Thlokahalo ya Mobu

© Chris Daly

Koro e hlokahala lehlabula e na le dikgato tse pakeng tsa 22 le 34, ha koro ya mariha e le pakeng tsa dikgato tse 5 le tse 25 tsa Celsius, ho ya ka Tataiso ya tlhahiso ya Koro ya Lefapha la Temo, Meru le dihwai (DAFF). Boemo ba lehodimo bo lokela ho ba bo phodileng le bo mongobo bakeng sa ho lema, ho latelwa ke nako e futhumetseng ya kotulo.

Bakeng sa tlhahiso ya mobu o omileng, mobu o lokela ho ba le metsi a mangata a ho tshwara metsi, jwalo ka mefuta ya mobu e nang le letsopa le boima kapa mokoloko o thibelang metsi a bolokilweng ho tswa. Mobu o tswetsweng haholo ha o loketse tlhahiso ya lefatshe le ommeng, empa e ka ba e loketseng tlhahiso tlasa ho nosetswa.

Ditlhokeho tsa Mobu

©Glenneis Kriel

Mabele a hloka mobu nonneng o sefuweng hantle ka pH ya 6 hoisa ho 7.5 ho ya ka DAFF. Tlhahiso ekaba le kgahlamelo empe ebang o k aba le esiti e ngata haholo, eleng e tla fa mobu dikwetla tse siyo dimeleng. Bakeng sa lefatshe le ommeng, mobu o lokela hoba ho tshwara bokgoni ba metsi a nepahetseng, jwalo ka mofuta wa mobu o nang le letsopa le boima kapa lera le thibelang le tla thibela metsi a bolokuweng ho phalla. Mobu o tlhothilweng ha o wa lokela tlhahiso ya lefatshe le ommeng, empa e ka lokela tlhahiso e nosetswang.

Ho Nosetsa

©Louise Brodie

Ho nosetsa Sejalo se hlokang metsi a ka bang 600 mm ka selemo, ka hona, mekgwa ya temo ya tlhokomelo, e kenyelletswang dihlahiswa tse fokolang tse nang le ditlhaka tse tsitsitseng di buellwa ho boloka mongobo tlhahisong ya ho omella.

Ka tlhahiso tlasa nosetso, ditshebeletso tsa metsi di lokela ho theoha nakong ya dipalesa, di eketseha nakong ya ho tlatsa popo e kgaolang ho butswa.

Ho a Phatlalatswa

©Glenneis Kriel

Koro e jala peo. Le hoja ho le molemo ho reka peo e tiisitsweng selemo se seng le se seng, ho na le dihwai tse mmalwa tse bolokang peo ya ho lema e le ho leka ho boloka ditshenyehelo. Bothata ke hore tlhahiso ya dipeo tsena e ka nna ya ameha hampe haeba peo e sa hlwekiswe hantle kapa ya phekolwa ka chefo e bolayang dikokwanyana, jwalokaha ho tlwaelehile ka peo e tiisitsweng.

Ha o reka peo e tiisitsweng, ho boetse ho na le mokgwa o lokelang ho latela haeba ho na le ho hong ho phoso ka peo, athe dihwai di tla ba le molato ha di sebedisa peo e bolokilweng. Peo e tlasa ditokelo tsa dimela tseo o ka nna wa se ke wa ata, wa pholoswa kapa ya rekiswa ntle le tumello e hlokahalang ho tswa ho ba nang le ditokelo.

Nako ya ho hala Peo e lokela ho lenngwa ho ya ka ho kgothalletswa ho lema le ho kotula nako bakeng sa sebaka ka seng le ho fapana, ho fokotsa mocheso o amanang le tahlehelo e bakwang ke komello, mocheso, serame le pula.

Mefuta e Fapaneng ya Mocheso

©Glenneis Kriel

Letsatsi le lekaneng la ho lema le ka fapana ho tloha ka nako e nngwe ho ya ho e nngwe, ka lebaka la ho sebedisana pakeng tsa maemo a mang a tikoloho, mobu le dimela. Karolong e ka Borwa ba Kapa, e leng sebaka sa pula ya mariha, hangata dihwai di tla lema ka mora dipula tsa pele ho tloha bohareng ba Mmesa ho fihlela ka Phupu le pakeng tsa Motsheanong le bofelong ba Phupu dibakeng tsa pula.

Mefuta e fapaneng ya mocheso e hlokahalang bakeng sa mekgahlelo e sa tshwaneng ya tlhahiso. Ka mohlala, ho lengwa ha o tlo etsahala ka tlaase ho dikgato tse 5 mme ho tla ba le tshusumetso e mpe ka mocheso o ka hodimo ho dikgato tse 25 tsa Celsius. Mocheso o motle bakeng sa ho tsamaisa peo, ka lehlakoreng le leng, o pakeng tsa 10 le 25 dikgato tsa Celsius, ho ya ka Tsamaiso ya Tlhahiso ya Koro.

Mokgwa wa ho Jala

©Glenneis Kriel

Peo e lokela ho lengwa ka tsela e tshwanang, e sa tebang le mobung o mongobo. Matshwao a temo a ka fapana le dikhilokgrama tse 20 / ha ho ya ho 25 dikhilokgrama / ha ka tlasa maemo a omileng le 90 kg / ha ho isa ho 120 dikhilokgrama / ha ka tlasa ho nosetswa, ho ya ka tataiso ya DAFF, ka bongata ba ho lema ho fapana ka dimela tse fapaneng le ho latela mongobo mobung. Peo e ka jalwa e se na letho kapa e fokolang ho fihlela bajadi kapa dirapa di kenyelletswa ka difate kapa di siski.

Hangata balemi ba sebedisa meedi e mengata ka tlasa letsoho le omeletseng hwa ho lema koro ka tlasa nosetso e tsepameng.

Translated by Sebongile Sonopo