Disirilamunu Afrika Borwa

©Louise Brodie

Sirilamunu ya Kapa e letlalo le mahwashe ke mofuta wa kgale Afrika Borwa. E ne e tliswe naheng ke St Helen ka 1654. Difate tsa sirilamunu di ile tsa lengwa diratswaneng tsa dihlotshwana tsa Dutch East India Company, hammoho le ditholwana tse ding le meroho ho fepela barekisi ba Yuropa ka dihlahiswa tse ntjha tseleng e lebang Botjhabela, moo ba neng ba reka dinoko le silika. 

Difate tsa sirilamunu di ne di lengwa ka thoko ho mmila Kimberley ka ntwa ya Anglo-Boer. Letsholo la ho lema difate tsa ditholwana Soweto pele ho Mohope wa Lefatshe wa bolo ya maoto ka 2010 le ile le tsosolosa ho lengwa ha difate tsa citrus diratswaneng.

Tlhahiso

©Louise Brodie

Jwalokaha ho boletswe ke Citrus Growers Association, Kapa Botjhabela ke mohlahisi ya ka sehloohong wa disirilamunu ka sebaka se ngodiseditsweng ho romelwa ha thepa kantle ho naha se etsang 47% se hlahisang disirilamunu ka 2018. Limpopo ke sebaka sa bobedi se seholo ka ho fetisisa, ka 34% ya tlhahiso yohle, ha Kapa Bophirima e le sebaka sa boraro se seholo ka ho fetisisa, ka 11% ya sebaka sohle sa tlhahiso se ngodiseditsweng ho romela thepa kantle ho naha.

Mefuta

©Louise Brodie

Eureka ke mofuta o ratwang haholo wa sirilamunu lefatsheng lohle mme ka 2018, e ile ya ikarabella ho palo e fetang 80% ya sebaka sohle se ngodiseditsweng ho romelwa kantle ha disirilamunu Afrika Borwa. Mofuta ona o ne o qale pele ka ho bitswa “Garey’s Eureka” ke Thomas Garey eo ka 1877 a ileng a kgetha le ho hodisa thupa e dinoko ho tswa sethopong se neng se tswa Italy (mohlomong Lunaria) mme ya lengwa Los Angeles ka 1858. 

Mofuta ona o na le letlalo le boreledi le lesehla, lero le lengata mme o na le peo tse mmalwa. Ho itshetlehile ka boemo ba lehodimo le sebaka sa tlhahiso, tholwana e ye e kotulwe mathwasong ho ya pheletsong ya mariha. 

E ka ba 9% ya sebaka e neng e le tlasa Lisbon, ha 4% e ne e le tlasa Limoneira mme 3% e tlasa Genoa. Lisbon, jwalokaha e suptjwa ke lebitso la yona, e tswa Portugal. Ke mofuta o kgonang ho mamella serame ka ho fetisisa mefuteng e mene e ka sehloohong e lengwang Afrika Borwa mme o beha ditholwana tse batlang di le mahwashe mme di na le tlhoko e sa tswang jwaloka ya Eureka.

Hangata tholwana e kahara sefate, ho thusang ho sireletsa tholwana boemong ba lehodimo bo seng botle le ho tjhesweng ke letsatsi, ho etsang nako ya ho kotula e be kgutshwanyane. 

Limoneira e tswa California. E beha haholo mme e na le dipeo tse mmalwa ho feta Eureka. Tholwana e butswa ka botlalo ho tloha ka Mmesa ho fihlela ka Phupu, ho itshetlehile ka sebaka sa tlhahiso. Difate di ka kopana ka mefuta e mengata ya kutu e metsong. 

Genoa e tswa Italy. Ke mofuta wa pejana mme hangata e jara ditholwana tsa yona tlase difateng, ho thusang ho sireletsa ditholwana ho tjhesweng ke letsatsi le serameng. Difate ha di na meutlwa mme di ka kopanngwa ka mefuta e mengata ya dikutu tse metsong. 

Setsi tsa Diphuputso sa Temo (ARC) se Afrika Borwa se hlahisitse sirilamunu ya pele e se nang peo lefatsheng ka phetoho ya Eureka ka 1998. Mofuta ona, o bitswang EurekaTM, le ha ho le jwalo, ha o a ka wa atleha ka ha o ile wa bontsha o fokola mme o thefulwa habonolo ke kotulo ho feta mefuta e nang le peo.

Nako ya Selemo ya Tlhahiso

Nako ya selemo ya tlhahiso e matha ho tloha ho Hlakola ho ya ho Lwetse, ho itshetlehile ka mofuta le boemo ba lehodimo lebatoweng la tlhahiso.

Translated by Maletsatsi Sejake