Tlhahiso ya Menghu

© Westfalia Fruit

Menghu ke e nngwe ya ditholwana tse atileng ka ho fetisisa lefatsheng tse nang le tlhahiso e lebisitsweng Asia, haholo India le China. Afrika Borwa, tlhahiso ya di menghu di qadile dibakeng tse profinseng ya Limpopo empa ya hola ho kenyeletsa tlhahiso ya morao-rao sebakeng se omileng se chesang sa Clanwilliam Kapa Bophirima.

Dibaka tsa Tlhahiso ya Menghu Afrika Borwa

Dimenghu tsa Afrika Borwa di lengwa haholo dikarolong tse ka leboya-bochabela tsa naha. Masimo a menghu a Limpopo a fumaneha Letamong la Soutpansberg, Leboya, Kapa Leboya, Hoedspruit hammoho le dibaka tsa Trichardsdal le Ofcolaco.

Masimo a Menghu a Mpumalanga a fumaneha dibakeng tsa Komatipoort le Onderberg tsa Malelane. Di menghu le tsona di lengwa Profinseng ya KwaZulu-Natal mme dihekthara tse 100 di lenngwe sebakeng se ommeng sa Clanwilliam Kapa Bophirima. Di menghu tsena tsa Kapa Bophirimela di hodisa nako ya menhu ya Afrika Borwa ho isa bofelong ba sehla Motsheanong.

Nako ya Sehla sa Menghu Afrika Borwa

Menghu ke tholwana tsa lehlabula mme ho fumaneha ho qala hwetla ka Pudungwana profinseng ya Limpopo ho potoloha Malelane ka mefuta ya Tommy Atkins. Sebaka sa Hoedspruit se Limpopo ke sebaka sa tlhahiso ya mantlha ka kotulo e qalang bohareng ba Mphalane ebe e phethela ho fihlela mafelong a Hlakubele. Clanwilliam e Kapa Bophirima ke sebaka sa tlhahiso sa morao-rao se nang le nako ya menghu ho qala bohareng ba Mphalane le ho phethela ho isa pheletsong ya Motsheanong le molemi wa morao-rao Keitt.

Tlhahiso ya Menghu Lefatsheng

©US National Mango Board

Menghu di hlahiswa dinaheng tse fetang 90 empa 80% ya tlhahiso ya lefatshe e tswa ho bahlahisi ba ka sehloohong ba leshome. Bahlahisi ba menghu ba hodimo ke India, China, Thailand, Pakistan, Mexico, Indonesia, Brazil, Philippines, Bangladesh le Nigeria. India ke yona e hlahisang dimmapa ka 40% e latelwe ke China ka 11%.

Dipalo-palo di bontshitse hore India e tsamaisitse di menghu tse fetang 49 000 ka 2017/18 empa tlhahiso ya menghu India ka 2019 e hakantsoe e ka lekanyetsa 70% tlase ka lebaka la maemo a lehodimo a batang nakong ya dipalesa ka Pherekhong. Le ha USA e se molemi ya ka hodimo, e ne e le moetapele ho ntshetsopele mefuteng e mecha ya kgwebo ya menghu mme ke yona e kenang ka ho fetisisa ka palo e kgolo ya di menghu lefatsheng.

Dipalopalo tsa Tlhahiso ya Menghu

Menghu o tletse ka mabokoseng a 4kg bakeng sa mmaraka wa kantle ho naha mme a romelwa hangata. Dikgahla tse nyane di tsamaiswa ka sefofane ho ya India, e leng mmaraka o mocha wa kantle ho naha ya Afrika Borwa.

Bonyane 37% ya tlhahiso ya menghu ya Afrika Borwa e rekiswa sebakeng sa heno e le ditholwana tse jang tse ncha ebe tse 16% di sebedisetswa lero. Mmaraka wa atchar o monya tse ding tse 28,5% ya menghu e tala naheng ya Afrika Borwa, ha 10% e sebedisetswa ho omiswa. Ke 6% feela ya tlhahiso ya menghu Afrika Borwa e ileng ya romellwa ka ntle ho naha nakong ya sehla sa selemo sa 2018/19.

Ka selemo sa 2018/19, thepa e romelwang bohareng ba leboya e bile karolo ya 53% ya menghu e rometsweng kantle ho naha ya Afrika Borwa. Dihlahiswa tse tswang naheng ya Afrika (haholo-holo Botswana le Ghana) di ikarabella bakeng sa 17% le Russia mme Netherland enngwe le e nngwe e natefelwa ke 6% ya thepa e romellwang ka ntle ho naha naheng ya Afrika Borwa.

Afrika Borwa ha e tsamaisi palo e kgolo ya menghu kantle. Dihlahiswa di tswa haholo Mozambique ka 68% le Zimbabwe.

Translated by Sebongile Sonopo