Ho Lema Sage

Ho Jala

©Louise Brodie

Sage e jalwa ho qalwa peong empa e ka boela ya atiswa ka ho lema dikutu tsa yona tse kutuweng kapa ka ho hlahlamanya. Ho lema ka peo ho nka nako e telele mme dimela di ka qetella di sa tshwane kapa hona ho lekana. Ho molemo ho jala peo mekekeng kahara matlo a polokelo ya dimela hore ho hlahe sethopo se tshwanang ha se se jetswe. 

Ho lema le ho hlahisa dikutu tsa sage ho hloka dimela tsa bolelele ba 20 cm ho tloha dintlheng tse sa tswa kguwa mme ho tloswe mahlaku a tlase kutung,e kenngwe kahara metsi mme moo ho tlositsweng mahlaku ho be ho tebisitswe metsing. Hang ha o se o na le palo e hlokahalang ya dikutu, lokisa moo o lo jala teng. Hangata sena ke motswako wa lehlabathe le mobu o etseditsweng ho lema kahara mokotlana o jallang wa 500 ml. Qopetsa dintlha tse kolobileng tsa semela kahara motswako wa lero la dimela mme o jale mobung oo o o lokiseditseng ho jala. Kamora dibeke tse mmalwa, dimela di tla be di na le metso mme ha sethopo sa sage se hola hantle, se a jalwa. 

Mokgwa Wa Ho Jala

Ho lengwa ha sage ke balemi ba kgwebo, ho etswa haholo ka ho jala sethopo se hlahisitsweng ka matlong a polokelo ya dimela. Peo ya Sage e jalwa mekekeng e menyane ya sethopo, botebo ba 8 ho ya ho 10 mm. Hang ha peo e se e metse mme sethopo se se se tiile, dimela di ka jalwa masimong. Hang ha dirapana di se di thehilwe, ke mokgwa o motle wa ho seha dimela ho etsa dikutu tse tla jalwa hamorao, ho etsetsa ha dimela di ka lahleha mme ho etswe dikgeo meleng e pakeng tsa dimela. 

Sebaka

Semela sa Sage se atisa ho hola ho ba sebopeho se kgidikwe se ka bang 650 mm ka bolelele le bophara bo pakeng tsa 500 le 600 mm. Ha o lema, ho lokela ho ba le sebaka sa 30 cm pakeng tsa dithopo, ka mela e arohaneng ka 50 cm ho ya ho 60 cm. Sena ke setsi sa dimela tse ka bang 50 000 ho ya ho 60 000 ka hektara. Ho ya ka mefuta ya makoloi le mekgwa ya kotulo, ditselana tsa ho laola le moo trekere e tlang ho tsamaya teng, di a betlwa bakeng sa taolo le kotulo. 

Nako Ya Ho Lema

Jala peo kahara mekeke e menyane ya peo, tikolohong e sireleditsweng kapa matlong a polokelo ya dimela ka kgwedi ya Phupjane naheng ya Afrika Borwa mme e be mathwasong a nako ya selemo, sethopo sa sage se tla be se matlafetse ho lekaneng hore se ka jalwa masimong.

Nako Ya Ho Jala

Nako e ntle ea ho lema sethopo sa sage ke mathwasong a selemo. Naheng ya Afrika Borwa, ke ha ho fela Phato ho ya mathwasong ya Lwetse. Ebang hwetla ho futhumetse ka ho lekaneng, ho ka jalwa ha feela dimela di ka phutholoha mme di hola di le matla pele mariha a kena.

Nako Ya Kgolo

Dibeke tse tsheletseng ho isa ho tse leshome kahara ntlo ya polokelo ya dimela, sethopo sa sage se lokela ho ba matla ho ka kgona ho jalwa botjha masimong. Bahlahisi ba bang ba qala ho kotula ho tloha dikgwedi tse nne ho tloha nakong ya ho lengwa botjha ha sethopo. Ho lokela ho hlokomelwa hore ho se kotulwe ho tlola tekanyo selemong sa pele ka ha hona ho ka fokodisa semela sa sage. Kotulo e feletseng, e tla qala lehlabuleng la selemo sa bobedi. Dimela tsa sage di ka kotulwa ho fihlela dilemong tse 6 kapa ho feta ebang di tshwerwe hantle. Ho tloha selemong sa bobedi, dimela di faolwa 10 cm ka hodima mobu mathwasong a nako ya selemo. 

Ho Nontsha

Pele ho jalwa, ho lokela ho be ho rometswe mobu o monyane o emetseng mobu wa ho jala laboratoring ho lo etswa ditlhahlobo. Sena se tla hlaola mofuta wa mobu hammoho le ditlhoko tsa dimatlafatsi tse hlokehang hore semela sa sage se phele hantle. 

Kgothaletso e latelang e ka sebediswa e le lenaneo le tlwaelehileng: Sethathong, ho ka sebediswa 300 kg ya 2:3:4 (31) mme ya kenyeletswa mobung o ka hodimo wa botebo ba 20 cm pele ho jalwa. Sena se tla thusa hore sethopo se be le qalo e ntle ya kgolo le hore se ikemele. 

Dikgweding tse 12 tsa pele, ho bohlokwa ho boloka dimela di ntse di hola mme ho ka eketswa ka 300 kg ya 2:3:4 (31) pela mela ya dimela, ka Tshitwe kapa Pherekgong kamora kotulo. Keletso ya bohlokwa ke hore ho nontshwe mobu kamora kotulo e nngwe le e nngwe.

Ho bohlokwa haholo hore ho se nontshwe mobu haholo ka nitrogen hobane sena se fokotsa monko le di-oli mahlakung.

Ho Nosetsa

Le hoja semela sa sage se nkwa e le semela se thata, se bolokang metsi, ha se ntho e ntle ho se bolaisa komello ka ho se se nosetse ka tekanyo le ho sitisa kgolo hammoho le tlhahiso ya sona kapa ho se nosetsa ho tlola tekanyo, hoo ho ka bakang mafu a metso. Ka lebaka leo, ho molemo ho kenya disebediswa tse lekanyang mongobo le ho nna ho hlahlojwa mongobo o mobung. 

Ho ya ka mefuta ya mobu le boemo ba lehodimo, mefuta e mengata ya ho nosetsa e tla fapana ho ya ka masimo. Palo-hare e lokileng ke e pakeng tsa 20 le 30 mm ka beke nakong ya dikgwedi tse futhumetseng tsa lehlabula le ho fokotsa nakong ya dikgwedi tse phodileng kapa tsa dipula tsa selemo. Jwaloka ditlama tse ding tse nang le oli, leka hore o se nosetse nako e etsang beke pele ho kotulo. Ho bohlokwa ho dumella mobu hore o tlhotlehe metsi ho feta le metsong le hore mobu o ka hodimo, haholo 5 cm e ka hodimo, e be e omme pele o ka nosetsa. 

Translated by Maletsatsi Sejake