Taolo Ya Semela Sa Chive

© Louise Brodie

Tjhai - Ditone Ka Selemo Hektareng

Palo-hare ya tjhai ka selemo hektareng e ka ba ditone tse 16.

Kotulo

Ho kotulwa ha chive ya kgwebo hangata ho etswa ka motjhini. Dikarolong tse nyane tsa tlhahiso le kahara dikgele tsa dijalo e ka kotulwa ka letsoho le ha hona ho le ditjeho tse hodimo.

Qala ho kotula hoseng ha themphereitjhara e sa phodile, empa ha mahlaku a se a omme. Ho kotulwa ha mahlaku a ka thoko ho ka qala dibekeng tse 10 kamora hoba ho jalwe peo. Dihwai tse kgolo tsa kgwebo di tla ema nako e teletsana mme ba kotule sehlotshwana kaofela, ba kgaola ngatana 3 - 5 cm ho tloha fatshe mme ba etsa dingatana tse thabelwang. Ebang hona ho etswa ka letsoho, mahlaku a ka thoko a ka kguwa pele kapa ngatana kaofela e ka kguwa be e hlophiswa ho ya ka boholo. 

Poloko

Tlhahiso e ntjha: Kamora kotulo boloka chive e ntjha ho 2˚C. Chive e ka bolokwa matsatsi a ka bang 5 ho ya ho a 7. Ntho ya bohlokwa e lokelang ho hopolwa ke ho boloka mahlaku a omme kahara mekotlana e kwetsweng. Ditlama tse ntjha di fellwa ke tatso ya tsona kapele, mme ho bohlokwa ho rekisa le ho sebedisa chive e ntjha kapele kamoo ho kgonehang kateng. Chive e ntjha e ka kgabelwa mme ya tshelwa kahara mekotlana e sa keneleng moya kahara sehatsetsi se hwamisang.

Dikokonyana Tse Kgathatsang

Hwaba (Aphids), seboko se kgaolang (Cut Worms), Seboko sa metso (Root Maggots) le Thrips, ke tse ding tsa dikokonyana tse tsejwang tse kgathatsang.

Mafu

Botrytis, Downey Mildew, Pink Rot le White rot.

Ho hlokolosi ho imatahanya le lenaneo la tshireletso ya dimela jwalokaha mohokahanyi wa tsa temo a eleditse kapa setsebi sa tsa mobu. Barekisi ba lehae ba dik’hemik’hale ba na le mananeo a nepahetseng kapa ba ka fana ka lesedi jwaloka baeletsi ba hlwahlwa ba haufi le sebaka sa tlhahiso. 

Translated by Maletsatsi Sejake