Dipale tsa bo nkgono – tsebo ya kgethollo

Tenjiwe Tutu o arolelana tsebo ya hae ka hoba mosebeletsi wa malapeng nakong ya kgethollo, ho baleha maponesa le ho phonyoha tjhanklaneka lesobana la nale.

Ho baleha maponesa

©Eric Miller

Ke ile ka sebeletsa mosadi e mong Plumstead ka mora nako ka sebeletsa moradi wa hae, Mrs Truter wa seterarteng sa Kloof Cape town. Mrs Truter o ile a mpolella hore ha motho a kokota monyako, ke lokela ho sheba ka lesoba la lemati, mme ha e le maponesa ke seke ka arabela.

Mohlomong bahaisane ba ne ba tseba hore ho nale ngwanana ka moo ya senang pasa, hobane ba ne ba kokota ha lekgolo. Empa ha nka ka bula lemati. Ba ne ba tla nthola, hobane ke ne ke ena le lesoba le lemating. Ha ke ne ke bona koloi e kgolo kantle hake sheba fesetere, ke ne ke ipotsa hore na ke mang le hore na o nshebile na.

Haeba ne ke kgona ho tswa katlung, ne nka kgona ho tswa ke etse metswalle. Empa ke ne ke kwalletswe, ke ne ke tshwarwa ke bodutu. Ke ne ke sa thaba.

Feela ka nako e nngwe ho ne ho le monate hobane ke ne ke sebetsa ke fumana tjhelete ya ho fepa bana baka. Ke ne ke robala mosebetsing. Ho robala mosebetsing ho ne ho lokile, ha o sa robale ho ne ho le hobe, hobane ho ne ho le kotsi. Ho ne ho ena le kgoneho ya hore o keke wa fihla mosebetsing letsatsi le latelang.

Ho ipata Hostele

©Eric Miller

Ka letsatsi le leng maponesa a batla a re tshwara, re ne rele 6 kapa 7. Ha re tswa ka seteishene sa terene sa Gugulethu, ho ne ho ena le vene ka pela ho rona. maponesa a ile a re ka feseter, ‘Emang moo lehlahise dipasa tsa lona’. Ke ne kele ka pele sehlopheng. Leponesa la tswa ka lehlakoreng le leng la vene.

Ha a tswa ka nahana, ‘Hobaneng ke lokela ho kgutlela hape mokoting oo? Ke ne ke sena ho ba dumella ba mphumane.’ke ile kaya venenge e kare kelo kena monyakong o bulehileng ka morao mme batho ba pelaka ba ntsheha hobane ba ne ba nahana hore ke lo palama ka kgetho yaka ho ikusa tjhankaneng. Empa moo ke leng haufi le vene, ke ile ka matha jwalo ka letolo.

Ba bang ba latela ba baleha le bona. Ha ke tsebe ba ile kae, empa nna ke ile ka balehela haufi khoneng moo honang le hostele ya konkreieti, mme ba ntumella ke kena. Ba ne ba ena le dibethe tse kgutswane tsa konkreiti, ho ne ho ena le sebakanyana ka tlase moo ba neng ba paka diaparo tsa bona ka hare ho boto.

Ba ile ba mpata ka pele sebakeng seo mme e mong a dula hodima hodima bethe. Maponesa a kena. Ba ne ba bifile ebile ba sa buwe hantle, jwalo ka tlwaelo. Ba omana, ‘Re bontsheng moo a leng teng.’ Banna ba re, ‘Hahona motho mona.

Ha re ya bona motho.’ Maponesa a qala ho sheba sheba. Ke ne ke utlwa lerata le neng le etsuwa ke dirifi tsa bona fatshe, mme ka tseba hore e hlile ba sehlopha. Empa ha baka ba nthola, hobane ha baka ba nahana ho sheba ka tlasa boto eo.

Translated by Sebongile Sonopo