Oli ya Mohlwaare

© J Weber Institut National de la Recherche Agronomique

Oli ya mohlwaare e tlhotlwa tholwaneng ya sefate sa mohlwaare (Olea europaea), seo ka tlholeho e leng sa dinaha tse pela lewatle la Mediterranean. Ke oli e sebediswang ka mekgwa e mengata, e sebediswa dijong, jwaloka mafura a ho pheha, ditlolo, mesebetsing ya bodumedi, e le senolofatsi ebile e le motheo wa sesepa se phofo le se thata. 

Oli ya mohlwaare, haholoholo oli ya mohlwaare e sa tswakwang (EVOO), e na le melemo e mengata bophelong, jwaloka polyphenols tse phahameng, e sebetsang e le antioxidant le ho thoba ho ruruha, e leng ho ka fokotsang kotsi ya mofuta wa bobedi wa lefu la tswekere le ho thibela lefu la ho shwa lehlakore le mofetshe wa matswele.

Oli ya Mehlwaare e sa Tswakwang Ebile e Hlwekile ke Eng

EVOO ke oli ya sehlopha se ka sehloohong sa oli ya mehlwaare. Lentswe lena ha le bolele mofuta o itseng wa oli ya mohlwaare kapa nako ya kotulo, empa le bolela mokgwa wa ho tlhotlwa ha oli. Hore e tle e bitswe ‘extra virgin’, oli e lokela o fumanwa ho tlhotlweng hwa pele hwa tholwana e sa tswa kotulwa ebile e sa utlwa bohloko kapa hona ho senyeha. Ka nako ena ya tshebetso, ha ho sebediswe dik’hemik’hale kapa motjheso. Hang ha oli e se e tlhotlilwe, e etswa diteko ho netefatsa hore e dumellana le ditekanyetso tsa ‘extra virgin’. Sena se kenyeletsa ditlhoko tsa dik’hemik’hale tse jwaloka maemo a free fatty acid le peroxide. EVOO e na le maemo a esiti e ka tlasa 0.8%.

Dihlopha tsa Oli ya Mohlwaare

Jwalokaha ho boletswe ka hodimo, EVOO ke oli ya mohlwaare ya boleng bo hodimo haholo.

Oli ya mohlwaare e sa tswakwang ke oli ya tlhaho e nang le diphoso tse mmalwa mme e na le esiti e pakeng tsa 0.8 le 2%. (Esiti, ke tekanyo ya boleng ba oli ya mohlwaare, tekanyo ya esiti ya oleic, e leng esiti e ngata ka ho fetisisa ho oli ya mohlwaare).

‘Cold press (ho pepeta ho batang)’ kapa ‘cold extracted (ho tlhotlwa ho batang)’ e bolela hore dithemphereitjhara tsa ho tlhotla oli di bolokilwe ka tlasa 28˚C. Dithemphereitjhara tse tlase tsena di thibela tahlehelo ya di-vitamin, anitoxidants le tatso tse tshabang motjheso o hodimo.

Oli ya mohlwaare e hlwekisitsweng kapa e bobebe ke ho arolwa ha oli ka mekgahlelo, e seng e tshetswe monko le ho hlwekiswa ka sesweufatsi. Sena se baka oli e bonaletsang ya tatso e seng bohale mme le melemo ya teng ya bophelo e le mmalwa ha ho bapiswa le oli ya mohlwaare e sa tswakwang. Di-oli tsa mohlwaare tse ‘bobebe’ di bolela feela mmala le tatso mme ha di bolele ‘bobebe’ ka matla (kilojoules) kapa hona hore ke sehlahiswa sa dijo tsa ho theola boima ba mmele. Dihlopha tsohle tsa oli ya mohlwaare di na le kilojoules tse lekanang. 

Mantswe a kang ‘pure’ kapa ‘100%’ ke mantswe a ho bapatsa mme a supa hore oli e hlwekisitswe.

‘Olive pomace oil’ ke oli e tlhotlilweng ka dik’hemik’hale masalleng a thata - dipeo, letlalo le bokahare - tse setseng kamora tshebetso ya ho tlhotlwa ha mohlwaare. E ke ke ya hlalohanngwa e le ‘oli ya mohlwaare’, haholoholo e se ‘oli ya mohlwaare ya pomace’ e leng sehlopha (ka ho fosahala) se ngolwang ditshelong.

Mekgwa ya Oli ya Mohlwaare e sa Tswakwang

Oli ya mehlwaare e arolwa ho ya ka mekgwa e meraro - e ditholwana haholo, e mahareng le e tetemang. Mokgwa o susumetswa haholo ke mefuta ya mehlwaare e ikgethang, ebang e le oli ya mofuta o le mong kapa mefuta ya dimela e sebedisitsweng motswakong. Ho feta moo, ho butswa ha mohlwaare, sebaka sa tlhahiso, mobu le bolepi nakong eo ya selemo kaofela di na le seabo mokgweng wa ho qetela wa oli. Mehlwaare e menyenyane e ka ba le seabo se totobetseng sa ditholwana, jwaloka diapole tse tala le diperekisi, ha mehlwaare eseng e butswitse e ka ba le menko ya peinapole le banana. 

Mokgwa o ‘tetemang’ wa oli ya mohlwaare e kgothaletswa ho etsa mayonisi, vinaigrettes le ho sebediswa ditholwaneng. Oli ya mohlwaare ya mokgwa wa tholwana e loketse ho pheha nama, ho hadika konofolo le eiye ekasitana le ho sebediswa ho lebejana-poo. Ha mokgwa o mahareng oona o loketse ho sebedisetswa kgoho, tlhapi, disalate kapa ho baka. 

SA Olive e fana ka lethathama la mefuta e tsebahalang ya mehlwaare e sebediswang mekgweng e fapaneng ya oli: 

Leccino - tatso e bobebe,e seng bohale ya ditlama.
Frantoio - boholo bo lengwa Afrika Borwa, ka tatso e matla.
Coratina - e ka hlahisa oli e bodila.
Favolosa - e hlahisa oli e matla ka ditholwana.
Mission - mofuta wa oli e sebediswang tafoleng, e ka sebediswa ho kopanya metswako.

Translated By Maletsatsi Sejake