Dipale tsa bo Nkgono: Ba Phela, le ho Tlohela Balekane ba Hlekefetsang

Maloko a mabedi a bo nkgono ba Grandmother Against Poverty and Aids ba arolelana tsebo ya bona ka ho phela le banna ba hlekefetsang.

Beauty Skefile

©Eric Miller

Dikgwedi tse seng kae pele ke ile ka kopana le Victor, ke ne ke le 20, ha re nyalana. E ne e le lenyalo la mose o mosweu, setjhaba sohle se le teng, ka makgolo kgolo. Ho ne hole hotle haholo. Dilemo tse 10 tsa pele tsa lenyalo la rona re ne re na le tjhelete, re ne re thabile. Victor ne a rekela bana le nna diaparo, mme a re tshehetsa ka hohle hohle ka moo re hlokang. E ne eka dintho di ka dula dile jwalo ho ya hoile.

Empa o ile a tlohela mosebetsi, a batla ho kgutlela Qunu Eastern Cape, moo a tswang teng. Ke moo bothata bo ileng ba qala. Nakonyana dintho di ile tsa tsamaya hantle Qunu. Re ne re dula ka tlung ya rona e entsweng ka ditene ebile re lema tshumu ya rona poone le mokopu. Re ne re jala dijo tse ngata ebile re sa lape.

Empa Victor o ne a se a sa sebetse. Mohlomong ke ka hona a ileng a ba lekgatello ya maikutlo. Ke nako eo a ileng a qala ho mpetsa. O ne a tla a nwele e ne e re ha a mpona ke dutse moo le bana o tla buwa le nna hampe, ‘Dijo tsaka di kae?’ A qale a etse dikgohlang le nna, a mpotse dipotso a batla feela ho qala ntwa a qetelle a mpetsa.

O ile a nka qeto ya ho nyala mosadi wa bobedi, mosadi wa abuti wa hae a hlokahetseng. Ke moetlo wa MaXhosa ho etsa bonnete ba hore mohlolohadi le bana ba hlokomelehile. Empa ho nna e ne e le boima. Ha ke buwa, ke ya shapuwa. Ho ne ho se ho sena lerato lenyalong laka, ho se ho sena le bohlokwa ba ho dula Qunu. Ke ile ka paka diaparo tsaka ka bona ho le molemo ke lo sokola Cape Town, ntlong yaka ho feta moo.

Felicia Mfamana

©Eric Miller

Monna waka abutiwa Milton, ausi le mme bane ba ntoketse haholo, empa o ne a le botswa ebile a le makwebeta. O ne a fumana tjhelete ka ho lokisa matlo a batho ba bang, empa o ne a sena le ho mpha sente. Matsale waka o ne a tseba ka taba, empa o ne a sa edumelle. O ne a mpha dijo le tjhelete bakeng sa bana.

Ngwana ya moholo wa rona Nomanani a hlaha, ha tla Noxolo, Nkosi le Phumla, o ne a ntse a sa re etsetse letho. O ne a nwa haholo, ebile a tla bosiu hae, a re ise hodimo le fatshe a botsa ka makoko, ‘Le etsang ha le robetse? Dijo tsaka di kae?’ Kgetlo la pele ha a ne a qala ho mpeya letsoho, e ne e le ha Noxolo , ngwana wa rona wa bobedi e le lesea.

Ka mora dilemo tse robong ke ile ka mo tlohela. O ne a tsamaya letsheare le bosiu bohle, mahareng a bosiu, jwalo ka mehla o fihla a kokote. ‘Ke lapile. Dijo tsaka di kae?’ A di batla ka nkane. ‘Ha hona dijo hobane ha wa mpha tjhelete ya ho reka dijo,’ ke nna eo. ‘O seke wa mpolella maka. O rekisa dipompong o nale tjhelete,’ ke yena eo. ‘Tjhelete eo ke ya ho fepabana,’ ke ya arabela. ‘Ha se tjhelete ya hao.’ O ile a qala ho mpetsa mme a se emise.

O ile a mpetsa sefahlehong ka wa mme ha ke le fatshe, a nraha. ‘Ke tla o bolaya,’ a hweleditse. Ausi waka Neliswa o ne a dula le rona. o ile a qala ho lla le ho omana, a leka ho kena dipakeng a mo sututsa. ‘Tjhehe, bolaya nna pele,’ a omana. Bolaya nna pele o bolaya ngwaneso.’ Bahaisane ba ile ba utlwa lerata ba phalla.

‘Emisa! Ke mosadi wa hao enwa! ‘ a omana, a tlosa Milton hodimaka. O ile a bitsa maponesa. Ha ba kaba ba tla, empa Milton botaweng ba hae o ne a se a thotse a le fatshe. Letsatsi le hlahlamang ka tsamaya.

Translated by Sebongile Sonopo