SQLSTATE[HY000]: General error: 144 Table './aatc/tiger_page_view' is marked as crashed and last (automatic?) repair failedDi Menghu Afrika Borwa

Di Menghu Afrika Borwa

© Westfalia Fruit

Di menghu di ka lengwa maemong a lehodimo a fapaneng ho tloha dibakeng tse chesang tse mongobo ho isa ho omileng. Bongata ba di menghu tsa Afrika Borwa di tswa sebakeng sa Hoedspruit Profinseng ya Limpopo. Leha menghu e se e jetswe Afrika Borwa ka makgolo a dilemo, masimong a menghu a se a thehilwe Profinseng ya Western Cape feela lekgolong lena la bo21 la dilemo. Sena se thusitse ho hodisa nako ya menghu ho isa bofelong ba Motshehanong kaha Western Cape e tsejwa ka dinako tsa yona tsa ditholwana tsa morao-rao ha ho bapiswa le diprofinse tse ding tse behang ditholwana tse kang Kapa Leboya.

Di menghu di fumaneha nakong ya lehlabula Afrika Borwa, e qalang ka Pudungwana le tlhoro ya Pherekgong le Hlakola. Nako ya Menghu e qala ka mofuta o mofubdu wa letlalo la Tommy Atkins mme o fela ka Keitt ya letlalo le botala. Mmala wa letlalo hase sesupo sa hore o butswitse. Ho nopa pheletso ya kutu ya menghu e tla ba sesupo se hlakileng sa hore na e butswitse. Menghu o butsoitseng o tla ba le monko o monate.

Karolo ena e mabapi le menghu o shebisisa tlhahiso ya di menghu, mekgwa ya temo, ho sebetsana le tshebediso ya di menghu le takatso ya ho kgothaletsa tshebediso le ho lema tholwana ena e phetseng hantle ebile e fetoha.

Translated by Sebongile Sonopo

Ho Kotula le Botswisa Dimango

Dimangu tshimu e mamellang phetapheto e leng ho bolelang hore tshimo eo e fapana ka boholo ho tloha selemong ho ho se seng....more

Menghu oka Jalwa Jwang

Menghu ke sejalo se fapaneng se ka hlahisang kotulo e kgolo selemong se le seng, se fokotsa chai ya sona ka 25% selemong se tlang....more

Bajadi ba Dimenghu

Bakeng sa sehwai sa menghu, ho kgetha mofuta wa menghu ho lema ho tla ipapisa le maemo a kang a lehodimo, nakong ya ho butswa...more

Tlhahiso ya Menghu

Menghu ke e nngwe ya ditholwana tse atileng ka ho fetisisa lefatsheng tse nang le tlhahiso e lebisitsweng Asia, haholo India le China....more

Menghu

Menghu (Mangifera indica L.) ke tholwana ya naha ya India, Pakistan le Philippines....more

Tshebediso ya Menghu

Semela sa menghu sa Afrika Borwa se sebetswa haholo hore e be di menghu tse omisitsweng, di atchar le lero....more