Ho Lema Coriander

© Louise Brodie

Katiso

Coriander e jalwa ka peo.

Mokgwa Wa Ho Jala

Ho jalwa ha Coriander ke balemi ba baholo kgwebong, ho etswa ka ho jala peo ka kotloloho. Peo e kenngwa mobung botebo ba dimilimithara tse 10. Peo ya coriander e mela hantle ntle le tshitiso empa keletso ke hore peo e jalwe makgetlo a mabedi ho ya kamoo ho hlokehang kateng mme e hasanngwe ebang ho hlokeha.

Sena se etswa ka metjhine kapa ka letsoho, ho ya ka boholo ba mosebetsi.

Sebaka Pakeng Tsa Dijalo

©Glenneis Kriel

Dimela tsa coriander di lokela ho arohana ka 5 cm mme mela e arohanngwe ka 30 cm. Mona ke bakeng sa setsi sa dimela tse ka bang 650 000 hektareng e le nngwe. Ditselana tsa ho sebetsa le tsa moo trekere e tlang ho tsamaya teng, di a betlwa bakeng sa botsamaisi ba mosebetsi hammoho le kotulo.

Nako Ya Ho Jala

Jala peo ya coriander masimong ka kotloloho mathwasong a selemo. Naheng ya Afrika Borwa, nako ena ke mathwasong a kgwedi ya Lwetse hang ha serame se fokotsehile. 

Nako Ya Kgolo

Bakeng sa tlhahiso ya coriander e ntjha, bahlahisi ba bang ba qala ho kotula mahlaku a matjha nako e ka bang dibeke tse 5 ho ya ho tse 6 ho tloha ka nako ya ho jala. 

Ho Nontsha

Pele ho jalwa, ho lokela ho be ho rometswe mobu o monyane o emetseng mobu wa ho jala laboratoring ho lo etswa ditlhahlobo. Sena se tla hlaola mofuta wa mobu hammoho le ditlhoko tsa dimatlafatsi tsa mobu bakeng sa semela se tlang ho jalwa. 

Bakeng sa tataiso e bobebe, tlhahiso e latelang e ka sebediswa ha ho se na tlhahlobo ya mobu.

Ho ka sebediswa 500 kg ya 3:1:5 mme ya kenyeletswa mobung o ka hodimo botebo ba 15 cm ho ya ho 20 cm pele ho jalwa. Sena se tla thusa hore dimela tsa coriander di iphumane qalong ya ho hola ha tsona. Jwalokaha coriander e sa hloke manyolo a mangata, ho molemo ho beha leihlo kgolo mme ha nkwa qeto hore ho hlokeha ho eketswa ha gase ya nitrogen ho matlafatsa kgolo. Ho nontshwa ka ente ho batlileng ho tshwana, ho ka etswa ka ho nosetswa ka ho rothela kamora hoba peo e pute le dimela di hlahe.

Ho Nosetsa

Dihwai tsa kgwebo tsa coriander di kenya tsela ya ho nosetsa ka ho rothela ele mokgwa o hlwahlwa wa ho beha leihlo mongobo wa mobu. Semela sa coriander se ka hlohlora peo habonolo ebang se dumellwa hore se sotlehe ke komello. Kahoo, haeba coriander e sa ntse e hodiswa, hore ho hlahiswe mahlaku a coriander e ntjha, netefatsa hore semela se nosetswa ka nepo. Semela se se ke sa nosetswa ho tlola tekanyo hobane sena se ka baka mafu a metso kapa dibaktheria mahlakung. Kahoo, ho ka ba molemo ho kenya disebedediswa tse lekanyang mongobo ho hlahloba mobu. 

Ho ya ka mofuta wa mobu le boemo ba lehodimo, palo-hare ya ho nosetsa ke pakeng tsa 25 le 30 mm habedi ka beke nakong ya dikgwedi tse futhumetseng tsa lehlabula, le ho fokotsa ho nosetsa dikgweding tse phodileng kapa tsa dipula tsa selemo. 

Leka ho qoba ho nosetsa ka kotloloho hang-hang pele ho kotulo, empa o nosetse hang kamora kotulo ho tsosolosa mongobo o lekaneng haeba o batla jwalo ho susumeletsa semela ho beha hape.

Translated by Maletsatsi Sejake