Temo ya Cauliflower

© Louise Brodie

Ho Ata

Ho ata ha Cauliflower ho tswa ho peo.

Mokgwa wa ho Lema

Ho pepa ka ho toba ho ka etswa hore ho be le di cauliflower, le hoja ena e se tlwaelo e tlwaelehileng ya dihwai tsa kgwebo kaha sena ha se bope dijalo tse sa tshwaneng le maemo a lehodimo a fapaneng a fapane mme a baka tshenyo ya ho thehwa. Lema dimela ho tloha ho 12mm ho ya ho 15mm ka ho teba mme o leke ho boloka ka ho tshwana botebo bakeng sa dijalo tsa ho tshwana.
Mokgwa o tlwaelehileng wa ho jala ke ho lema dipeo tsa di cauliflower tse hodisitsweng. Dipeo tsa cauliflower di lenngwa ka diterei tsa peo mme di bewa ka tlung le ho di hodisa ka di ntlung tseo ho lengwang dimela ka 20°C le mocheso o phahameng o lekanyeditsweng mongobo mme o leme ka ntle matsatsi a 30 ho isa ho 35 ka mora ho jala hoo di ka bang 15 cm, di botelele le ho ntshetswa pele makgasi a mahlano ho a tsheletseng.
Ho lema di cauliflower hangata ho etswa ka letsoho, empa dimela tse ding tse kgolwanyane tsa bahwebi ba dikgwebo di sebedisa dimela tsa mechine.

Ho Arolwa

Dimela di lokela ho arolwa ka dikhilomithara tse 50 ka ntle ho mela e ka bang 60 cm ka ntle. Leka ho ba le dimela tse ka bang 30 000 ka hektare. Dihwai di boetse di jala di cauliflower ka mela ya tram ka mela e mengata. Mela ya tram e ka jalwa ka 40 cm pakeng tsa dimela ka lehare le 50 cm pakeng tsa mela le 60 cm ho ya ho 100 cm ya mahlakoreng a mosebetsi pakeng tsa melapo ya mela ya tram.

Nako ya ho Jala

Leha sena e se tsela e ratwang ka ho fetisisa ya ho lema, dipeo tsa cauliflower di ka lengwa ka ho toba selemo ho pota e le nako e telele e le mekoloko mochesong dulang hodima 15°C. O se ke wa lema ka mocheso o batang ka tlase ho 10°C kaha sena se etsa hore ho mela ho be thata.

Nako ya ho Lema

Ho lengwa ha dipeo tsa di cauliflower ho etswa selemo ho pota haese nako e chesang kapa e batang haholo kapa dibakeng tse ding. Kahoo boholo ba Afrika Borwa qoba ho jala pakeng tsa Motsheanong le bohareng ba Phato ka molao ka lebaka la serame sa mariha. Lema dipeo tse matla feela tse tshwanang ka mofuta ona kaha sena se tla fella ka ho hola ha ho tshwana le nako e kgutshwanyane ya kotulo.

Nako ya ho Hola

Ho itshetlehile ka ho lengwa le boemo ba lehodimo, ho hola ho tloha ha ho lengwa dipeo tsa cauliflower ho fihlela kgolong e ka ba dibeke tse pakeng tsa 8 le 12. Dijalo tse ding tsa cauliflower di ka lokiswa ka nako e kgutshwanyane ka dibeke tse 6 ho tloha ho temo ha dipeo tse tswetseng pele hantle haeba maemo a loketse.

Ho Hlahisa Ditholwana

Mokgwa o molemo ka ho fetisisa ke ho latela tataiso e fanwang ke moeletsi wa hao ho latela diphello tsa mehlala ya hao ya mobu le ka dipolelo tse fanweng bakeng sa mofuta wa mobu o tla di jala.
Cauliflower e rata phepo e nepahetseng ya dimatlafatsi mme nako ya yona ya ho hola e batlang e le kgutshwanyane e hloka kopo e ka hodimo ho karolelano ya monontsha.
Pele o lema kopo 250 kg ho ya ho 300kg ka hektare ya motswako wa NPK jwaloka 3:1:5 (35) mme o sebetse sena hodima sebaka sa semela. Hang ha dipeo tse ncha di se di qetile matsatsi a ka bang leshome ka mora ho lengwa, diaparo tse ka lehlakoreng le 200kg ho ya ho 250kg ka 3:1:5 (35) pela mela ya dimela le ho nosetsa mobu. Pheta sena matsatsing a 18 ho isa ho a 21 ka mora ho lema le ka matsatsi a ka bang 30 ho ya ho a 35 ka mora ho lema.
Sena se lokela ho lekane hore dijalo di hole. Makgasi a cauliflower a lokela ho ba le botala bo lefifif bo phetseng hantle mme haeba matshwao a kang makgasi a lebala le botala bo kganyang kapa esita le a bosehla a bonahatsa sena se ka bolela hore ho hlokahala hore ho be le kopo e tswelang pele.

Ho Nosetsa

Etsa bonnete ba hore mobu o nosetswa pele o jala cauliflower hape hape hang ka mora ho lema dimela tse nyenyane ho dula hantle. O se ke wa nosetsa kaha sena se ka fokotsa dimatlafatsi tsa pele tse sebedisitswang sebakeng sa motso o mocha. Bakeng sa hoo e ka bang 10 mm ka letsatsi nako le nako 10 mm hang ka mora hore temo e lokela ho lekana.
Ka mora moo, 15mm ho ya ho 20mm ka beke dibeke tse pedi tse qalang ka nako e ka etsang 25mm ho isa ho 30 mm ka beke ntle le ha mocheso o phahame, jwale o ka nyolohela ho 35 mm ho fihlela ho 45 mm ka beke.

Translated by Bongani Matabane