Dikarolo tse ngata tsa semela sa mmoane, Cannabis sativa, di loketse ho sebedisetswa diphoofolo. Peo, mahlaku le makumane a oli ya peo ya mmoane di fepuwa diphoofolo, feela boholo ba tshebediso bo ntse bo le boemong ba dipatlisiso.
Jwalokaha ho boletswe ke ‘Setshwantsho sa molao sa Temo’ (kapa Agricultural Improvement Act) se phatlaladitsweng ka 2018, US e hlalosa mmoane wa indasteri o loketseng ho sebedisetswa diphoofolo e le o nang le THC e tayang e sa feteng 0.3%. European Union, boemo ba THC dimeleng tse ommeng ha bo a lokela ho feta 0.2% hore cannabis e nkwe e le ‘mmoane’ - Matekwane a na le boemo ba THC ba 15% - 40%.
Mekgahlelo ena ya mmoane e molaong mme ha se ya tshebetso ya mmele, ka ha mefuta ya matekwane le mmoane e ka kopana.
Dipatlisiso tse nyane di entswe ka mmoane e le dijo bakeng sa diphoofolo tse ruilweng. Le ha ho le jwalo, ho tlalehilwe ha mahlaku a mmoane a fepjwa dikolobe le diphoofolo tse ding mahaeng a China.
Thuto ya University of Kentucky e USA e fumane hore tlhahiso ya dimela tsa mmoane, haholoholo mahlaku, e ya ka bolelele ba nako ya temo le letsatsi la ho lema; ho jala hamorao ho baka ho hola ka potlako le mahlaku a mmalwa. Thuto ena e sisinya hore boleng ba mmoane e le dijo tsa diphoofolo bakeng sa diphoofolo tse ruilweng bo ho dikateng tsa phepo ya peo ya mmoane, haholo ha tlhahiso ya mahlaku e lekanyeditswe.
Mmoane o ka sebetswa ho ba furu; boleng ba mmoane o fepang bo fumanwe bo tshwana le ba lesere. Mahlaku a mmoane a sebediswa e le moalo o monyang bakeng sa diphoofolo. Ha matlakala ona - dijo tsa peo ya mmoane - a salang ha oli e qeta ho tlhotlwa peong, a ka sebediswa e le dijo tsa diphoofolo.
Ka ho tlhotlwa ha oli peong ya mmoane, ho ba le masalla a makumane a peo. Protheini ya tlhaho e hodimo ya makumane a peo ya mmoane e ka etsa dijo tsa mmoane ho nka sebaka phepong ya diphoofolo tsa hae le tse ruilweng. Dijo tsa mmoane di na le protheini, tshepe, magnesium le manganese hammoho le boemo bo phahameng ba ditlheferetsi hammoho le amino acid tsa bohlokwa.
Dipeo tsa mmoane di sebediswa haholo e le peo e jewang ke dinonyana le metswakong ya peo. Hape e sebediswa ho tjheha tlhapi ya kurupane. Bakeng sa ho tshwasa dihlapi, peo ya mmoane e inelwa metsing mme e phehwe ho fihlela e qala ho petsoha. Ebe ho qhatswa oli ya peo ya mmoane hanyane ebe mmoane o sebedisetswa ho tjheha dihlapi.
Ka Pherekgong 2019, dinaha tse 40 tsa USA di ne di ntse di dumellwa ho ithuta ka bokgoni ba mmoane e le dijo tsa diphoofolo. Mmoane o tla fepuwa e le dijo tsa peo ya mmoane tse tutsweng, dithollo kapa oli ya mmoane e le sejo sa tlatsetso.
Le ha molao wa Ntlafatso wa Temo wa dinaha tsa Amerika o ekeditse tlhahiso e molaong ya mmoane le ha e lekanyeditswe ditsi tse phahameng tsa thuto le mafapha a mmuso, molao ha o tshetlehe tshebediso ya mmoane e le sejo sa tlatsetso. Ka mantswe ao, tshebediso ya mmoane dijong tsa diphoofolo e ntse e sa dumellwa.
Ka Lwetse 2019 ho ile ha tlalehwa ha Bonngwe ba Phepo ya Mmoane (Hemp Feed Coalition) e dinaheng tsa Amerika e sebetsa mmoho le FDA-Center ya bongaka ba diphoofolo ho bula mebaraka e metjha bakeng sa tshebediso ya mmoane e le sejo sa tlatsetso dijong tsa diphoofolo.
Ka 2008, yunivesithi ya Sweden e ile ya bapisa makumane a peo ya mmoane (kamora ho tlhotlwa ha oli ho batang) le dijo tsa soya e le dijo tsa protheini dijong tsa manamane. Sephetho se ile sa supa kgolo e tshwanang empa tshilo e ntlafetse ka makumane a peo ya mmoane.
Ditekong tsa Canada ka 1998, mmoane o ile wa boela wa lekwa dinkung e le ho nkela canola e sebeditsweng ka motjheso sebaka ka ho fihlela ho 20% ya dijo tse ommeng ntle le kgahlamelo e kotsi phepong kapa tshebedisong ya dimatlafatsi.
Dithuto tse ileng tsa phatlalatswa ka 2012 ho Poultry Science, di ile tsa tlaleha hore ha dithole di ne di fepjwa dijo tse nang le 20% ya peo ya mmoane, mahe a tsona a ne a le boima ebile a na le maemo a hodimonyana a di-esiti tsa omega-3.
Translated by Maletsatsi Sejake