Ho Kotula le Botswisa Dimango

©Westfalia Fruit

Dimangu tshimu e mamellang phetapheto e leng ho bolelang hore tshimo eo e fapana ka boholo ho tloha selemong ho ho se seng. Serapa sa dipalesa se laolehang, jwalo ka manyolo se ka fokotsa diphapang tsa serapa. Le ha hole jwalo ho kaba le pehetoho ya 25% ho ya ho 30% ya tlhahiso dipakeng tsa kotulo tse ka lebellwang.

Tlahiso ya Dimango

Tlhahiso ya ditone bakeng sa hektara (boholo ba tsona ka bobedi kantle kapa ka hare ho selemo) mme ho nka dilemo tse tharo, kotulo ya mangu, sebekeng sa difate serapeng, teko ya taolo (jwalo ka manyolo) le disosa tse ding.

Tlhahiso e kgolo kotulo e kenyelletsa ditone tse 30 tsa Keitt, nako ya pele ya Tommy Atkins. Maikutlo le Jua, ditone tse 20/ha le Keitt e ka hlahisang ditone/ha tse 15.

Dimango di Kotulwa Jwang

Dimangu di phuthwa ka letsoho, ho fihla makgetlong a mane sehleng sa kotulo. Tholwana ya pele e kotutsweng nakong e bitswang nako ya kgolo e tala ha e ya lokelwa ho fapantshwa le le tse butswitseng. Dimangu tse hodileng di tla butswa ka mora ho puthwa mme ho rekwa nako bakeng sa ho tlhokomelo le ho aba tholwana.

Tse tiileng di ka bonwa ka tjhate ya mmala bakeng sa tholwana tse iswang kantle, mohlala ka ho sheba mmala o fetohelang ho o mosehla fatshe mengung wa Sensation le Jua. Disosa tse ding tse jwalo ka sebopeho, dilensisi le mekotjana e potapotileng kutu di ka thusa ho fumana ho loka ha semela ho mokotududi. Ditlhahlobo tse tlwaelehileng serapeng di nako e nepahetseng ya ho kotula. 

Kutu ya mangu e ntsha lebese le sekoding le ka bakang tshenyo ya ho tjha letlalong la mangu. Tshebetso e nngwe e sebedisa kgokahano e ikgethileng kapa hlobo ho dumella lebese ho rotha, ba bang ba kgetha ho hlatswa tholwana kamora ho kotula ka mokgwa o ikgethileng ho thibela lebese le tjhesang.

Nako e kgothalletswang ha ho kotulwa tholwana e hodileng ke 9:00 ho ya ho 15:00 ho fokotsa phalo ya lebese, empa sena ha se etsahale kamehla.

Tshwaro ya Dimango Kamora Kotulo

Dimangu di hlophiswa serapeng ho ya ka dihlopha tsa 1 ho isa 3. Tholwana ya sehlopha sa 3, haholo, se arolwa ho tlowa phomolong ka lebaka la letlalo la lona senyehang, e leng se bakwang ke dinonyana, moya kapa di nyane haholo kapa di kgolo. Ditholwana tsena di etsa lero (tse nyane) kapa di ya shwa (tse kgolo).

Ditholwana tsa sehlopha sa 1 le 2 di hlophiswa ka ho pakwa ka setshireletsong ho ya boholo ba tsona, sebopeho, tjhebahalo ya letlalo le tshenyeho mme di pakwa ka mabokoseng a 2kg kapa 4kg.

Anthracnose le qetello ya kutu e bodileng ke mafu a mabedi a hlokolosi a etsahalang ka mora kotulo ya tholwana ya mango mme metsi a futhumetseng ke taolo e sebediswang bakeng sa dikokwanahloko tholwaneng. Taolo ya metso a uthumetseng ha e sebediswe dikarolong tsohle tsa Afrika Borwa hobane dikarolo tse ding ha dina dikokwanahloko tsena haholo. Nakong ya taolo ya metsi a futhumetseng, ditholwana tse tala tse hodileng di kenngwa ka hara metsi a tjhesa bakeng sa metsotso e 5 ho ia ho e 47. Ka mofuthu ona, dikokwanahloko tse bakang motsotso wa thabo e feteletseng e ya bolawa ntle le ho utlwisa tholwana bohloko.

Ho Butwa ha Dimango

Dimango ke ditholwana tsa hlatheng. Sena se bolela hore di tla butswa kamorao ho kotulo. Dimango di ka kotulwa ha di se di hodile empa di ntse di tiile mme di kgona ho ka emela tsamaiso le ho tshwarwa tshwarwa kgafetsa ha e ntse e tswela pele ho butswa. Jwalo ka tholwana ya hlatheng, ho butswa ha mango ho kabakwa le ho laolwa ka taolo kgase e sa bonahaleng.

Ho butswa ha mango ho etsahala maemong a lehodimo a 10 ho isa 30°C. Mmala ho hola hantle ka 16°C, ha tatso e hola hantle ka 27°C.

Boloka mango ka maemong a lehodimo a phaposi bakeng sa ho butswa kapa o o phuthele ka mokotla wa pampiri matsatsi a mabedi. Ha e phodile e keke ya butswa, le ha hole jwalo, ha ha o butswa, mango o ka bewa sehatsetsing ka leqweng bakeng sa dikgwedi tse tsheletseng.

Dimango ts tala (tse sa butswang) di etsa atjha, di jowa ka nama e batang, kheri kapa setjhu, ho kotula kapa ho sebediswa ho etsa salate, e tswakwa le ditlama le dinoko le asene.

Translated by Sebongile Sonopo