Taolo Ya Tlhahiso Ya Sage

© Louise Brodie

Tlhahiso - Ditone Hektara Ka Nngwe Ka Selemo

Palo e tlase
Fresh: Ditone tse 6
Dry: Tone e 1
Oil: Dilitara tse 50 to 60

Palo-hare
Fresh: Ditone tse 8
Dry: Ditone tse 3
Oil: Dilitara tse 80 to 100

Tjhai e ntle
Fresh: Ditone tse 12+
Dry: Ditone tse 4+
Oil: Dilitara tse 150+

Kotulo

©Louise Brodie

Kotulo ya tshebetso ya tsa kgwebo ya sage e etswa ka motjhini ka ho qothwa 20 cm ya dintlha ya makala. Dibakeng tse nnyane tsa tlhahiso le kahara matlo a polokelo ya dimela, ho kotulwa ka letsoho ho sebediswa thipa e bohale kapa sekere. Ho kotulwa ha dintlha tse ntjha ho ka qala dibeke tse 12 kamora hoba sethopo se be teng kapa ho kutwe dikarolo tse seng di hodile tsa semela. Kotulo e lokela ho etsahala pele semela se etsa dithunthung hobane ke ka nako ena moo boemo ba oli tsa bohlokwa di phahameng ka yona. 

Dihlahiswa tse ntjha: Qala ho kotula mahlaku hoseng haholo ha motjheso o sa le tlase ha ho ntse o phodile empa phoka e mahlakung e se e omme. Kgaola dintlha disentimitara tse 20 sebakeng sa kgolo. 

Dihlahiswa tse omisitsweng: Bakeng sa tlhahiso e omisitsweng ya sage, ho kgaolwa ho ka qalwa hang ha ho na le mahlaku a lekaneng a ka kotulwang. Boholo ba kgolo ya dimela bo fokotswa pele dithunthung di ba teng. Mahlaku a arolwa le dithupana tsa semela ebe a a omiswa ka metjhini e omisang ya moya ka di-grata tse 40°C.

Tlhahiso ya oli ya bohlokwa: Oli ya bohlokwa ya boemo bo hodimo ka ho fetisisa e hlahiswa ka ka mahlaku a semela sa sage ka ho sebedisa mokgwa wa ho tlhotla ka ho etsa phofud.

Poloko

Dihlahiswa tse ntjha: Kamora kotulo, boloka sage e ntjha pakeng tsa 1 le 2°C. Sage e ka bolokwa ka dibeke tse ka bang 2. Mongobo o loketseng ho bolokwa ha sage ke o fetang 95%. Sage e qala ho lahlehelwa ke tatso ya yona ha mafura a sebopeho sa yona a sa tsitsang hang kamora kotulo, kahoo ho molemo ho rekisa le ho sebedisa sage e sa tswa kotulwa ka potlako.

Tlhahiso ya tse omisitsweng: Mahlaku a omisitsweng a kenngwa kahara dijana tse sa keneleng moya hang-hang ho boloka mmala le tatso ya oona. A lokela ho bolokwa moo ho phodileng ka di-grata tsa 10°C hole le kganya ya letsatsi. Sage e omisitsweng e ka nna ya bolokwa sehatsetsing se hwamisang kahara ditshelo tse sa keneleng moya.

Oli ya bohlokwa: O ka boloka oli ya bohlokwa e ka dibotlolwaneng sebakeng se lefifi, se ommeng ebile se phodile nako e etsang selemo ho ya dikgweding tse 18 kamora hore oli e tshelwe dibotlolong.

Tshireletso Ya Dijalo

Mofoka ke bothata mme o lokela ho behwa leihlo le ho hlaolwa ka motjhini,ka letsoho kapa ka meriana e bolayang mofoka ebile o hlaolwa selemo ho pota. Mokgwa o motle wa ho lwantsha mofoka ke ho kwahela dimela ka plastiki kapa ka ho kwahela ka ntho tse tshwanang le mahlaku kapa makgapetla kapa mafoforetsane a patsi. Dimela tse phahameng di thusa ho kwahela fatshe mme ka tsela eo, di thibela mofoka hore o mele. Ho phetholwa ha mobu o potapotileng semela, ho ntlafatsa ho mela ha mofoka mme hona ho lokela ho fokotswa.

Sage, jwaloka boholo ba ditlama tse nang le monko o bohale, e na le dikokwanahloko le mafu a dimela mme ho bohlokwa ho latela metjha e nepahetseng ho sireletsa dijalo jwalokaha ho laetswe ke mohokahanyi wa tsa temo kapa setsibi ka tsa mobu. 

Hangata barekisi ba dikhemikhale ba lehae, ba na le mananeo a nepahetseng kapa ba fane ka lesedi jwaloka baeletsi ba hlwahlwa ka bohaufinyana sebakeng sa tlhahiso. 

Tse ding tsa dikokonyana tse bakang kgathatso hammoho le mafu a dimela ke tsena: 

Dikokonyana

Hoaba, lefu le lobokanyang semela la metso (Crown gall), Scale, Sekgo se bitswang Spider mite, Thrips le Tshintshi e tshweu (White fly) ke tse ding tsa dikokonyana tse senyang.

Mafu

Ho bola ka baka la baktheria, mathebatheba a mahlaku, Hlobo e phofo, Ho bola ha metso le Mafome.

Translated by Maletsatsi Sejake