Tlhahiso ya Sirilamunu

© Louise Brodie

Disirilamunu di tswa Borwa-botjhabela ba Asia mme tholwana ena ya citrus e nnile ya hlomphuwa haholo ka lebaka la makgabane a yona a ho hlwekisa ho tloha nakong tsa boholoholo. E kile ya ba ya sebediswa e le pheko ya ditjhefu tse itseng. Roma ya boholoholo, disirilamunu di ne di bonwa e le ntho ya majabajaba e behetsweng barui, diteboho ho makgabane a yona a ho fodisa, monko o monate le leqeme la yona. Ka tshebetso ya DNA ho ile ha sibollwa hore disirilamunu di tswa ho nyadisweng - lamunu e bodila le citron.

Tlhahiso ya Matjhaba

©Louise Brodie

India ke mohlahisi ya ka sehloohong wa disirilamunu mme e bile le boikarabelo ba 17% ba tlhahiso ya lefatshe lohle ka 2018, jwalokaha ho bontshitswe ke Tridge. Mexico e bile boemong ba bobedi, ka 14% ya tlhahiso. E hlahlangwe ke China, ka 13.2%. 

Spain ke yona e di hulang pele ka ho romela disirilamunu kantle ho naha, ka palo e atametseng 18% ya ho romelwa ha thepa kantle ka 2018. Le ha ho etsahetse hape, Mexico e boemong ba bobedi, ka palo e ka bang 16% ya ho romela kantle ho naha. Turkey le Afrika Borwa, ka tatelano di na le 9.6 le 9.4% ya ho romela thepa kantle. 

Dinaha tse kopaneng tsa Amerika ke yona e ka sehloohong ka ho amohela thepa, ka palo e fetang 15% ya ho amohela thepa yohle ka 2018. Germany e e setse morao haufinyane ka 11%, ha France le Netherlands, e nngwe le enngwe e ikarabela ka palo e ka bang 7% ya ho amohelwa ha thepa kahara naha hohle.

Tshebediso

©Louise Brodie

Disirilamunu di bodila, mme ha se hangata di jowang di le ntjha jwalo kapa di le ding. Le ha ho le jwalo, lero le letlalo la tsona a hlokwa haholo ho tlisa tatso dijong tse fapaneng, ho tloha dihlahisweng tse bakuweng ho ya nameng e phehuweng le merohong le metswakong ya ho noka disalate. Afrika Borwa, bareki ba tlhapi le di-chips hangata ba fumana dikgetjhana tsa sirilamunu le dijo tsa bona. 

Sirilamunu e boetse e sebetsa ka bokgabane ho nolofatsa nama mme e thusa ho thua mafura. E ka sebedisetswa poloko ya ditholwana, e bitswang marmalade kapa dikgetjhana tsa tholwana tse omisitsweng le ho fafatswa ka tswekere. Ntle ho mona, lero le ka sebediswa ho etsa dino, tse kang lemonade, teye le mofuta wa tahi wa liqueur. Dikgetjhana tsa sirilamunu di sebediswa ho kgabisa dino kapa ho fa metsi tatso. 

Disirilamunu di ruile ka divithamini le diminirale, mme di bonwa e le moriana o loketseng tshilo, di thusa masole a mmele mme di tsosolosa le letlalo. Hangata batho ba e nwa hammoho le disebediswa tse ding, jwaloka manepe, jwala ba whiskey le sinamon, e le ho lwantshwa mokgohlane, e tsejwang ka hot-toddy. 

Di ka sebediswa ho thibela ditholwana, jwaloka diapole, ho ba sootho, mme ka lebaka la bokgoni ba tsona ho fokotsa mafura, disirilamunu di ka boetse tsa sebediswa e le sehlwekisi. Dipitsa tse tjheleng, ka mohlala, di ka sidilwa ka sirilamunu mme tsa tlohelwa bosiu bohle ho nolofatsa ho hlwekisa. E ka sebediswa hape ho etsa enke e sa bonahaleng kapa e le sesweufatsi le ho ba oli ya bohlokwa.

Translated by Maletsatsi Sejake