Mmoane - mofuta o tlase wa Cannabis sativa o nang le boemo bo tlase ba sehlotshwana sa dihlahiswa tsa mmoane tse nang le THC - ke semela se pharalatswang ka moya, sa selemo le selemo se mahlaku a sephara ebile se le motso o motsu o phunyeletsang ho kenella mobung. E lengwa bakeng sa tlhahiso ya yona ya dikgwele tse telele ho etsa masela, peo ya mmoane bakeng sa oli le tshebediso tse ding.
Tlasa maemo a matle a lehodimo, mmoane o mela nakong ya matsatsi a mararo ho ya ho a mahlano. Ke semela se holang ka potlako, ka kakaretso se hlokang matsatsi a ka bang a 120 ho hola ka botlalo, mme ka ho kgetheha maemong a futhumetseng ebile a le bobebe. Tlhahiso ya peo le boima ba kakaretso (dikutu le mahlaku) e ba e tlase maemong a lehodimo a lefifi le ho phola.
Mmoane ke semela se tlhahiso e phahameng se hlahisang oli ho feta matokomane le mokedikedi o etsang pampiri o makgetlo a fihlang ho a mane ho feta difate tse mobung o lekanang ka boholo. Mmoane o ka boetse wa lengwa metsing ntle le mobu ka ho fepela ka dimatlafatsi.
Mmoane o hola hantle mobung wa loam o kenelang metsi habonolo wa pH e pakeng tsa 6 le 7.5 o nang le dihlahiswa tse ngata tsa tlhaho-bonyane 3.5%. Mobu o letsopa, o teteaneng ebile o sa kenele metsi habonolo ha o tshwanelehe mme le ditlhoko tsa mobu o lehlabathe tsa ho nosetswa ho eketsehileng le ho nontsha ho senya tjhelete.
Tokiso ya sebaka sa ho jala sethopo e bohlokwa; e tiile ebile e nepahetse e le ho jala peo ya mmoane botebong bo pakeng tsa 2 ho isa ho 3 cm. Mmoane o tshaba serame ka nako ya ho mela mme o hloka metsi dibekeng tsa pele tse tsheletseng kamora ho lengwa.
Ho nontshwa ha mmoane ho lokela ho ipapisa le tlhahlobo ya mobu, empa ka kakaretso,ho eketswa ha nitrogen, potassium, phosphorus le sebabole ho a kgothaletswa. Calcium ha e a lokela ho feta 6 000 ppm.
Jwalokaha ho boletswe ke lekala la dimela la Lekgotla la Dipatlisiso la tsa Temo (Agricultural Research Council-ARC), semela sa mmoane se tshaba nako ya kganya e kgutshwanyane. Kahoo, letsatsi la ho jala ke ntlha ya bohlokwa ho ntlafatsa tlhahiso ya mmoane wa dikgwele.
Mmoane o hloka lehlabula le le lelele le futhumetseng le kganya ya letsatsi e dihora tse pakeng tsa 14 le 16. Letsatsi le pejana la ho jala jwaloka Mphalane ho isa ho Pudungwana diprofenseng tsa Kapa Botjhabela le Kapa Bophirima, le tla etsa dijalo di be telele ka dikgwele tse ngata.
Kganya ya letsatsi e kgutsufetseng e baka ho thunya pele ho nako ha dipalesa le ho se hole hantle ha mahlaku, ho qetellang ho bakile tlhahiso e fokolang ya dikgwele.
Sebaka pakeng tsa mela le peo e jalwang sebakeng se itseng ke dintlha tsa bohlokwa tlhahisong ya mmoane hobane di susumetsa kgolo, boima ba tlhahiso le tjhai ya dikgwele tsa semela sa mmoane, ho bolela ARC. Ho sunya peo e ngata sebakeng se le seng le sebaka se siuwang se senyane dipakeng tsa mela, ho tla hlahisa dimela tse telele tse tla ba le dikgwele tse telele le peo e nyane. Bophara ba ho lema le ho teteana di kgethollwa ke mofuta wa mmoane, ke hore, oli, dikgwele kapa peo. Mohlala, ho teteana bakeng sa tlhahiso ya peo ya mefuta e melelele, ya Yuropa, ya mesebetsi e mmedi, e mmalwa ho feta mefuta ya mmoane wa peo ya oli.
Mmoane o bonolo ho o lema ka tsela ya tlhaho. O hloka dibolaya-dikokwanya tse mmalwa ebang o di hloka hobane o hola ka potlako mme o hohela dikokwanyana tse kgathatsang tse mmalwa. Ha e le hantle, semela sena se bolaya lehola le itseng, se hlwekisa mobu mme se loketse ho fapanyetswa ha dijalo, ka lebaka la nako ya sona ya kotulo e ka bang matsatsi a 120.
Mmoane o ka lengwa e le semela sa phapanyetsano le dimela tsa dithollo tse jwaloka dinawa, koro le lesere ho thibela kgolo ya mafu le dikokwanyana tse bakang mafu. Dithuto tsa Canada, le ha ho le jwalo, di supa hore mmoane ha o a tshwanela ho lengwa kamora canola, dinawa tsa soy kapa sonoblomo ka lebaka la kotsi ya ho bola ha kutu ho bitswang Sclerotinia (mokola o mosweu).
Ho kotula mmoane bakeng sa dikgwele ho bonolo ho feta ho kotula mmoane bakeng sa peo ya mmoane. Ho kotula mmoane o lemetsweng dikgwele tsa oona, ho ka kotulwa ka metjhini e etseditsweng dimela tsa furu, tseo ka kakaretso di holang hantle ntle le diphetoho tse kgolo.
Motjhini o mohoma o otlolohileng ke oona o lokileng ka ho fetisisa ho kotula mmoane o etsang masela. Motjhini ona o siya dikutu tse sehilweng di ntse di eme hantle, di adilwe ka makgethe ebile di hlophisitswe ka kotloloho fatshe. Metjhini ya Haybine ha e sebetse hantle hobane dikutu tse telele di ikgarela ka tshepe. O se sehe ka tlase ho 10 cm ka hodima mobu.
Mmoane (wa tlhahiso ya peo) o loketse ho kotulwa hang ha kgaketlana tsa peo di omme mme le dipeo di le pepeneneng. Serame se tla thusa ka motjha wa ho omisa dikgaketlana tsa peo mme ka kakaretso, kotulo e tla qala matsatsi a mmalwa kamora serame. Palo-hare ya tjhai ya 750kg ka hektara e fihletswe Canada.
Dihwai tsa mmoane Afrika Borwa di amohela peo ho tswa dinaheng tse ding mme di hloka lengolo la tumello le ikgethang ho dumella ho rekwa kahara naha ‘dihlahiswa tse laotsweng’. Mangolo a tumello a peo a ajwa ke Lefapha la Temo, Meru le Tshwaso ya Dihlapi. Dihwai di dumelletswe ho lema feela peo e netefaditsweng ya mefuta e amohelehang e nang le THC e tlasa 0.1%. Peo e fumanwa Czech Republic, Spain, USA le France.
Lengolo la tumello la ho lema mmoane Afrika Borwa ha jwale le etswa tlasa ‘dipatlisiso’ mme ha le fumanehe bakeng sa tlhahiso ya kgwebo ya mmoane. Dihwai tsa mmoane tsa kamoso ba lokela ho tlisa leano la dipatlisiso hammoho le dikopo tsa bona. Diforomo tsa dikopo di ka fumanwa dikantorong tsa African Health Products Regulatory Authority (SAHPRA) mme di qosa R902 (2019).
Naheng ya Canada, dihwai tsa mmoane tse hlokang tumello ya ho lema mmoane, di lokela ho fana dintlha tsa sebaka tsa GPS tsa dihuku sebakeng sa tlhahiso ya mmoane, mmapa wa sebaka sa tlhahiso ya mmoane o bontshang dibaka tse haufinyane tse bonahalang le mebila, lebitso la mofuta wa mmoane o tlang ho lengwa le netefaletso ya tshireletso e tswang sepoleseng.
Translated by Maletsatsi Sejake