Ho Jalwa Ha Chives

© Louise Brodie

Katiso

Ho atiswa ha chives ho tswa peong. Dimela le dikotola di ka arolwa le ho jalwa ka mokgwa o tshwanang le wa sethopo.

Mokgwa Wa Ho Jala

Ha ho jalwa ke balemi ba kgwebo ba baholo ho etswa ka ho jala peo ka kotloloho kapa ka sethopo. Peo e kenngwa mobung botebo ba 1.5 mm. Peo ya chives e mela le ho hlahella ka hodima mobu matsatsing a ka bang a supileng ho ya ho a leshome mme sethopo se ka jalwa masimong kamora dibeke tse ka bang tse nne ho ya ho tse hlano. Ebang ho jalwa ka kotloloho, ho kgothaletswa ho jala habedi peo e hlokwang mme e hasanngwe ebang ho hlokeha. Ho jalwa ho etswa ka metjhini kapa ka letsoho, ho ya ka boholo ba tshebetso.

Sebaka Pakeng Tsa Dimela

Jala chives sebaka sa 15 cm dipakeng, meleng e arohaneng ka 20 cm. Sena ke sebaka sa dimela tse 400 000 tsa chives ka hektara. Ditsela tsa ho sebetsa le tsa trekere di a siuwa bakeng sa taolo le ho kotula.

Nako Ya Ho Jala

Jala peo ya chives ka kotloloho masimong mathwasong a selemo kapa lehwetla. Afrika Borwa ke mathwasong a Lwetse kapa Mmesa. Ho jalwa ha sethopo sa chive ho ka nna ha etswa ka yona nako ena. Dimela tse seng di le teng di ka arolwa le ho jalwa.

Nako Ya Kgolo

Bahlahisi ba kgwebo ba qala ho kotula mahlaku a matjha a chives dibeke tse hlano ho ya ho tse tsheletseng kamora ho jala. Dimela tsa chives di ka kotulwa dilemo tse pedi ho ya ho tse tharo mme kamora moo di ka arolwa le ho jalwa. Dihwai tse ding tsa kgwebo di tla jala sethopo hape selemo le selemo.

Ho Nontsha

Pele ho jalwa, ho lokela ho be ho rometswe mobu o monyane o emetseng mobu wa ho jala laboratoring ho lo etswa ditlhahlobo. Sena se tla hlaola mofuta wa mobu hammoho le ditlhoko tsa dimatlafatsi tse hlokehang bakeng sa semela se jalwang. 

Bakeng sa tataiso e akaretsang, kgothaletso e latelang e ka sebediswa ebang mobu o sa iswa ditlhahlobong: Sethatong ho ka tshelwa 300 kg ya 3:1:5 mme ya kenyeletswa mobung o ka hodimo wa 15 cm ho ya ho 20 cm pele ho jalwa. Hona ho tla fa dimela tse ntjha qalo e ntle hore di iphumane. Ho bohlokwa ho beha leihlo kgolong mme ho nkwe qeto hore ho sa hlokeha nitrogen e eketswe ho matlafatsa kgolo. Ho nontsha ka ente ho lekanang le moo ho ka nna ha etswa ka ho nosetsa ka rothe kamora hoba peo e mele le ho hlahella ka hodima mobu. Nontsha ka 250 kg ya LAN hektareng kamora kotulo e nngwe le e nngwe.

Ho Nosetsa

Boholo ba dihwai tsa kgwebo tsa chives bo kenya mokgwa wa ho nosetsa wa rothe ka ha hona e le mokgwa wa sebele wa laola mongobo mobung. Semela sa chive ha se a lokela ho nosetswa ho tlola tekanyo, mme mobu o lokela ho dumellwa ho oma e be o a nosetswa hape. Ho hlahisa mahlaku a matjha, netefatsa hore semela se nosetswa ka ho lekaneng. O se ke wa nosetsa ho tlola tekanyo ka ha hona ho ka baka mafu a dikotola kapa a mafu a mahlaku. Kahoo, ho a kgothaletswa hore ho kenngwe disebediswa tse lekanyang mongobo mobung.

Ho ya ka mefuta ya mobu le boemo ba lehodimo, palo-hare ya ho nosetsa ho lokileng ke pakeng tsa 25 le 30 mm ka beke hang ka dikgwedi tse futhumetseng tsa lehlabula le ho fokotsa ho nosetsa dikgweding tse phodileng kapa tsa dipula tsa selemo. Mobu o boima o ka nosetswa hang dibekeng tse pedi. Leka ho qoba ho nosetsa pele ho kotulo empa o nosetse hang kamora kotulo ho kgutlisetsa metsi ebang o batla ho susumetsa semela ho hlahisa hape. 

Translated by Maletsatsi Sejake