Paenapole e bopehileng jwaloka khounu ya paene (Ananas cosmosus) ke tholwana e tholahalang Afrika Borwa dibakeng tsa terophika mme e holela dibakeng tsohle lefatsheng. Ditholwana ke setho sa lelapa la Bromeliaceae, e leng matswallwa a dinaha tsa tropike tse Amerika. Ke lelapa le fapaneng la dimela le mefuta e fetang 3470, eo ka bongata ba yona e leng dimela tse tsebahalang tsa jareteng.
Paeneapole e hlomphsiitswe ditsong tsa kgale tsa Amerika moo e neng e sebediswang e le ditholwana tse foreshe, moriana wa setso le dikgwele tsa makgasi tse sebedisitsweng jwalo ka botshwaro ba makala bo sebediswa jwalo ka lesela.
Diphaenapole tse nang le vithamine C e ngata, e leng tholwana e matahaneng ya monokotshwai o monyane, e hlahiswa e le tholwana e le nngwe e boputsweng bohareng ba sehlopha se makgasi holang ho tloha kutung. Semela sa tropike se rata maemo a lehodimo a futhumetseng, a mongobo le a se nang serame ebile a hola hantle mobung wa lehlabathe le nang le esiti e ngata.
Diphaenapole di kotulwa habedi ka mora dilemo tse ding le tse ding tse hlano. Kotulo ya pele e ba ka dikgwedi tse 26 ho isa ho tse 30 mme kotulo ya bobedi ke dikgwedi tse 18 hamorao. Ho lengwa ha diphaenapole hwa thekesela ho netefatsa hore diphaenapole di ka kotulwa letsatsi le letsatsi bakeng sa boholo ba selemo. Ho kotula phaeneaple naheng ya Afrika Borwa ho qala ka Hlakubele mme ho tswela pele ho fihlela bohareng ba Tshitwe.
Ho na le mefuta e mmedi ya bohlokwa ya phaenapole e hodisitswe ka hara Afrika Borwa, Cayenne e makgasi a boreledi (e hlahiswang haholo Kapa Botjhabela) le Mofumahatsana wa makgasi (a hlahiswang haholo KwaZulu-Natala).
Mofumahadi o monate ka tswekere hape o rekiswa haholo jwaloka ditholwana tse ncha, athe boholo ba Cayenne bo boholo le jwang le lero le le phahameng di etsa hore e be e loketseng ho e kenella hore e be dihlahiswa tsa lero le tse entsweng ka makgapetla a phaenapole.
Mofuputsi Christopher Columbus wa pele o ile a ‘fumana’ phaenapole ka 1493 sehlekehlekeng sa Guadalupe se Dithaneng tse Nyane ho Lewatle la Caribbean.
Hammoho le bafuputsi ba Mapotoketsi ho ya Amerika Borwa le Amerika Bohareng, ditholwana di ile tsa namela ka nqa botjhabela ho Sehlekehleke sa Santa, tsa ntano ba Madache le India ka bo-1540. Ho hlahiswa ha tholwana ho tlalehilwe Nepal ka 1601, Singapore ka 1637, le Taiwan ka 1650.
Temo ya pele ya phaenapole e ne e sa shebane feela le ditholoana tse foreshe empa hape e le faeba le disebediswa tse ding. Dilemong tsa 1570, Philippines e ne e ntse e etsa faeba ya phaenapole ho tswa makgapetleng a makgasi a phaenapole, Maindia a ne a e sebedisa e le taolo ya tswalo mme Maafrika a ruileng a hodile semela jwalo ka semela sa jareteng, ho kenyeletsoa le Morena Louis XV ka sethaleng sa hae sa botala se Versailles.
Temo ya kgwebo ya diphaenapole e qadile ka mofuta ya polasi "cayenne" Bophirimela Indies le Hawaii. Phaenapole ena e rehilwe lebitso la Cayenne, motse-moholo wa French Guiana moo dimela tse hlano di ileng tsa nkuwa le ho phatlalatswa. Ho fihlela lekgolong la bo20 la dilemo, mofuta wa peo 'boreledi ba Cayenne' o ne o le teng marakeng wa phaenapole ho fihlela mofuta wa phaenapole e leng MD-2 e nkile e le phaenapole e foreshe.
Ka lebaka la bophelo bo bokgutshwane ba diphaenapole, dipalangwang tsa kgwebo, ditsela tse kgutshwane tsa kgwebo le mekgwa ya ho boloka di boetse di qapilwe hammoho le tlhahiso ya kgwebo ya ditholwana. Haholo-holo indasteri ya makolokoti e qadileng lekgolong la bo19 la dilemo le kgolo ya lero la phaenapole ka bo 1980 e kentse letsoho dipaping hore e be ditholwana tsa boraro tse kgolo lefatsheng la tropiki ka tlhahiso ya selemo le selemo ya dithane tse dimilione tse 25 (2018), kamora dipanana le dimango.
Diphaenapole di hlahisitswe ka hara Afrika Borwa ka 1860 mme ya hodiswa ka lekgetlo la pele profinseng ya KwaZulu-Natal, mme ha morao ya tsebiswa Kapa Bochabela.
Bahlahisi ba bararo ba phahameng ka ho fetisisa lefatsheng ba phaenapole ke Costa Rica, Brazil le Philippines, tsohle di hlahisa dithane tse fetang dimilione tse 2,5 ka selemo. Costa Rica le Brazil di fana ka US le Europe, ha Philippines e ntse e romela diphaenapole tse sa tswa kguwa ho Japane le Korea.
Afrika, ho hlahiswa diphaenapole Angola, Tanzania ka tlhahiso e itseng Afrika Borwa - ka tlase ho dithane tse 100 000 ka selemo. Hoo e ka bang 80% ya tlhahiso ya phaenapole ya Afrika Borwa e reretswe ho sebetswa (mofuta wa Cayenne), tse ding (haholo-holo Mofumahadi) di rekiswa 'marakeng wa ditholwana tse foreshe tsa mmaraka wa lehae.
Diphaenapole di na le divithamini C e ngata, faeba e jang dijo, calcium, manganese le potasiamo. Ditholwana le tsona ke thuso ya tshilo ya dijo ebile e na le thepa e kgahlanong le ho fokola ka lebaka la ditaba tsa bromelian. Bromelian ke sehlopha sa di-enzaeme tse nang le protheine e silafatsang mme e ka sebediswa e le setakatso sa nama, ho eketsa tharabollo ya gelatin ho dino, ho pente tse thehilweng ho shweleng le ho tsheleng letlalo.
Bromelian e ka sebopeho sa phofshwana, ditlolo, matlapa kapa jwalo ka dijo tse tlatsetsang di ka phekola maemo a ho ruruha jwalo ka sinusitis le ramatiki mme a sebediswa ka mokgwa o hodimo, a tshwara maqeba le ho tlosa letlalo le shweleng ho tswa maqebang a bohloko.
Ho ipapisitse le mofuta wa peo, phaenapole e jewa e le tholwana e foreshe kapa e le malokoting, ebe e etswa lero, jeme le chutneys. Ho boetse ho thwe lero la phaenapole le fokotsa matshwao a bokudi ba ho thothomela. Phaenapole e sa tswa kguwa e kenngwa ka hara kheri, ka bobedi di na le ham le nama tse ding mme e ka tshollwa hore e hlahise lero le monate le bitswang nata de pina.
Makgasi a phaenapole a manyane a jewa e le meroho Afrika le ditholwana tse sa butswang tse chefo tse sebediswang e le chefo bakeng sa metsu. Faeba e makgasi a phaenapole e sebedisetswa ho loha masela, ho etsa dieta, matlowa a ho tshwasa ditlhapi le mabenyane a loilweng.
Translated by Sebongile Sonopo