Dihlahiswa tsa Mehlwaare

© Roger de la Harpe

Mehlwaare ke tholwana tse ka sebediswang ka mekgwa e mengata, di sebediswa ho etsa dihlahiswa tse melemo e eketsehileng, ntle le ho hlahisa oli ya mehlwaare - e leng sehlahiswa se ka sehloohong sa mehlwaare Afrika Borwa. Dihlahiswa tse ding tse amanang le mehlwaare di kenyeletsa table olives, dijo tse sebeditsweng tsa mehlware, tse kang sereledi sa mehlware le dihlahiswa tsa ho hlokomela letlalo tsa mehlware. 

Oli ya mehlware e e etswa ka ditekanyetso tse fapaneng, boleng bo hodimo e le ba oli ya mohlware e sa tswakwang, ebile e nang le melemo ya bophelo bo botle.  

Di-oli di ka boela tsa kenngwa nokwa kapa tsa tswakwa le dinoko tse nang le tatso ho etsa dihlahiswa tse ikgethileng tse kang oli ya truffle, oli ya mehlware e tswakuweng le fennel kapa chili le oli ya konofolo.

Mehloaare ea Tafoleng

Mehlware e sa tswa kotulwa e bodila mme e hloka ho lokiswa hore ho tlhotlwe lero le bodila la glucoside tholwaneng pele e ka jeha. Mekgwa e mengata ya ho phekola mehlwaare: ho phekola ka brine ho kenyeletsa mokgwa wa lacto-fermentation - ho inela mehlwaare metsing a letswai nako e itseng. Mehlwaare e ka nna ya phekolwa hape ka hore e behwe kahara letswai, ho inelwa metsing le ho tsokotswa kgafetsa nakong ya dikgwedi tse ngata hammoho le ho etsa ho bitswang lye curing - e le mokgwa wa Spain o sebedisetswang mehlwaare e metala.

Mefuta e ratwang haholo bakeng sa tlhahiso ya table olives Afrika Borwa ke Manzanilla, Mission le Kalamata. 

Manzanilla e nonopetseng, e dinamanama (‘apole e nyane’ ka puo ya Spanish) ke mofuta o ikgethang bakeng sa tshebetso e tala mme o na le kabo e kgolo ya pete le dikahare. E loketse ho sebediswa e le mohlwaare o ntshitsweng pete kapa mohlwaare o ka topelwang dijo tse ding, empa o na le oli e tlase. 

Mission e nyane ho Manzanilla. Ke mofuta o jalwang ka ho fetisisa Afrika Borwa - 659 hektara ha ho bapiswa le 133 hektara e jalwang ya Manzanilla. E loketse tlhahiso ya table olives tse ntsho, empa e ka sebediswa hape bakeng sa oli ya mehlwaare.   

Mehlwaare ya Kalamata e a eketseha Afrika Borwa moo ho lengwang hektara tse 161. E sebediswa bakeng sa table olives tse ntsho mme oli ya teng e tlase ho feta ya Mission.

Dihlahiswa tsa Table Olive

Mehlwaare e ka kenngwa letswaing, ya bolokwa ka asene kapa ya bolokwa ka oli mme ya hloka tatso kapa ya nokwa. Mehlwaare ya tatso ya sehwapa, mehlwaare e nokilweng ka ditlama, e kopantsweng le tamati e omisitsweng letsatsing le cheese ya feta kapa pesto kaofela ke mehlala ya dihlahiswa tsa mehlwaare e melemo e ekeditsweng.

Table olives di ka kenngwa metsing a letswai, oling kapa di tshelwe ka mokgwa wa ho hlatsuwa ka nitro - kahara dipakana, makotikoti kapa dinkgwana tsa kgalase. Ditshelo tse kgolo tsa mehlwaare tse kaalo ka 5 kg le 15 kg di tshelwa kahara dinkgo tsa plastiki. Mehlwaare e ka makotikoting e na le ho lahlehelwa ke boleng ba phepo tshebetsong. 

Mehlwaare e ka omiswa ka serame, ya omiswa ka moya o futhumetseng kapa ya omiswa letsatsing.

Dihlahiswa tsa Mehlwaare e Sebeditsweng

Mehlwaare e ka kopanngwa le dihlahiswa tse ding, tse kang eiye le chillies ho etsa moro o tatso, chutney le jeme kapa e ka bolokwa ka asene mme ya matlafatswa ka konofolo kapa ditlama. 

Sereledi sa mehlwaare ke setlotsa se entsweng ka mehlwaare e metsho e ntshitsweng pete le ho silwa, ha tswakwa le capers le oli ya mehlwaare. E ka nokwa ka di-anchovy, sirilamunu le thyme mme ya sebediswa e le sereledi bohobeng kapa ya kenyeletswa dijong tse nang le tlhapi, pasta kapa meroho.   

Olive paté e entswe ka mehlwaare e sitsweng, e ka nokwang kapa ya tlohelwa e le jwalo.

Tlhokomelo ya Letlalo ya Tlholeho

Oli ya mehlwaare haesale e sebediswa e le sethibela-dikokwanahloko, sehlwekisi, setlolo le oli e sidilang letlalo, manala le moriri ka dilemo tse balwang ka dikete. Tshebediso ya sejwalejwale ya oli ya mohlwaare e kenyeletswa ho sesepa, dihohla-mmele, ditlolo tse nkgang hamonate le mafura, dihlahiswa tsa masea tsa mehlwaare le ditlolo tse tebelang dikokwanyana.  

Oli ya mohlwaare e na le disebediswa tse ngata tse molemo tse kenyeletsang vitamin E, squalene, polyphenols hammoho le mefuta ya di-esiti tse lokileng tse mafura - haholo oleic acid 75% - empa hape linoleic acid, linolenic acid le palmitic acid.

Di-polyphenols di na le seabo ho beng disebediswa tsa meriana tsa oli ya mohlwaare mme di kenyeletsa ho tlosa motjheso, ho thibela dikokwanahloko le ho laola masole a mmele. 

Ho dumelwa ha oli ya mehlwaare e le oona feela mohlodi oo ho kgonehang hore e ka ba wa semela wa squalene le squalane. Metswako ena, e fumanehang hape kahara sebete sa leruarua, ke ditlolo tsa tlholeho tse ka fokotsang maswebe, mehwabadi le ho fifala ha letlalo.

Oleic acids (omega 9) di tsejwa ka ho thusa ho fokotsa dandruff le ho hlohleletsa kgolo ya moriri. Linoleic acids (omega 6) e thusa ho fodisa maqeba, ho thoba makgopho le ho boloka mongobo letlalong le moriring. Linolenic acid (omega 3) e fokotsa ho ruruha mme vitamin E ke antioxidant e matla mme e ngata oling ya mehlwaare e sa tswakwang. 

Ela hloko: Lesedi lena le reretswe ho ba thuto le ho ba tlhahiso-leseding feela mme le se ke la nkwa e le keletso ka tsa bongaka. Lesedi lena ha le a rerelwa ho kena dieteng tsa keletso ya bongaka kapa pheko e tswang ho mosebeletsi wa tsa bophelo.

Translated by Maletsatsi Sejake