Menghu oka Jalwa Jwang

© Louise Brodie

Menghu ke sejalo se fapaneng se ka hlahisang kotulo e kgolo selemong se le seng, se fokotsa chai ya sona ka 25% selemong se tlang. Difate di nka dilemo tse tharo ho isa ho tse nne ho qala ho beha ditholwana mme ho latela sebaka seo di ka se nkang dilemo tse robedi. Sena ke nnete haholo bakeng sa sebaka sa Hoedspruit seterekeng sa Limpopo, ha Clanwilliam e ka nka dilemo tse 12 ho hola ho fihlela e le motho e moholo le matla a felletseng a tlhahiso.

Boemo ba Lehodimo le Loketseng Dimenghu

Difate tsa menghu di kgona ho mamella maemo a lehodimo a fapaneng - ho tloha ho cheseng le mongobo ho fihlela ho lehodimo le batang le le omelletseng. Ka hona, e ka lengwang sebakeng se pharaletseng Afrika Borwa. Mocheso o tlisang katleho tlasa maemo aka holang ka tlasa boleng ba 5°C ho isa ho 45°C, empa bolepi ba letsatsi le letsatsi bo lokela ho ba dipakeng tsa 27°C ho isa ho 36°C. 

Menghu di ka mamella mongobo hammoho le maemo a moya a omileng empa mongobo o lokela ho ba ka tlase ho 55% ho tloha ka Mphalane ho fihlela ditholwana di kotulwa ho tlowa kgweding ya Tshitwe ho fihlela ka Hlakubele.

Di menghu di sebetsa hantle dibakeng tse ommeng nakong ya selemo ho isa mathwasong a lehlabula kaha dipalesa le ditholwana tse ntseng di hola di ameha haholo ho mafu a ntho tse bodileng a holang tlasa maemo a mongobo.

Kgetha dibaka tse sireleditsweng ke moya kapa dijalo tsa moya tse haufi le dijalo tsa menghu. Phefo e baka matshidiso le matshwao a ho hahaba mme e ka baka ho theoha ha ditholwana. Ho tlotswa ha letlalo ka lebaka la tshenyo ya moya ho ka lebisa tshwaetsong ya ntho tse bodileng le baktheria. Thibela tshenyo ya moya ka ho lema ditshireletso tsa moya le dihlahla tsa ditholwana tse sekameng ka mokgwa wa moya o hlahelletseng.

Ho Lema Dimenghu

Kgetha dimela tse matla ho tswa ditsing tse tsebahalang haholo. Lekola makgasi le dipalesa, di-internode, mekgatlo ya bonngwe hammoho le motswako wa mobu le tsamaiso ya methapo ya sefate.

Tlhahlobo e phethahetseng ya mobu pele o lema e tla bontsha hore na ke dimatlafatsi dife tse sa lekaneng kapa tse ngata haholo. Sena se ka fetolwa nakong ya ho lokisa mobu pele o lema hape le nakong ya nako ya ho hola ho latela dipatlisiso tsa foliar.

Di menghu di lokela ho lengwa qetellong ya nako ya mariha le ya dipula - Phato ho isa ho Lwetse di molemo ka ho fetisisa. Ho lema sebaka ho ipapisitse le kgolo ya semela mme e ka ba bolelele ba 12 x 12 m ho isa ho 2,5 x 2,5 m ka dijalo tsa menghu tse telele haholo.

Kamora ho lema, di menghu di ntshetsa pele metso e matla e ka holang ho fihla ho 6 m ka botebo.

Difate tsa menghu di hola le ho hlahisa hantle mefuta e fapaneng ya mobu empa mobu o motle wa ho jala kapa santa (e nang le letsopa la 15 ho isa ho 25%) e loketse. Mobu o nang le di karolo tse kopaneng o lokela ho qojwa le mobu o ka lebisang maemong a metsi. PH ya 6 - 7.2 e nepahetse.

Mekgwa ya Tsamaiso ya Menghu

Ho ipapisitse le botebo ba temo, mofuta ya temo le tsamaiso, mekgwa ya taolo e kenyelletsa diketso tse jwalo ka manyolo, ho nosetsa, ho poma, tshireletso ya dijalo le tse ding. Dintlha tse mmalwa di boletswe ka tlase. Keletso e qaqileng haholwanyane e ka fumanwa ka ho ikopanya le dihlopha tsa boithuto ba mahlale le ho tswa ho baeletsi ba temo.

Difate tsa menghu tse nang le di palesa ka tekanyo ya matsatsi a 28. Le ha difate tsa menghu di ikatisa mme di tsamaiswa ke moya kapa dikokonyana, Lekgotla la dipatlisiso tsa Temo (ARC) le kgothaletsa peo ya dinotsi tsa sefate sa menghu dibakeng tse tharo ho isa ho tse 15.

Difate tsa menghu di kgaolwa ka mora kotulo mme di-panicles tsohle (makala a kgutshwane 'a tshwereng dimenghu) a kgaolwa. Ho itukisetsa ho 'bula difate' bakeng sa ho kenella hantle ha kganya ya letsatsi bohareng ba sefate le ho tlosa lehong la kgale ho kgothaletsa kgolo e ncha.

Manyolo, ho latela mobu le tlhahlobo ya makgasi, hangata e etswa ka mora kotulo.

Ho sireletsa menghu ho mafu a kang anthracnose le dintsintsi tsa ditholwana ho etswa hantle ho latela lenaneo le kopanetsweng la dikokonyana. Dikhemikhale tse sebediswang tlhahiso ya menghu di tlameha ho ngodiswa mme ho bohlokwa ho latela diprotheine tse amanang le masala a phallo ya dijalo le dithibelo tsa mmaraka.

Le ha difate tsa menghu di mamella komello, ho nosetsa ho ntlafatsa tlhahiso ya ditholoana le boholo ba ditholwana. Mofuta wa lenaneo la ho nosetso le nosetso le ipapisitse le dintlha tse kang mofuta wa mobu, mokgwa wa taolo le maemo a lehodimo, mme o buisanwa hantle le setsebi sa ho nosetso. Ho nosetsa hanyane ka hanyane le ka marothodi ho sebediswa Afrika Borwa.

Dikokwana-Hloko le Maloetse a Menghu

Anthracnose ke bokudi bo atileng haholo kamora ho kotula bo amang dijalo tsohle tsa menghu mme bo ka bonwa jwalo ka matheba a sootho le a matsho makaleng. Di menghu ha di na ho ameha hanyane dibakeng tse futhumetseng moo di holang ka pele le moo e sa aneheng difate nako yohle ya sehla sa pula.

Dikokwana hloko tse nang le matheba a matsho le nang le tshwaetso ya lefu puleng le ka phekolwang ka senyanyatsi sa koporo. E bonahala jwalo ka diso tse nkwang ke metsi ka ditholwana. Phofo ya hlobo ke lefu la dintho tse bodileng le bonojwang e le makgasi a phofo a masweu ho letlobo, makgasi, dipalesa kapa ditholwana.

Dikokonyana tsa menghu di kenyelletsa dikokonyana tse fofang ditholwaneng, menghu weevil le tip wilter, e leng disenyi tse dulang difateng tse nyane.

Translated by Sebongile Sonopo