Boiphihlelo ba Kgethollo – Teko ho Tlosa ka Sheshe

Beauty Skefile wa Khayelitsha o hopola dikgohlang le maponesa, le ho baleha dintja tsa bona nakong ya teko ya hotloswa ho ka sheshe mateanong a ditsela, Cape Town, ka bo 1980.

Mokhukhu Mateanong Ditsela

©Eric Miller

Ka mora dilemo, nna le ba leloko laka re ile ra ya Crossroad ho aha mokhukhu. Crossroad ha jwale ke sebaka sa baipehi se seholo haholo, empa re ba bang ba leloko la pele la ho aha moo, e ne ele thota e kgolo e otlolohileng. Nako tseo di ne dile boima haholo. Dilemo lemo ha ke tsebe tse kae, mohlomong tse tsheletseng, mohlomong tse robedi, re phetse ka hara seile e tshwerweng ke dithupa ho ya hodimo.

Empa re ne re lokelaho e pata ka mehla, mme re ne re dula re ya hodimo le tlaase hobane maponesa a ne a dula a tla a re fumana. Ba ne ba sa rebatle moo Crossroad. Ba ne bare Cape Town ke ya makgowa feela mme ha re ya dumellwa ho beya mekhukhu ya rona moo. Ba ne ba leka ho re leleka ka dinako tsohle.

Hoseng ho hong le ho hong re ne re lokela ho diya mokhukhu pele maponesa a fihla. Mme re pate tsohle tseo e leng tsa rona ka tlasa majwe. Hona e ne ele ho thibela maponesa ho re a se re senyetse tsohle. Thapama ha ba tsamaya re tla qala fatshe re ahe mekhukhu hape. Re ile ra etsa sena dilemo tse nne kaofela, hobane ebang maponesa a ne a ka fumana mekhukhu ya rona, ba ne ba senya tsohle ba di tshele le santa.

Ka nako eo re ne re lokela hoisa ntlo ya rona sebakeng se seng, hobane maponesa a ne a tla kgutla. Ba tla le ka dintja. Ka nako e nngwe ba ne ba tla motsheare, ka nako e nngwe ba motsheare wa mantsibuya mme ka nako nngwe ba tla bosiu, boholo ba bona ha nngwe letsatsing.

Maponesa a Futuha Bosiu

©Eric Miller

Ha maponesa a tla bosiu, ka nako tse ding re tsotse re ya baleha, jwalo feela, hobane dintja di ne di re lelekisa. Re ne re lokela ho tsowa feela re tsamaye, kapa dintja di tla re loma. Ka letsatsi le leng ke ile ka wa mme ba shapa leotong laka. Ke ne halefile haholo, mme ke lla.dintja tsa ntoma ka makgetlo a mabedi.

Re ne re sa tsebe hore re entse eng, ba ne ba sa batle ho refa sebaka sa ho dula, ba lelekisa feela ka dintja. Re ne re utlwa ha ba tla, ka di saerine tsa bona ‘wee, wee, wee’. Motho wa pele ya utlwileng o etsa lerata “dikgubebadu” ba ya tla! E ne e le tlhokomediso ho rona, batho ba batsho ha re hlokomedisa ba bang.

Tshitiso ya Maponesa

©Eric Miller

Ka letsatsi le leng banna ba maponesa ba 5 kapa 6, ka nako e nngwe ba 20 kapa ho feta. Ra ba bona ka lehlakoreng le leng,ra baleha, empa ba ne ba tswa ka tsela e nngwe. Ra baleha hape, athe ha ba ka lehlakoreng leo. Monna wa leponesa ya ikarabellang o ne a le molelele ka moriri o motsho le sefahleho se telele, o ne a bitswa Mr Basson.

Re tsebile Mr Basson enwa, hobane o ne a tla ka nako tsohle, a re rohake a be a re etsetse lerata. Re ne re motshaba haholo. Kgetlo la pele ha a tla ke ne ke robetse. Ke ile ka utlwa lerata le leholo kantle mme batho ba omana ba kgenne. Ha ke tswela kantle, ka bona batho ba bangata ba kguthumetsa Mr Basson. Empa maponesa a kgutla, ba le bangata, ba diya mekhukhu ya rona ka dikgofukgofu. Ba ne ba na le matla a fetang a rona, ka dintja tsa bona, dithunya le metjhini

. Dintja di ne di tshosa haholo ho feta dithunya, hobane dintja di ne di re lelekisa ebile di re loma. Ka mora nako ba ile ba re tlohela. Ba ne ba leka ho re tshosa. Ha ba qeta ba re lahlela kaofela ka hara lori e kgolo ya mmuso. Ba ne ba re topella ka hara yona. Re ne re sena nako ya ho nka eng kapa eng. Lori ya tsamaya ho ya kantle ho Stellebosch, mme mokganni a emisa ho tshela peterole

. Re ne rele ka morao re binela hodimo. Ha lori e ema ra otla lemati ka lerata. ‘Le batla eng?’ Monna a botsa ‘Re batla ho lokollwa’ ke rona bao. O ile a re lokolla mme ra matha ho kgutlela Crossroad kaofela ha rona. ha re kgutla, ntho tsa rona di ne dintse dile teng.

Mosadi wa Lebanta le Letsho

©Eric Miller

Lebanta le letsho le sefapano se sefubedu di re thusitse haholo. Ka dinako tsohle ha maponesa diya mekhukhu ya rona kapa e tjha, RedCross o ne a tlatla le sopho ledijo tse ding bakeng sa rona. mme mosadi wa lebanta le letsho o tle le sebuwela hole hore re etse kopano.kopanong re tla ba jwetsa tsohle tse re etsahallang.

A ye ho bo radipolotiki ho ba botsa hore na hobaneng ba tlohela maponesa ho diya mekhukhu ya rona, hobane ha rena sebaka se seng. Mme mosadi wa lebanta le letsho o tla kgutlela ho rona hore tsebisa hore o itseng ho bona. Ka mora hore maponesa a re tlohelle nakwana. Basadi bao ba ne ba re lwanela, mme re ile ra bona hore dintho dimpe, empa e seng hakalo.

Re ile ra hlokomela hore ha se makgowa ohle a tshwanang. Ba bang ba lokile ba bang ha ba loka hobane ha ba batle ho bona motho e motsho pela bona.

Translated by Sebongile Sonopo