Maemo Yholwana ya Matswallwa Thusang Mmele Itlhwekisa

© Louise Brodie
Tlhahiso e thahasellisang hlahloba ditholwana tse leshome tsa matswallwa a Afrika Borwa bakeng sa mosebetsi wa tsona o thusang mmele ho itlhwekisa le ho bapisa diphello ka hematite le cranberry.
Phofu e thusang mmele ho itlhwekisa e ne e tswa hodimo ho ya tlaase: palesa ya naha, mohloaare wa naheng, Cape sumach, hematite, Christmas berry, cross berry, waterberry, cranberry, tortoise berry, bietou, num-num, sour sour.
Hematite e ruile ka tse thusang mmele ho itlhwekisa le cranberry e nang le tse thusang mmele ho itlhwekisa di thehilwe ho la 5 le la 9, ka ho latellana.
Ho ile ha bontshwa hore ka ho ja e ka ba 25g ya perekisi ya naha, waterberry, num num kapa sour fig e ka e matlafatsa letsatsi le leng le le leng la ho thusa mmele ho itlhwekisa. Ka tlwaelo ditholwana tsena kaofela di jewa ke batho ba mahaeng Afrika Borwa.
Dintho tse thusang mmele ho itlhwekisa di ruisa mmele ka ho senya le ho tlosa diphetoho tse kgolo tsa mahala mading. Ho eketsa dintho tse thusang mmele ho itlhwekisa dijong tsa hao ho ka sireletsa mmele kgahlanong le mathata a pelo, mahlo le mohopolo hammoho le mathata a mehopolo le ho fokotsa kotsi ya tshwaetso.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.

Translated by Bongani Matabane