Taolo Ya Tlhahiso Ya Coriander

© Louise Brodie

Tlhahiso - Ditone Hektara Ka Nngwe Ka Selemo

Palo e tlase
Tse ntjha: 4 ya ditone
Peo e omisitsweng: 0.5 ya ditone
Oli: 40 dilitara

Palo-hare
Tse ntjha: 8 ya ditone
Peo e omisitsweng: 1 ya ditone
Oli: 75 dilitara

Tjhai e ntle
Tse ntjha: 12 ya ditone+
Peo e omisitsweng: 1.2 ya ditone
Oli: 100 dilitara

Kotulo

Boholo ba kotulo ya coriander ya kgwebo bo etswa ka metjhine. Ditsing tse nnyane tsa tlhahiso le matlong a polokelo ya dimela, kotulo e ka etswa ka letsoho le hoja sena se le theko e boima.

Dihlahiswa tse ntjha: Qala ho kotula mahlaku hoseng ha ho sa phodile empa mahlaku a omme. Ho kotulwa ha mahlaku a ka thoko, ho ka qalwa dibeke tse 4 kamora hore peo e jalwe. 

Dihwai tse ngata tsa kgwebo di tla ema nako e telele ho feta dibeke tseo tse 4, mme ba kotule seshoba sohle pele ho thunya dipalesa, ho ka kgaolwa dikutu tsa teng bolelele bo ka bang 5 cm ka hodim'a mobu le ho etsa dishobana tsa boholo bo hlokwang. Haeba e entswe ka letsoho semela sena kaofela se a bokelletswa le ho phuthelwa.

Tlhahiso ya peo e omisitsweng: Bakeng sa tlhahiso ya coriander e omisitsweng, emela ho fihlela kamora hoba dipalesa di thunye, ha ditholwana di qala ho tiya le ho omella. Hangata peo e se e hodile pakeng tsa dibeke tse 15 le tse 18 ho tloha nakong ya ho lema. Jwale dipeo di ka arohanngwa le makgapetla ebe di hlophiswa bakeng sa ho jalwa hantle le bakeng sa kgwebo ya dinoko.

Tlhahiso ya oli ya bohlokwa: Oli ya bohlokwa e fumanwa phofuding ya peo e tutsweng. Ka boima ba disebediswa tse hlwekisitsweng, dihlahiswa tsa oli ya bohlokwa di hlahella feela ka 0.6% ho ya ho 1% ya sena.

Poloko

Tlhahiso e ntjha: Ka mor'a kotulo, boloka coriander moo ho phodileng ka 1°C. Coriander e ka bolokwa nako ya dibeke tse pedi ho isa ho tse tharo. Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa, ke ho boloka mahlaku a omme ditshelong tse kwetsweng le ho tiiswa mme di sa kenele moya. Ditlamatlama tse sa tswa kotulwa di lahlehelwa ke tatso ya tsona ya dijo ka potlako, kahoo ho molemo ho rekisa le ho sebedisa coriander ka potlako kamoo ho ka kgonehang kamora kotulo. Coriander e ntjha, e ka bolokwa ka mekotlaneng e sa keneleng moya mme ya behwa ka sehatsetsing se hwamisang.

Sesebediswa se omisitsweng: Peo e omisitsweng e kenngwa kahara dijana tse sa keneleng moya hang feela kamora kotulo le hore di boloke tatso ya tsona. Di ka bolokwa dikgwedi tse robong ho isa ho selemo.

Oli ya bohlokwa: Oli ya bohlokwa e ka bolokwa sebakeng se ommeng, se lefifi ebile se phodile nako e ka etsang dikgwedi tse 18 kamora ho tshelwa dibotlolwaneng. Kamora mona, oli ena ya bohlokwa e qala ho fellwa ke matla le monko wa yona.

Tse Senyang Dijalo

Hoaba, Diboko ka mefuta, Nematodes, Sekgo se bitswang Spider mite, Thrips le Tshintshi e tshweu (White fly) ke tse ding tsa dikokonyana tse senyang.

Malwetse

Matheba a mahlaku a bakwang ke dikokwanahloko, Bacteria, ho pona, Hlobo e phofo, ho bola ha metso le ho bola ha dijalo.

Ho molemo ho latela metjha ya tshireletso ya dijalo jwalokaha ho laetswe ke mohokahanyi wa tsa temo kapa setsebi ka tsa mobu. Hangata barekisi ba lik'hemik'hale ba na le mananeo a nepahetseng kapa ba ka fana ka lesedi ho baeletsi ba hlwahlwa ka ho fetisisa ba fumanehang haufi le sebaka sa tlhahiso.

Translated by Maletsatsi Sejake