Tlhahiso ya Plum

Nalane

Tshimoloho ya plum e ka latellwa ka mekga e mmedi; plum ya Yuropa e tlwaelehileng, e simolohileng pela mawatle a Black le Caspian, hammoho le plum ya Japan, e somolohileng China. Hangata di-plum tsa Japan di kgubedu, di kgolwanyane le ho ba le lero le lengata ho feta di-plum tsa Yuropa, tseo tsona di leng mmala o perese kapa o batlang o le bolou, mme di boetse di ka ba tala kapa tshehla ka mmala. Di-plum tsa Yuropa di motopo ka sebopeho, ha di-plum tsa Japan di le tjhitja ebile di le motsu ka fatshe. 

Ho MaChaena, di-plum di supa lehlohonolo mme le dipale di bolela ha morutehi wa filosofi wa kgale e leng Lao Tze, a ile a hlahela ka tlasa sefate sa plum. Bukeng ya nalane ya China, Legends of Three Kingdoms, e mong wa bahlabani ba tummeng, Cao Cao, o ile a susumetsa masole a hae ho qoba kotsi, ka ho ba jwetsa hore ho na le sefate sa di-plum tse lero le lengata tse ba emetseng pele.

Tlhahiso ya Afrika Borwa

Di-plum di ile tsa tliswa Afrika Borwa ke Jan van Riebeeck, molaodi wa bokoloneale wa Dutch, ya ileng a bua ka tholwana ena ka bukeng ya hae ya mabaka ka 11 Mphalane 1656.

Harry Pickstone, eo a nkwang e le ntate wa indasteri ya ditholwana ya Afrika Borwa, o ile a tlisa kahare ho naha mefuta e mmalwa ya Japan ho tswa California ka 1896, mme ka 1907 tholwana ya pele ya mofuta wa Afrika Borwa e ile ya sibollwa KwaZulu-Natal. 

Mefuta e ileng ya tliswa naheng ena ha e ka ba ya hola hantle tlasa maemo a tlhahiso a Afrika Borwa, e leng se ileng sa baka hore ho be le mananeo a diphuputso le ntshetsopele, haholo a kgannwa ke Agricultural Research Centre mme haholoholo, Infruitec Nietvoorbi. Ha dilemo di ntse di feta, ARC e ile ya ntlafatsa ditekanyetso le mefuta e metjha, eo e meng ya yona e ntseng e hlokeha haholo le kajeno, e loketseng maemo a lehodimo le tlhahiso Afrika Borwa.

Dibaka tsa Tlhahiso

Di-plum di hloka dithemphereitjhara tse tlase mariha hore di be le nako ya ho phomola bakeng sa ho thunya ka nepo le hore kgolo e be teng. Di hlahiswa Afrika Borwa yohle, empa haholoholo Kapa Bophirima moo maemo a lehodimo a loketseng tlhahiso ya di-plum. Klein Karoo ke sebaka se seholo sa tlhahiso, e latelwe ke Paarl, Wolseley, Tulbagh, Stellenbosch, Franschhoek, Ceres, Langkloof, Villiersdorp le Vyeboom.

Di-plum di ka hola mefuteng e fapaneng ya mobu empa di thabela mobu o tebileng ebile o kenela metsi habonolo, ho tloha ho o lehlabathe wa loam ho ya ho o lehlabathe la letsopa la loam jwalokaha ho bonwa ke Plum Production Guide ya Lefapha la Temo. Mofuta ona wa tholwana o kgona ho mamella mobu o tshwarellang metsi ho feta ditholwana tse ngata tsa thootse e le nngwe, ntle le diboko tsa methapo. Di-plum di thefulwa habonolo ke diboko tse bakang mafu. Maemo a pula kapa moya ka nako ya ho thunya a na le kgahlamelo e mpe ho tsamaisweng ha peo e phofo mme hona ho ka baka ditholwana tse sa kgahleng.

Mefuta

Ke mefuta e mengata ya dimela tsa plum e hlahiswang Afrika Borwa. Kgetho ya semela  e itshetlehile ho maemo a tlhahiso, jwaloka ditlhoko tsa ho phodiswa ha semela, ho mamella mafu, le ditlhoko tsa mebaraka e shebilweng. Dipalopalo tsa Key Deciduous Fruit tsa Hortgro di senotse hore Angeleno ke mofuta wa semela o lenngweng ka ho fetisisa ka 2018, mme e ikarabella ho 10% ya sebaka sa tlhahiso. 

Laetitia e bile le seabo sa 9% sa sebaka sa tlhahiso, ha Songold, African Delight le Fortune di bile le seabo sa 6% mofuta ka mong le Sapphire ka 5%. Pioneer, Flavor King, Flavor Fall, African Pride kapa Sunkiss le African Rose di bile le seabo sa 3%, athe Southern Belle, Purple Majesty, September Yummy, Sun Supreme le Larry Anne tsona di bile le 2% mofuta ka mong. 

Ho ya ka dipalopalo, ho pepeneneng hore dihwai di lema Ruby Sun, Ruby Sun, Angeleno, le Ruby Start haholo ha ba qala masimo a matjha.

Nako ya Selemo

Ho ya ka boemo ba lehodimo, sebaka sa tlhahiso le mofuta wa semela, di-plum di hlahiswa ho tloha bekeng ya bobedi ya Pudungwana ho fihlela pheletsong ya Hlakola naheng ya Afrika Borwa.

Thekiso

Di-plum tsa Afrika Borwa ke tsa boleng bo ikgethang, ebile di fumana theko e ntle mebarakeng ya matjhaba, e leng ho thusang ho nyolla moruo wa naha le ho boloka theho ya mesebetsi dibakeng tsa mahae. 

E ka ba 70% ya di-plum tsa Afrika Borwa tse romelwang kantle ho naha selemo le selemo, mme Yuropa e ikarabella ho palo e fetang halofo mme United Kingdom yona e le kotara ya thekiso ena. Palo e hodimo e romelwa Botjhabela Bohareng, Russia, Botjhabela bo hole le Asia. Ke di-plum tse ka hodimonyana ho 20% tse rekiswang kahara naha mme 3% e a sebetswa.

Tshebediso

Di-plum ke mohlodi o kgabane wa divithamini, diminerale le fibre. Dipatlisiso di boletse hore tholwana ena ya thootse e na le maemo a di-antioxidant a tshwanang le a monokotshwai o mmala o bolou mme di lokela ho bonwa e le tholwana e ruileng ka dimatlafatsi.

Di-plum di thabelwa di sa le ntjha hammoho le disalateng, empa di ka nna tsa sebetswa. Disousu tsa plum ke thatohatsi ya MaChaena, di sebediswa dijong tse fapaneng tsa bona.

Translated by Maletsatsi Sejake