lona le re lelekile’. Ha a ka a hlola a nkaraba.
O ile a tsamaya. E ne ele kgetlo la ho qetela a tla. Seo ke neng ke mo jwetsa sona e ne ele nnete. Ha kena bonnete ba hore hobang ba ile ba seke ba hlola ba etla hape, empa ba ile ba re tlohela mme ra beya mekhukhu ya rona ra dula.
Translated by Sebongile Sonopo