Tlhahiso Ya Mmoane

© Marinda Louw

Mmoane (Cannabis sativa) ke semela sa boholoholo se mesebetsi e mengata seo e sa leng se lengwa lefatshe ka bophara ka dilemong tse diketekete ho kenyeletswa le mongwahakgolong wa 20. Dilemong tsa 1930 le 1940, temo ya teng e ile ya theoha haholo ka lebaka la melao e neng e thibela temo ya mmoane le tshebediso efe kapa efe ya dihlahiswa tsa mmoane. 

Dikgwele tsa mmoane di sebediswa ho etsa masela a matla e sa senyeheng habonolo, thepa ya ho aha le pampiri. Dipeo tsa mmoane di na le di-antioxidant tse hodimo, esiti tse mafura, diminerale le divithamin ha semela ka bosona se thusa ho tsitsisa mobu. Ha oli ya mmoane, e tlhotlilweng peong kapa dikarolong tsa semela, e sebediswa dijong, ditlolong, di-indastering le merianeng.

Mmoane Ke Eng?

Mmoane wa indasteri le matekwane (a bitswang ‘dagga’) ke mefuta e fapaneng ya dimela ya sehlopha se le seng, Cannabis sativa. Mmoane o na le sesebediswa se tlase sa cannabinoid sa tetrahydrocannabinol (THC) le se hodimo sa cannabidiol (CBD). Mmoane o hlaloswa e le karolo efe kapa efe ya semela sa mmoane moo pokelletso ya THC e leng 0.3% (w/w) kapa tlase ho moo. Ka lebaka la THC e tlase, mmoane ha e na ditlamorao tse amang kelello jwaloka matekwane. CBD, e teng ka bobedi ho mmoane le matekwane, ke motswako o sebediswang ho phekola maemo a kang lefu la sethwathwa le lefu la methapokutlo la Parkinson’s. 

Mmoane o holang ka potlako, ke setlama se otlolohileng ho ya hodimo se nang le mahlaku a nang le mahlaku a mang a manyane a mahlano ho isa ho a supileng. Ke semela se nang le mesebetsi e mengata se jallwang dikgwele le peo ya sona. Dikgwele tsa mmoane di sebediswa ho etsa masela, pampiri, thapo, ho futhumatsa le mafura; ha peo ya mmoane e sebedisetswa dijo tsa batho le diphoofolo. Dipeo tsa teng di boetse di sebediswa tlhotlwa ha oli ya mmoane e ruileng ka omega e sebediswang ho etsa ditlolo tse nolofatsang, pente, plastiki le dihlahiswa tse kang sesepa sa moriri le sesepa. Masalla a ho tlhotlwa ha oli (makumane a peo ya mmoane) a ruile ka protheini mme a ka sebediswa bakeng sa dijo tsa diphoofolo kapa a sebetswa ho ba flouru e nang le protheini e hodimo bakeng sa ho jewa ke batho.

Tlhahiso Ya Mmoane Lefatsheng Lohle

Mohlahisi ya ka sehloohong lefatsheng ka bophara wa mmoane haesale e le China. Ha e le hantle, kgatiso ya pele ya tshebediso ya mmoane e bile China ka selemo sa 300 kamora Kreste mme temo ya kgwebo ya mmoane e tswetse pele ntle le tshitiso ya melao. Tshebediso e ka sehloohong ya mmoane China e ne le bakeng sa dijo le dikgwele (bakeng sa masela) le ho thusa setjhaba ho phela nakong ya kgaello ya dijo. Ho hakanngwa ha China e na le dihektara tse fetang 100 000 tsa mmoane. 

Tlhahiso ya mmoane Canada e eketsehile ka 80% pakeng tsa 2016 le 2017 ho ya ho 56 000 ya dihektara. Canada e shebane le ho tlhotlwa ha oli, diphofshwana tsa protheini tsa mmoane le peo e ntshitsweng lekgapetleng (dipelo tsa mmoane). Dinaha tse kopaneng tsa Amerika di menahantse hararo tlhahiso ya mmoane haesale ho kenngwa tshebetsong setshwantsho sa molao sa Temo tsa 2018, e le ho dumella temo ya kgwebo ya mmoane. Tlhahiso ya oli ya CBD ke sehlahiswa se ka sehloohong sa tlhahiso ya mmoane USA. 

Bahlahisi ba bang ba ka sehloohong ba mmoane lefatsheng ke France (ha e so kotelwe thoko), Chile (temo e ikemetseng e dumelletswe) le North Korea (ha e so thibelwe). North Korea e lema mmoane boemong ba indasteri, empa ho sebedisa matekwane ho ka ahlolwa ka lefu.

Ditekanyetso Temong Ya Mmoane

Afrika Borwa, temo ya mmoane e ntse e wela molaong wa cannabis kahoo o ntse o nkwa e le ntho e laolwang - e sa fapane le matekwane, ho bolela Gill Staniland e leng setho sa motheo sa Cannabis Industry Development Cooperative of the Western Cape (CIDCWC). CIDCWC ke mokgatlo o buellang melao e utlwahalang e itshetlehileng ho saense le tsebo ya ha jwale ya semela sa cannabis le dihlahiswa tsa teng. 

Ha se Afrika Borwa feela moo tlhahiso ya mmoane e thibetsweng, le ha ho le jwalo ha se ka ho hloka tsebo ha mmuso. Dithuto tsa Canada tse phatlaladitsweng ka 2015, di supile ha ho na le ditekanyetso tse mmalwa tse potapotileng tshebetso ya mmoane. Tsena di kenyeletsa ho shejwa hampe ke setjhaba, ditlhoko tse thata haholo tsa molao le bokgoni bo haellang ba theknoloji. 

Dinaheng tse kopaneng tsa Amerika, tlhahiso e lekanyeditswe ke melao e diehisang le dinaheng tse robong, tlhahiso ya mmoane ha e so be molaong. Dintlha tse ding tse sitisang ke inshorense, tshehetso ya tjhelete ya temo ya mmoane le phepelo ya peo. Dihwai tsa dinaha tse kopaneng tsa Amerika di reka peo Yuropa le Canada.

Translated by Maletsatsi Sejake