Tlhahiso ya Ditholwana tsa Thootse

Dibaka tsa Tlhahiso

©Louise Brodie

Afrika Borwa ke mohlahisi e moholo wa ditholwana tsa thootse Afrika empa e na le seabo sa tlhahiso ya 16% Karolong e ka Leboya ya lefatshe, mme 1% feela ya tlhahiso ya lefatshe. Le ha ho le jwalo, Afrika Borwa e tumme ka boleng bo ikgethang ba ditholwana tsa yona, tse hlokwang haholo, haholo Yuropa le United Kingdom.  

Tholwana tsa thootse di na le seabo sa bohlokwa nalaneng ya naha, ka ho ba le kemedi ya ditholwana tsa pele tsa ho romelwa kantle ho naha; ka Pherekgong 1892 ha mabokose a 14 a diperekisi a ile a romelwa England ka sekepe sa Drummond Castle - sekepe sa phufodi. Jwalokaha ho tlalehilwe ke Post Harvest innovation, ke tholwana tse ka tlasa 5% tse senyehileng ha di fihla moo di yang dibeke tse mmalwa hamorao. Sena se bontsha hore ho a kgonahala hore Afrika Borwa e ka romela ditholwana ka katleho dinaheng tse ding. Diperekisi di ne di rekiswa mmarakeng wa London Convent Garden ka theko e ileng ya feta e neng e lebelletswe. 

Ditholwana tsa thootse di na le ditekanyetso tse fapaneng tsa ho phodiswa ho ya ka ditholwana tse itseng le mofuta wa semela. Seo sena se se bolelang ke hore di hloka nako ya bonyane bo itseng ba nako e batang pele di ka thunya. Tholwana ena e hlahiswa diprofenseng tsohle tse robong tsa Afrika Borwa, empa tlhahiso e Kapa Bophirima haholo, moo boemo ba lehodimo bo loketseng tlhahiso ya ditholwana tsa thootse. 

Tlhahiso e thehilwe haholo ho diperekisi, mabodilane, di-nectarine le di-plum ka ditone tse 350 000 tsa ditholwana tsena tse hlahiswang selemo le selemo. Diperekisi le di-nectarine, ka ho kgetheha, di na le kemedi ho feta halofo ya naha ena. Dipalo tse nyane tsa dicheri le tsona di boetse di hlahiswa ka dipalo tsa di-lychee tse eketsehang butle ho tloha dilemong tse mmalwa tse fetileng.

Mebaraka

Ke ditholwana tsa thootse tse ka etsang 20% tsa Afrika Borwa tse romelwang kantle ho naha, ha tse setseng di rekiswa naheng ena. Boleng ba indasteri ya ditholwana tsa thootse Afrika Borwa e ballwa ho tjhelete e ka hodima R2 bilione, eo 70% ya yona e fehlwang ka thekiso ya ditholwana tse ntjha.

Tholwana ya thootse ha e bohlokwa feela moruong wa lehae empa e kenya letsoho ho theheng mesebetsi dibakeng tsa mahae, ho hira basebetsi ba 24 000 ba nang le batho ba 95 000 ba itshetlehileng ho bona.

Translated by Maletsatsi Sejake