Sour Plum ke Semela sa Bohlokwa sa Dijo

© Bernard Dupont
Lekgalo lena la bofubedu bo mmala wa lamunu ba 3,5 cm le bitswa Ximenia caffra empa le boetse le tumme ka mabitso a tlwaelehileng a sourplum, groot suurpruim, umThunduluka-obomvu, morokologa, iTsengeni, motshidi, pepo, mutzwa le Amanumbilo.
Sefate se senyane se nang le malebela a bohale se boetse se hola Amerika mme se bitswa moitlami wa Spain wa Francisco Ximenez. Sebaka sa 'caffra' se tswa lebitsong la pele la sebaka sa Eastern Cape - Kaffraria. (Ximenia caffrae ka ferekanngwa habonolo le Ximenia americana empa makgasi a X. americana a le botala bo boputswa mme ditholwana di le bosehla ho ena le bokgubedu).
Sefate se nang le sekgahla se ka fumanwa dibakeng tse chesang tsa tropike tsa Afrika moo e ntse e holafala ha e kopana le mefuta e meng ya metso. E kgetha maemo a letsatsi, ke komello e sa keneng mme e ka mamella serame se leka-lekaneng. Semela se omileng se hola ho fihlela ho 50 cm ka selemo mme se etsa lekgwakgwa le letle.

Ditholwana tse bodila tse ntseng di kgatholla di nkwa ke dinonyana, diphoofolo (ho akarelletsa le thutlo le matsa) hammoho le batho ba di sebedisetsang ho lokisetsa jeme le dimenyemenye. Sourplum e tala e monate e jewa haholo ha e se e butsoitse, ha e omella hanyane mme e latswa hoo e batlang e le ya sethapo. Sebopeho se bopehileng jwalo ka purumu le se fapaneng ka mmala o tswang bohlabeleng bo bosehla ho ya ho bokgubedu bo bolefifi, se kotulwa nakong ya pula ya lehlabula ho tloha ka Pudungwana ho ya ho Hlakubele. Difate di ka hlahisa ditholwana tse 15-17 tsa selemo ka selemo.
Ditholwana di atisa ho inelwa metsing a batang ho kgutsa, ebe bohare ba ditholwana bo phunyeletswa, ​​bo kopantswe le methapo ya fatshe ebe o phehilwe ho ya motohong. Batho ba maZulu ba pata ditholwana ka metsing - lero lena le phehilwe mme le kopane le dijo tsa poone ho etsa motoho o bodila.
Ditholwana tsa sourplum di na le vithamine C e ngata le potassium (K) mme e na le diprotheine. Ditholwana di na le peo e le nngwe e monate haholo ka karolo ya 65% ya oli. Oli e sebediswa ho ditlolo ho nolofatsa letlalo le ho fifatsa letlalo.

Mafu a batho ba fetang 60 a batho le a diphoofolo a alafshwa ka semela se omileng se akarelletsang mafu a tshwaetsanwang ka thobalano le malaria. Mesebetsi e meng ya meriana ya ditlama e kenyeletsa mahlo a khotsofatsang le tonsillitis (decoction ya makgasi), e le pheko ya letshollo (ho tshelwa ha motso) le ho phekola bohloko ba mpeng le bilharzia (kopantsho ya motso le makgasi). Metso a phofshwana a fodisa maqeba, mafu a amanang le lefuba le ha a kenngwa ka biring, a sebetse jwaloka metswako e tsosang takatso, ha makgasi a phofshwana a tsebahala ho phekola ho hloka matla le ho fepa feberu.
Sourplum e hola habonolo ho tloha ho peo mme se lenngwe ka motswako wa 5: 1 wa lehlabathe la noka le manyoro ka ditlama.

Tlhaloso ya Bongaka

Boitsebiso ke ba merero ya thuto le boitsebiso feela mme e ka nna ya se ke ya nkwa e le keletso ya bongaka. Boitsebiso ha bo reretswe ho nkela keletso ya bongaka kapa phekolo e fanwang ke ditsebi tsa bophelo bo botle.

Translated by Bongani Matabane