Tlhahiso ya Diapole

Tlhahiso Lefatsheng Lohle

©Louise Brodie

Diapole ke tse ding tsa ditholwana tse ratwang le ho hlahiswa haholo. Di hlahiswa dibakeng tse futhumetseng ho haola le lefatshe, ka bobedi dikarolong tse ka Leboya le Borwa ba lefatshe (hemispheres). China ke yona e di hulang pele ka bongata ba tlhahiso ya diapole, ka ho hlahisa ditone tse fetang dimiliyone tse 40 ka selemo, e hlahlangwe ke USA.Le hoja tlhahiso ya diapole e le ka dinako tse itseng tsa selemo, diapole di a fumaneha mebarakeng ya matjhaba selemo ho pota ka lebaka la phepelo ya kantle ho naha.

Tlhahiso ya Afrika Borwa

©Louise Brodie

Haesale diapole di hlahiswa kgwebong Afrika Borwa ho tloha dilemong tsa bo-1880 mme di ntse di ntshetswa kantle ho naha ho tloha Afrika Borwa ho ya United Kingdom ho tloha dilemong tsa bo-1890. Sethathong, masimo a ditholwana a ile a ba teng dibakeng tsa tlhahiso ya difate tsa ditholwana tse hlohlorehang mahlaku tse profenseng ya Western Cape empa ha nako e ntse e tsamaya le ho fihlela ha jwale, diapole di hlahiswa Afrika Borwa yohle.

Sebaka sa Tlhahiso

©Louise Brodie

Profense ya Western Cape ke lebatowa la tlhahiso e kgolo mme e ikarabella tlhahisong e fetang halofo ya tlhahiso ya diapole naheng ena. Mabatowa a nang le tlhahiso e kgolo ya diapole a profenseng ya Western Cape metseng ya ditoropong ya Ceres, Wolseley, Elgin le Villiersdorp. Lebatowa la Langkloof le Kapa e Borwa, le ithatika moeding o pakeng tsa Western Cape le Eastern Cape mme le hlahisa 20% ya diapole tsa naha ena. 

Ho na le dibaka tse nyane empa di hola tsa tlhahiso nqa leboya la naha profenseng tsa Free State, Mpumalanga le Limpopo. Masimo a ditholwana a mabatoweng ana a batla a le matjha ho feta a borwa, ka ha tlhahiso ya diapole e ne e sa kgonehe pejana ka lebaka la sefako se neng se na kgafetsa dibakeng tseo, empa ka tshebediso ya matlowa a sefako, ho se ho kgoneha. Tsena ke dibaka tsa kgale tsa tlhahiso Afrika Borwa mme ha di qala ho hlahisa ho ya mafelong a Tshitwe, di hlokwa haholo matsatsing a phomolo a Tshitwe.

Mefuta

©Louise Brodie

Mefuta e ka sehloohong e hlahiswang Afrika Borwa ke Golden Delicious (24%), Royal Gala/Gala (17%), Granny Smith (15%), Cripp’s Pink le Pink Lady® (11%), Topred/Starking (11%), Fuji (9%), Cripp’s Red, Joya® (5%) le Braeburn (3%).

Nako ya Selemo

©Louise Brodie

Kotulo ya Afrika Borwa e qala ka dipalo tse nyane ka Tshitwe. Nako ya kotulo e phahameng e qala mafelong a Pherekgong ho ya ho Motsheanong. 

Le hoja nako ya ho kotula diapole e fihla pheletsong mafelong a Motsheanong, diapole tse kotutsweng di bolokwa nako e etsang dibeke boemong bo laolwang mme di rekiswe kahara naha le ho iswa kantle ho fihlela ka Pudungwana.

Thekiso

©Eric Miller
©Eric Miller
©Eric Miller

Indasteri ya diapole ya Afrika Borwa, e lebisitswe haholo mmarakeng wa ho ntshetswa kantle ho naha, empa hape le ho fepela Afrika Borwa le dinaha tse potapotileng tse Afrika e Borwa ka ditholwana tse boleng bo hodimo. Mmaraka o moholo wa diapole tsa Afrika Borwa ke mmaraka wa Afrika o holang ka sekgahla se hodimo (30%). O hlahlangwa ke Botjhabela bo hole le Asia (31%), UK (18%) Middle East (7%) le Yuropa (6%). Nakong e fetileng, Yuropa le UK e ne e le mebaraka e meholo ka ho fetisisa ya diapole tsa Afrika Borwa, empa tlhokeho e ntseng e hola Afrika le Asia e bone phetoho ena ya mebaraka e ntlafala dilemong tse mashome a mabedi tse fetileng.

Tshebediso

©Ann Gadd

Diapole di na le phepo e ntle ebile di na le ditlheferetsi tse ngata. Tholwana le letlalo di a jewa mme ke dithootse le bohare ba yona tseo hangata di lahlwang. Diapole di jowa tala mme hape di ka sebediswa ho etsa salad kapa tsa phehwa ho etsa moro le jeme kapa tsa sebediswa ho baka. Diapole di ka tlhotlwa bakeng sa lero la apole, lero le reberebe kapa ha etswa jwala ba diapole. Diapole di ka kenngwa makotikoting kapa tsa omiswa.

Translated by Maletsatsi Sejake