Di-litchi ha se dimela tsa Afrika Borwa ka tlhaho; mefuta ya dimela tsa litchi di ne di amohelwe ho tswa Florida, United States of America hammoho le India, Taiwan le China.
Di-litchi di arotswe ka dihlopha tse tharo-Mauritius, Chinese le Madras - mofuta wa semela wa China e le oona o lengwang ka ho fetisisa matjhabeng.
Afrika Borwa, tlhahiso ya litchi e okametswe ke mofuta wa Mauritius wa di-litchi. Hangata sehlopha sa Mauritius se lengwa naheng ena hammoho le mose ho mawatle mme o hlahisa tjhai e kgotsofatsang le ditholwana tsa boleng bo hodimo. Mohlala ke HLH Mauritius.
Sehlopha sa mofuta wa litchi wa China o hlahisa ditholwana tsa boleng bo tswang pele empa ka tjhai e fokolang. Mofuta wa China wa di-litchi hangata o na le peo e sebopeho se kang leleme la kgoho. Mefuta ya dimela e kenyeletsa Haak Yip le Three Months Red.
Sehlopha sa mofuta wa di-litchi wa Madras se beha ditholwana tse ntle tse kgubedu, empa boleng ba tholwana bo a fokola. Litchi ya McLean Red ke ya Madras.
Le hoja mefuta e mengata ya dimela tsa litchi e entswe diteko Afrika Borwa, masimo a kgwebo a litchi a itshetlehile mefuteng e mmedi, HLH Mauritius (o boetseng o tsejwa ka la Tai So) le McLean’s Red.
Litchi ya pelepele, Third Month Red e ka kotulwa ho tloha ka Mphalane. E na le tholwana e kgolo e sebopeho sa pelo ka letlalo le bofubedu bo tebileng ha e butswitse. Peo e kgolo mme bokahare bo potapotileng peo bo fetoha ho ba bosootho ha tholwana e ntse e butswa. Sefate se hola se ya hodimo empa ho thata ho seha dithutswana tsa teng bakeng sa ho di lema ka lebaka la patsi ya teng e ommeng.
HLH Mauritius e ile ya tliswa Afrika Borwa ka 1875 mme ke mofuta wa bohareng ba nako ya ho lema ka ditholwana tse mahareng ka bokahare bo romotsehang ebile bo le tswekere mme letlalo le lefubedu ha e butswitse. Sefate se holang ka sekgahla se hodimo se na le moqhaka o phatlallang, moo o leng kotsing ya ho senngwa ke moya.
McLean’s Red ke mofuta wa bobedi o lengwang ka ho fetisisa Afrika Borwa, o kotulwa bohareng ho ya pheletsong ya nako ya temo. E na le lenane le fokolang la peo ho bokahare ka lebaka la peo ya yona e kgolo empa e na le bokahare bo bonolo. Tholwana ya teng e kgubedu ka ntlha e motsu Difate di bontsha kgolo e matla e qhalakanang.
Wai Chee ke mofuta o ka sehloohong o lengwang China mme o ne o tliswe Afrika Borwa dilemong tsa 1990. Ke litchi e mahareng ka boholo ya bohareng ba nako ya temo ka letlalo le bofubedu bo bosehla, bokahare bo nkgang hamonate le peo e nyane. Sefate sa teng se teteane le ho tiya.
Dipatlisiso tsa mefuta e metjha dimeleng tsa litchi di lekola bokgoni ba tjhai le makgabane a boleng ba tholwana, jwaloka peo e nyane. Dipatlisiso di boetse di tsepamisa maikutlo ho theheng mefuta ya dimela tse nang le tjhai e ngata mathwasong a temo le hamorao nakong eo ya temo. Sena se lebisa ho eketseng ho fumaneha ha di-litchi tsa Afrika Borwa ka dinako tseo tlhahiso e fokolang ho tswa ho bahlahisi ba karolong e leboya ya lefatshe, ho bolelang theko e boima le tlhoko e eketsehang ya di-litchi tsa Afrika Borwa bakeng sa ho rekisa kantle ho naha, haholoholo China. Sena se boetse se bolela hore ho ba le tlhahiso e phahameng ya di-litchi kgweding ya Hlakola ho bapa le mekete ya selemo se setjha sa China. Mmaraka wa China o rata haholo ditholwana tse kgolo tse mmala o motle le peo e nyane.
Translated by Maletsatsi Sejake