Ho Jalwa Ha Nareda

© Louise Brodie

Katiso

Katiso ya nareda e etswa ka peo empa ka nako tse ding hona ho baka bothata ba ho netefatsa sethopo seo e leng sa sebele. Ho molemo ho atisa Nareda e hlahisetswang kgwebo ka ho jala dikutu tse kgaotsweng tse tswang mehloding e tshepahalang. Ho hlahlamanya kapa ho arohanya semela se seng se tiile le ho se jala, le hona ho ntse ho etswa empa ha mosebetsi o se mongata.

Mokgwa Wa Ho Jala

Ho jalwa ha nareda ke balemi ba kgwebo tse kgolo, ke ntho e etswang kgafetsa, ka ho jala sethopo se hlahisitsweng dikutung tse hlahisitsweng matlong a polokelo ya dimela. Hona ho fa molemi monyetla o motle wa ho laola boleng le ho tshwana ha dimela. Dimela tsa nareda di jalwa ka letsoho kapa ka motjhini.

Sebaka Pakeng Tsa Dimela

Dimela di lokela ho fuwa sebaka sa 50 cm dipakeng, meleng e arohaneng ka 100 cm ho ya ho 120 cm, mme hona ho ya ka mofuta wa semela kapa wa motjhini o sebediswang. Sena se bolela hore ke setsi sa dimela tse 16 000 ho ya ho tse 20 000 ka hektara. Ditselana tsa ho tsamaya ha trekere le kotulo di a betlwa.

Nako Ya Ho Jala

Nako e phethahetseng ya ho jala nareda ke hwetla, ka mantswe a mang, Afrika Borwa e tla ba ha kgwedi ya Tlhakubele e ya ho feleng kapa mathwasong a kgwedi ya Mmesa ho netefatsa hore sethopo se hola hantle pele ho mariha mme le hore ha selemo se thwasa, dimela di be di tiile, di hodile. 

Peo ya nareda e ka jalwa mekekeng ya dimela tikolohong e sireleditsweng kapa matlong a polokelo ya dimela ka kgwedi ya Phupjane mme mathwasong a selemo, sethopo se lokela hore se be se tiile hore se ka jalwa masimong. Hangata sethopo se matlafetse kamora dibeke tse robedi peo e jetswe. 

Sethopo se ka nna sa jalwa mathwasong a selemo. Afrika Borwa teng e ka ba mathwasong a Lwetse hang ha serame se matla sa ho qetela se fetile.

Nako Ya Kgolo

Dibeke tse leshome le metso e mmedi ka tlung ya polokelo ya dimela, ke nako e lekaneng hore ho ka hlahiswa sethopo se tiileng se metseng dikutung tse seng di loketse ho jalwa masimong. Boholo ba bahlahisi ba qala ho kotula nareda selemong sa bobedi kapa ka lehlabula. Ka nako tse ding ebang ho jalwa ka hwetla, ho ka ba le kgonahalo ya kotulo lehlabuleng la pele.

Ho tloha selemong sa bobedi, ho ka kotulwa lekgetlo la bobedi pele ho lehwetla. Selemo sa bobedi sa kotulo se tla ba le tjhai e ntle, e ngata. Dimela tsa nareda di ka kotulwa dilemo tse 10 ho ya ho tse 12 ebang di hlokometswe hantle. Dimela tsa nareda jwalo ka ditlama tse ding, di a omella le ho nyebella ha di tsofala mme ho lokelwa ho elwe hloko hore di se ke tsa utlwiswa bohloko ka ha semela se ka shwa.

Ho Nontsha

Hlokomela hore o se nontshe nareda ho tlola tekanyo. 

Pele ho jalwa, ho lokela ho be ho rometswe mobu o monyane o emetseng mobu wa ho jala laboratoring ho lo etswa ditlhahlobo. Sena se tla hlaola mofuta wa mobu hammoho le ditlhoko tsa dimatlafatsi tse hlokehang bakeng sa semela seo. 

Bakeng sa tataiso e akaretsang, kgothaletso e latelang e ka sebediswa ebang mobu o sa iswa ditlhahlobong: Sethathong, ho ka sebediswa 250 kg ya 3:1:5 mme ya kenyeletswa mobung o ka hodimo wa botebo ba 20 cm pele ho jalwa sethopo sa nareda. Sena se tla thusa hore sethopo se be le qalo e ntle ya kgolo le hore se ikemele. 

Dikgweding tse 12 tsa pele, ho bohlokwa ho boloka dimela di ntse di hola mme ho ka eketswa ka 200 kg ya 3:1:5 pela mela ya dimela, kgetlo la pele ka Pudungwana le leng ka Tlhakubele. Hang ha kotulo e qala, o eletswa hore o se tiise letsoho ha o nontsha mobu kamora ho kotulwa ho hong le ho hong. Ha ho nosetswa ha rothe, ho ka tshelwa monontsha wa mokedikedi ka metsi ao a nosetsang.

Ho Nosetsa

Semela sa nareda ke semela se batlang se le thata mme ha se hloke metsi a mangata. Ebang se jalwa ntle le mokgwa wa ho nosetswa ka nako tsohle, pula e nang ka 800 mm selemo ho pota, e tla lekana. 

Ho kenya disebediswa tsa ho nosetsa hwa ka nako tsohle, ho eketsa tjhai moo ho se nang pula e nang kgafetsa haholo dikgweding tsa lehlabula. Ho nosetsa ka rothe ho molemo haholo empa ho hlokomelwe hore ho se nosetswe ho tlola tekanyo hobane hona ho ka baka mafu a ho bola ha metso mme ho ka fokotsa le boleng ba di-oli tse kgethehileng. 

Ho ya ka mefuta ya mobu le boemo ba lehodimo, sekgahla sa ho nosetsa se tla fapana ho ya ka masimo. Palo-hare e ntle ke e pakeng tsa 15 le 20 mm ka beke, dikgweding tsa lehlabula le ho fokotsa kapa hona ho emisa ho nosetsa dikgweding tse batang kapa tsa dipula. O se ke wa nosetsa beke pele ho kotulo, empa o nosetse hang kamora kotulo ho kgutlisa mongobo mobung e le ho fokotsa tshotleho ya dimela. Keletso ya bohlokwa ke ho kenya disebediswa tse lekanyang mongobo e le ho hlahloba mobu.

Taolo Ya Mofoka

Ho laolwa ha mofoka masimong ke ntho ya bohlokwa. Ho ka hlaolwa ka letsoho kapa ka motjhine. Hona ho ka etswa hape ka ho sireletsa dimela ka tsela ya plastiki e kwahela mobu kapa mafoforetsane a patsi ho thibela ho mela ha mofoka. Dimela tse boima tse nosetswang ka rothe, di lokile ho ka kwahela mobu le ho fokotsa ho mela ha mofoka. Ebang balemi ba itlhotlela oli ya bona ka mokgwa wa phofudi, ditshila tsa ho tlhotla hoo di ka sebediswa ditselaneng tse pakeng tsa dimela ho sireletsa mobu le ho thibela ho mela ha mofoka.

Translated by Maletsatsi Sejake