Ho Lema Di-Avocado

© Edrean

Ho lengwa ha avocado ho tshwanelwa haholo ke boemo ba lehodimo bo mahareng ebile bo le mongobo ka palo-hare ya themphereitjhara ya letsatsi le letsatsi ya 20 ho ya ho 25˚C. 

Afrika Borwa, dibaka tse itseng di loketse tlhahiso e hodimo ya temo ya avocado, ha feela boemo ba lehodimo bo loketse. Dibaka tsena di kenyeletsa diprofense tsa Limpopo le Mpumalanga hammoho le dikarolo tse itseng tsa KwaZulu-Natala, Kapa Botjhabela le Kapa Bophirima.

Kgetho ya Mefuta ya Avocado

Ho kgetha mefuta e loketseng ya avocado, ho ya ka leano la papatso, tlhokeho mebarakeng, le boemo ba lehodimo ba polasi hammoho le ho fumaneha ha metsi. Mefuta e meng ya dimela e kgona ho mamella mohatsela o mahareng le serame sa nakwana. Hodima moo, mefuta e meng e batleha haholo bakeng sa ho romelwa kantle ho naha kapa kahara naha mme ka lebaka leo, kgetho e lokela ho etswa pakeng tsa mefuta e letlalo le letala le le letsho. Ho feta moo, kgetha mofuta wa peo o tla beha ka potlako kapa nako e se e ile ho netefatsa phepelo e ngata ha avocado e sa fumanehe habonolo.   

Ho bohlokwa ho reka disebediswa tsa dimela tsa boleng bo hodimo tse seng di thatafaditswe ditsing tsa dimela tse tshepahalang.

Ho Lengwa ha Avocado

©Subtrop

Bakeng sa dihwai tse ntjha, ho bohlokwa ho hopola hore difate tsa avocado, ho itshetlehile ka hore ke mofuta ofe wa sesebediswa sa semela o sebediswang,di ka nka dilemo tse 7 ho ya ho tse 10 hore di hlahise ka botlalo. Difate tse lomositsweng tse tswang ditsing tsa dimela tse tshepahalang hangata di beha hanyane selemong sa boraro kamora ho lengwa. 

Di-avocado di hola hantle mobung o nang le letsopa la 20 ho ya ho 40% empa di hloka mobu o kenelang metsi habonolo hore ho kgone ho laolwa ho bola ha metso, hoo hangata ho bakwang ke hlobo ya Phytophthora cinnamomi. Tlhahlobo e phethahetseng ya mobu pele ho lengwa e tla bontsha dikgaello tse ka lokiswang ka nako ya ho jala. 

Sebaka sa ho lema pakeng tsa dimela se tla ya ka tlwaelo ya kgolo ya mefuta ya peo. Mohlala, Fuerte e ka ba kgolo mme ya nama, ha Hass e hola e ya hodimo. Ho feta moo, sebopeho sa serapa sa ditholwana se tla itshetleha letswapong le dintlha tse ding, tse jwaloka hore se shebile leboya kapa botjhabela, mofuta wa mobu, mekgwa ya ho fokotsa mobu hammoho le ho fumaneha ha metjhini. Ho na le mohato wa ho tjheka ha ho lokiswa mobu bakeng sa ho lema ho hotjha empa ho itshetlehile ka ho fumaneha ha tjhelete le mofuta wa mobu.

Taolo ya Masimo a Avocado

Tshebetso ya masimo tlhahisong ya avocado e tla itshetleha dintlheng tse fapaneng jwaloka mookamedi le mofuta wa botsamaisi, boholo ba tshebetso ya kgwebo le tjhelete e teng. Diketso tse ding tsa taolo di kenyeletsa ho nosetsa, ho faola le ho nontsha. Tse ding tsa diketso di akareditswe ka tlase. 

Difate tsa avocado di thefulwa habonolo ke maemo a nang le metsi a mangata hammoho le kgatello ya komello mme ho nosetswa ho lokela ho laolwa ho qoba maemo ana a tebileng. Ka lebaka la boemo bo sa tsitsang ba metsi Afrika Borwa, ho nosetsa ka dikgohola ha ho kgothaletswe. Ho nosetsa ka micro-jet (metjhini e nosetsang) ho sebediswa haholo mme ho na le mohato o matla wa ho nosetsa ka rothe ka lebaka la tshebediso e ntle ya metsi ya mokgwa ona.  

Ho faola ho a hlokeha mariha kamora kotulo mme ho ka hlahlangwa ke ho faola hanyane hape lehlabula. Mekgwa ya ho faola e a fapana ho ya ka mefuta ya dimela. Ha makala a maholo a pepeswa kganyeng ya letsatsi ka lebaka la ho faolwa, a lokela ho sireletswa hore a se tjheswe ke letsatsi ka ho tshasa pente ya PVA (pente ya metsi) kapa pente e etseditsweng ho sireletsa ho tjheswa ke letsatsi. 

Ho nontshwa ha avocado ho tla itshetleha sephethong sa tlhahlobo ya mobu le mahlaku. Dimatlafatsi tse hlokehang ka bongata di ka kenyeletsa nitrogen, phosphorus, potassium, sulphur, calcium le magnesium. Dimatlafatsi tse hlokehang ka bonyane ke tse kang boron, zinc, copper, sodium, iron, le manganese. Dijalo tse kwahelang di ka sebediswa ho fana ka mefutafuta ya dimela masimong a ditholwana ho kgothaletsa dibatana tsa tlhaho, ho thibela tahlehelo ya mongobo mobung le ho bopa monontsha wa tlholeho.  

Peo ya avocado ha e tsamaiswe ke moya mme e hloka hore peo e tsamaiswe ho fumana ditholwana tse ntle. Agricultural Research Council (ARC) e eletsa hore ho be le dihlopha tse pedi ho ya ho tse nne tsa dinotshi hektareng kanngwe bakeng sa tsamaiso ya peo e sebetsang.

Dikokwanyana tse Kgathatsang le Mafu a Avocado

©Photo courtesy of the California Avocado Commission

Ho bola ha metso ho bakwang ke Phytophthora cinnamomi ho hlaha masimong a avocado lefatshe ka bophara. Matshwao a kenyeletsa ho sehlefala le ho hlohloreha ha mahlaku le ho ntshofala ha metso. Afrika Borwa, ke le leng la mafu a maholo a amang difate tsa avocado. Anthracnose ya avocado ke lefu le leng le tlwaelehileng le bakang matheba a bodileng bokahareng ba tholwana e butswitseng.

Mofuta o mong wa Phytophthora o baka mafu a mang a kutu ya difate tsa avocado. Letheba la Cercospora le bakwa ke hlobo ya Pseudocercospora purpurea, e bakang matheba a motsu mahlakung le matheba a manyane a masootho tholwaneng. 

Lefu la makgekgefa a sebopeho sa pelo e batla e le kgathatso e kgolo ho mofuta wa Hass mme ha ntsintsi ya ditholwana le serurubele di senya tholwana ya avocado, taolo ya tsona e ka rerelwa ho boloka tjhebeho ya tholwana. Masimo a ditholwana a avocado ha a na dikokwanyana tse senyang ka lebaka la taolo ya tlholeho ke dikokwanyana tseo e le dira ho tsona. Tshebediso ya tjhefu e bolayang dikokwanyana masimong a ditholwana a avocado e fella ho ho peitelwa ha ntsintsi ya ditholwana le hore tshebediso ya dik’hemik’hale e a hlokeha na. Dihwai tsa avocado di kgothaletswa ho sebedisa mekgwa e kopaneng ya taolo ya dikokwanyana IPM (integrated pest management). 

Translated by Maletsatsi Sejake