Sutherlandia Frutescens

© Marinda Louw

Semela sa Afrika Borwa se fodisang tsohle, Sutherlandia frutescens e thoholetswa hohle ka ho matlafatsa masole a mmele, elwantsha mahloko le ho ruruha mmoho le mafu a kang lefu la masapo, mofetshe le ho laola lefu la tswekere ya bobedi. Kgatiso ya pele ho tswa ho MaDutch a bakolonial Kapa a tlaleha hore MaKhoisan le batho ba Nama ba sebedisi setlama sa phodiso se entsweng Sutherlandia ho ntsha tshwaetso maqebeng le ho fedisa lefuba. E nale mabitso a fetang 25, mabitso a mangata a papadi a bontshang phodiso. Lebitso ‘Phetola’, le ka bontsha ho fetola mahloko ho ya ditlamoraong tsemolemo. Lebitso la yona la Sepedi ‘Lerumo la madi’ eleng ho boleng ho hlwekisa madi, insiswa (Zulu) mme ka Afrikaand ke ‘kankerbos’ mme e hlalosa hore ke moriana o kgahlano le mofetshe.

Ka setso dikarolo tsohle tsa semela di ne di sebediswa ho lokisetsa mokgabiso ho ya ka maemo a bohloko a laolwang. Mohlala, motswaka ho tswa makgasing le dikutu di sebediswa ho laola sebete, diphio le mahloko a mpa. Dikarolo tse ommeng le tsa phofo tsa semela ha di inetswe metsing a tjhesang di sebediswa ho phahamisatakatso dijo mme e thibela ho senyeha ha (e sebeditse ka katleho bakuding ba HIV/AIDS) le ho laola methapo e ruruhang, tshwaetso ya moroto le mokaola. E ne e sebediswa ho laola kgatello ya maikutlo le ya moyeng, ho kenyeletsa le ho teneha, ho tshwenyeha le ho tepella maikutlong. Dikopo ya sejwale jwale ya Sutherlandia e tla ka mokgwa wa ditee, dipilisi, jele, romo le ho ntsha jwala.

Sutherlandia Frutescens ke enngwe ya mefuta e tsheletseng ya lekantsweng Afrika Borwa ke sehlahla sa dinawa se 1.2 m ka makgasi le dipeo tse kang matlalo tse behanng dipalesa tse kgubedu tse bopehileng jwalo ka dirurubele ho tlowa Phupu ho isa Tshitswe. Semela sena ha se kenelwe ke komello mme hola bophirina, botjhabela le profinsi ya Kapa Borwa le dibaka tse ding tsa KwaZulu-Natal, dikhemikhal tsa diphatsa tsa lefutso di boelana ka fapana ho ya le sebaka sa tikoloho. Ke tshimo ya semela e tsebahala haholo e holang hantle letsatsing ka botlalo le mobung o tlhotlehileng mme e ka ntshetswapele ha bonolo ka qhalakanya peo mobung o kopantsweng ka dikarolo tse pedi tsa lehlabathe, karolo e le nngwe ya ditlama. Semela se kotulwa ka bohlaha empa ke dimela tsenyane feela tsa thekiso tsa Sutherlandia tse fumanwang Kapa bophirimela le Mpumalanga.

Diphatsa tsa lefutso Sutherlandia tseo ha jwale di tetebelang Lesserttia, di sebediswa ho boloka mefuta tsheletseng feela, e tletse tletse le Afrika e ka Borwa. Diphatsa tsa Lessertia, tseo ha jwale di kenyeletsa Sutherlandia, e abuwe haholo Afrika mme e nale mefuta e tsheletseng,e kabang 50 Afrika e ka Borwa. Mefuta diphatseng tsa Sotherladia e fapane le ya Lessertia hobane amohela mafu a fapaneng a dinonyana. Ka tlhompho yohle di ya tshwana mme Sutherlandia e ile ya kenella ho Lessertia.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.

Translated by Sebongile Sonopo