Sage Ka Kakaretso

© Louise Brodie

Sage e tswa Borwa ba Yuropa le dinaha tsa Mediterranean Asia. Ho na le mefuta e ka bang sekete le dimela tsa Salvia kapa dimela tsa sage. Bakeng sa tlhahiso ya kgwebo, ho na le mefuta e mmedi e ka sehloohong e hlahiswang kapa e kotulwang mme hangata e tswakuwe ka boomo kapa ka kotsi ka lebaka la ho tshwana ha yona.

Lebitso la Saense: Salvia officinalis
Lebitso le tlwaelehileng: Sage e Tlwaelehileng kapa Sage ya Dalmatian
Ka lebaka la ho tuma ha yona ka baka la monko wa yona o matla le makgabane a oli ya teng, setlama sena se a lengwa. 
Le 
Lebitso la Saense: Salvia Triloba
Lebitso le Tlwaelehileng: Sage ya Mediterranean kapa Sage e hlaha
Di lengwa haholo-holo Yuropa mme di holela naheng moo.

Tlhaloso Ya Semela

Semela sa Sage se thata ebile se ka hola hoo e ka bang bolelele ba 700 mm. Semela ke sehlahla se dulang se le setala ka mmala, se nang le mahlaku a bothokwa bo botala bo nang le ho benya. Sage e thunya dipalesa tse botala ba lehodimo, perese le tse tshweu.

Tshebediso

Sage, boemong bo botjha le bo omisitsweng, e sebediswa dijong tse ngata le bakeng sa ho noka kapa ho eketsa tatso. Tshebediso e nngwe ke ya tlhahiso ya oli ya bohlokwa. Mahlaku a yona a na le mafura a boleng bo phahameng ka ho fetisisa mme ka bobedi sage e omisitsweng le di-oli, di sebediswa haholo indastering ya nama e fetotsweng sebopeho e le ho eketsa tatso le ho boloka dijo nako e telele. E sebedisetswa ho thibela ho bola ha dijo mme e boetse e sebediswa ke indasteri ya dibano e le ho leleka dikokonyana tse kgathatsang. 

Sage e na le mesebetsi e mengata e fapaneng ho tsa bophelo hape e kgona le ho phekola matshwao a mafu a sefuba le mokgohlane, mohlala: mmetso le feberu. Teye ya Sage e hlaloswa e thoba le mahlaba a bakwang ke feberu.

Ditlhoko Tsa Mobu Le Ditokisetso

Sage e hola hantle mobung o lehlabathe, o batlang o le letsopa mme o hlokang pH e pakeng tsa 5 le 8 empa e hola hantle ka ho fetisisa ka pH e pakeng tsa 6.5 le 7. 

Pele mobu o lokisetswa ho jala, ho tla nkwa mobu o monyane o tlang ho sebedisetswa ho jala, mme o romelwe laboratori bakeng sa ditlhahlobo le keletso ka tsa dimatlafatsi.

Mobu o lokela ho qhalakanngwa ho etsa boemo ba oona o be ho 600 mm ho netefatsa hore metsi a kena hantle dipakeng. Kalaka e tlang ho theola pH ya mobu hammoho le monontsha kapa manyolo, di lokela ho tshelwa botebo bo 400 mm mobu o ka hodimo nako e ka etsang dibeke tse 4 ho ya ho tse 5 pele ho jalwa. Matsatsing a ho qetela pele o lema, eketsa dimatlafatsi le manyolo a boemong bo botle mobung mme o sebedise trekere e phetholang mobu ho 20 cm e ka hodimo ya mobu wa ho jala. Hona ho hlaola lehola leo e ka bang le metse. Haeba metjha e se e entswe pakeng tsa mela ya dijalo, ho hlaolwa ho etswa ka yona nako ena mme ditutudu tsa ho lema di se di le malala-a-laotswe bakeng sa ho ka jala.

Boemo Ba Leholimo

Sage ke semela se thata, se dulang se le setala mme se holela boemong bo ommeng ebile bo le mahareng ba lehodimo, ebile se holela pakeng tsa 20°C le 30°C. E boetse e kgona ho mamella serame mme le mariheng a sa bateng haholo e kgona ho phela. Le ha ho le jwalo, serame se bolaya semela sena ntle le haeba se sireleditswe. 

Mefuta Ya Dimela

Ho na le mefuta e mmedi e ka sehloohong ya Sage e fumanwang kgwebong, Sage e tlwaelehileng le Sage ya Mediterranean.

Dijalo tse atisang ho lengwa ho ka sebediswa ke batho ke: Alba, Albiflora, Aurea, Berggarten, Extrakta, Icterina, Lavandulaefolia, Purpurascens, Purpurea le Tricolor.

Translated by Maletsatsi Sejake