Ho Lema Thyme

Phatlalatso

©Louise Brodie
Ho phatlalatswa ho tswa peo empa thyme e ka fetiswa hape ka ho lema kapa ho arola semela se tiisitsweng le ho lema sena.

Mokgwa wa ho Jala

Palo e kgolo eya semela se hlahisitsweng sebakeng sa semela se etswa ke balemi ba mechine. Ho lenngwa ke balemi ba bangata ba kgwebo ho atisa ho etswa ka ho lema dipeo tsa thyme tse entsweng ka sethopo. Sena se fa molemi matla a mangata a ho laola sethala sa semela le se tshwanang. Dimela tsa thyme di lenngwe ka ditho tse kgaotsweng tse ka bang 6 mm ka hare. Ha peo e se e medile mme dipeo tse matla di hodile, tsena di lengwa tshimong.
Dimela tsa Thyme di lokela ho arolwa ka cm 20 kahare ho mela se ka bang 50 cm ka ntle. Ena le setsi sa dimela tse ka bang 80 000 ka hektare. Ho kenya tshebetsong le ditsela tsa terekere di setseng bakeng sa mekgwa ya tsamaiso le kotulo.

Nako ya ho Jala

Ho jala ha thyme ka ho toba ho etswa tshimong ka hwetla. Afrika Borwa, sena se tla ba ho elella bofelong ba Hlakubele kapa mathwasong a Mmesa mme se tiise hore dipeo di hlahe pele ho mariha le hore nakong ya selemo di matla ebile dia tiiswa.
Jala peo ya dipeipi sebakeng se sireleditsweng kapa ho futhumatsa ka Phuptjane le mathwasong a selemo dipeo tsa thyme di lokela ho ba le matla a ho lema masimong. Hangata dipeo di matla ka ho lekaneng ho lema dibeke tse robedi ka mora ho jala peo.

Nako ya ho Lema

Jala dipeo tsa thyme mathwasong a selemo. Afrika Borwa e lema dipeo ho elella bofelong ba Phato ho ya pele ho Lwetse ka mora serame sa ho qetela.

Nako ya Kgolo

Dibeke tse robedi lebatleng la sethopo di lokela ho hlahisa dipeo tse matla tsa thyme tse loketseng ho lengwa masimong. Bakeng sa tlhahiso e ntle ya thyme, bahlahisi ba bang ba qala ho kotula dithuto tse ncha tsa ho hola ho tloha dibekeng tse 12 ho tloha ho lema. Ka mora moo kotulo ya bobedi e ka etswa pele ho hoetla. Selemong sa bobedi sa kotulo se tla hlahisa mefuta e mengata. Dimela tsa Thyme di ka kotulwa dilemo tse nne ho isa ho tse hlano haeba di ka sebediswa hantle. Dimela tsa Thyme di fetoha tse matla haholo mme dia fofa ha di ntse di hola ka hona ho eletswa hore o nke sebaka sa dimela dilemo tse nne ho isa ho tse hlano.

Manyolo

Bakeng sa tataiso e bobebe, tlhahiso e latelang e ka sebediswa ha ho se na tlhahlobo ya mobu. Kopo ya dikhilokgrama tse 250 tsa 3:1:5 e ka phatlalatswa mme ya kenngwa mobung o ka hodimo ho 20 cm pele o lema dipeo. Sena se tla etsa hore dipeo tse ncha tsa thymedli qale hantle ho iketsetsa tsona. Dikgweding tse 12 tsa pele, ke habohlokwa ho boloka dimela di ntse di hola kahoo dikhilokgrama tse pedi tsa dikhilokgrama tse 3:1:5 di ka sebediswa hammoho le mela tsa dimela, e nngwe ka Tshitwe le e nngwe ka Hlakubele. Ho eletswa ho lema ka mora kotulo e nngwe le e nngwe ya kotulo.

Ho Nosetsa

Semela sa thyme ke semela se thata ebile ha se hloke metsi a mangata. Haeba ho lenngwe ntle le ho nosetsa ho sa feleng, pula e ka bang 500 mm ho feta selemo e lokela ho ba e lekaneng. Ho kenya ho nosetsa ka ho sa feleng ha ho jwalo ho eketsa chai. Ka hodima metsi kapa ho nosetsa ho loketse empa ha ho fetile-ho nosetsa ha sena se baka mafu a metso le ho fokotsa matla a oli a bohlokwa ho semela.
Ho itshetlehile ka mefuta ya mobu le boemo ba lehodimo, mefuta e mengata ya nosetso e tla fapana le tshimo ho ya tshimong. Mokgwa o motle o ka ba pakeng tsa 20 le 25 mm ka beke nakong ya dikgwedi tse futhumetseng tsa lehlabula le ho fokotseha nakong ya dikgwedi tse phodileng kapa tsa dipula tsa selemo. O se ke wa nosetsang beke pele ho kotulwa, empa nosetsa hang ka mora kotulo ho kgutlisetsa mobu obe mongobo o lekaneng wa ho fokotsa kgatello ya kelello. Ho eletswa ho kenya disebediswa tsa mongobo ho boloka mobu.

Translated by Sebongile Sonopo