Dipaletsa bo Nkgono – ‘Ho Arohana le bana ba rona’

Leloko la Grandmothers Against Poverty and Aids ba arolelana ka moo ho ya mosebetsing ho ileng ha ba arohanya le bana ba bona ka teng, le ka moo ba ileng ba ikutlwa ka teng ka mora nako e tetele.

Beauty Skefile

©Eric Miller

Ha ke fihla Cape Town ke ile ka fumana mosebetsi ho Mrs Dodson, mosadi ya lokileng wa Green Point. Dilemo tse robedi ke ne sebetsa ke robala mosebetsing. Bana baka ba ne ba dula Gugulethu mme ke ne ke ba bona mafelong a beke. Mosadi eo ba neng ba dula le yena o ne a ba tshwere hantle mme ke kgotsofetse hore ba moo.

Empa Mrs Dodson o ile a ya mose mme ka lahehelwa ke mosebetsi. Ke ne ke sena tjhelete ya ho fa mosadi ya neng a nhlokomella bana, ke ile ka ba isa Transkei, ho ntate waka. Le ha e ne e le ntate, o ne a hlokomela bana ba bahlano a le mong, o ne a ba loketse haholo. O ne a ba tlohela le ha ba sa batle ho lo hlokomela mehlape haholo ha ho bata.

O ne a ba loketse ruri. Empa ka 1972, dilemo tse kabang robedi ka mora moo, ke ile ka lata bana baka. Ke ne ke se ke ba hopotse haholo mme ke batla hoba le bona. Ke ile ka ba tlisa kaofela Cape Town.

Felicia Mfamana

©Eric Miller

Ke ne kele 39 ke so be mosebeletsi wa malapeng hohang, empa ke ne kena le bana ba bahlano bao ke lokelang ho ba tshehetsa. Ho ne ho sena kgetho hakalo. Ke ne ke le haufi le ausi waka Neliswa. Monna wa hae o ne a sebetsa Cape Town, empa o ile a ithaopa ho hlokomela bana baka mmoho le ba hae ba bane. ‘Ke bana ba ngwaneso,’ o a hlalosa.

‘Ke nnete ke tla ba hlokomela.’ Ba keke ba lapa. Ba tla fumana dijo tshimung le lebese la dikgomo, mme ke etsa moralo wa ho romela tjhelete ho patalla diaparo tsa sekolo, dibuka le ntho tsohle tseo ba di hlokang. E ne e le maikutlo a bohloko, ho palama bese ke siya bana baka morao, ke mang ya tsebang hore e tloba nako e kae.

Tenjiwe Tutu

©Eric Miller

Bana baka ba ne ba le kae ha ke robala mosebetsing? Ha o ka mpotsa seo o tlisa mathata a maholo. Motho ya neng a hlokomela bana baka o ne a sa ba lokela ho hang. E ne ele bokgopo hore re seke ra kgona hoba le bana ba rona, mme jwale ha ba hantle, ke nahana ke hore ke hobane ha ba holela haufi le rona.

Ke ile ka nka mora waka ya moholo ho lo dula le motho e mong Gugulethu. Ha ke ya moo mafelong a mang a beke, mosadi eo o ne a lokile a mpha sa honwa le selae sa borotho. Empa ha ngwanaka ya nang le dilemo tse pedi kapa tse tharo, a tla ho nkopa borotho a re, ‘Tjhehe o jele haholo’. Ke ne ke bona hore ngwana o kopa e le kannete. Ke ne ke utlwile bohloko haholo pelong yaka.

Ke bohloko haholo, hore bana ba hole kantle ho bo mme ba bona. Ke ile ka leka ho nka bana baka ho isa ho motswala hodimo naheng, empa e ne ese mohopolo o lokileng hobane Mrs Truter o ile a fumana thelegramo e reng ke ba late pele ho dibeke tse pedi. Ke ne ke sa tsebe ke etseng ka bona, hobane kene ke hloka ho tswela pele ka mosebetsi.

Mrs Turter o ile a re ke tsamaye ke lo fumana hore ke etsa jwang ka bana, mmeke nke nako yaka ho sheba hore ke mang ya ka ba lokelang. ‘Batho bao ke ba sebeleditseng ba ne ba re utlwetse bohloko. Ba re ha molao o ne o fapane, kapa e bang ho ne ho ya ka bona, ba ne ba tla mpha sebaka sa ho dula le bana baka. Empa ka lebaka la molao ba ne ba sena ho kona.

Translated by Sebongile Sonopo