Tlhahiso ya Launu e Bonolo

©Louise Brodie

Lamunu e bonolo e e tswa ho karolo ya lamunu e amanang le lahlehelwang ke letlalo le mme e eboleha ha bonolo. Mandarins, clementines, satsumas, mineolas le tangerines kaofela di wela karolong ya sehlopha seo.

Tlhahiso ya Matjhaba

Tlhahiso ya lefatshe ya lamunu e bonolo ho tlowa ditoneng tse dimilione tse 26 nakong ya 2013/2015 ho isa ho ditone tse dimilione tse 30 nakong ya 2017/2018. China e ne e le bahlahisi ba baholo ba lamunu nakong ya 2017/2018, ka 715 ya kakaretso ya tlhahiso, ho latele European Union e ballwang ho 10% mme ho latele Turkey le Morocco tseo ka bobedi di ballwang ho 4% ya tlhahiso.

Nakong ena, tse kenang ka hare lefatsheng di ile tsa nyoloha ho tlowa 2 281 000 hi otsa 2 466 00 ya ditone. Rassia e ne e le yona e tlisang ka hofitsisa, e ne e ballwa ho 35% ya kakaretso yah o tlisa, European Union e ne e ballwa ho 19% yah o ntsha, ha United States e ballwa ho 12% ya tsohle tse tliswang.

Afrika Borwa key a botshelela ka boholo bah o isa dinaheng tse kantle lefatsheng ka bongata.

Tlhahiso ya Selehae

©Louise Brodie

Tlhahiso ya lamunu e bonolo e qadile Afrika Borwa qalong ya bo 1980 e le ho arabela tabeng ya tlhokeho ya lamunu e ebolwang ha bonolo ebile e le lamunu e bonolo ho tswa Europe le United Kindom. Di-clementine tsa pele di ne di se di tlisitswe Afrika Borwa ho tloha Corsica ka 1973, ka kgetho kapele ha latela Spain le Morocco.

Qalong tlhahiso e ne e kgannwa ke Co-operatives tsa Afrika Borwa, Citrus Exchange e neng e qale diteko ka bo 1970 ho tsebisa mofuta o loketseng le ho itlwaetsa tlhahiso. Qalong, tlhahiso e ne e lekanyeditswe Western Cape feela, ho tloha lamunu e bonolo e hlaha maemong a lehodimo a Mediterranean.

BFAP ka 2091 e fumane lamunu e bonolo e le e sebetsang ka ho fitisisa dihlopheng tse ding boemong ba lekeno ka hektara ka tjhebelopele ya hore e tla tswela pele nakwana. Lamunu e bonolo e ne e ballwa ho 17% ya tlhahsiso ya lamunu Afrika Borwa ka 2018.

Tlhahiso

Jwalo ka ha ho hlahelletse ka Citrus Growers Association, kakaretso ya sebaka sa kotulo se tlasa tlhahiso ya lamunu e bonolo e phahame ho tlowa ho 4 960ha ho tlowa 2009 ho ya ho 16 285ha ka 2018. Empa menahano e habedi ya dihektara e ntse e hloka phihlello ya bokgone ba ho jalwa.

Western Cape e ne e le bahlahisi ba baholo ba ballwang ho 40% ya tlhahiso, e latelwe ke Eastern Cape ka 30% ya tlhahiso ebe Limpopo e ballwang ho 24%. Palo e nyane le yona e ya hlahiswa ke Mpumalanga, Northern Cape, North West le KwaZulu-Natal.

Thekiso

©Louise Brodie

Boholo ba lamunu e bonolo ya Afrika Borwa e tlisitswe, ka tliso ya bongata bo fihlang ho dimilione tse 13,4 e leng ditone tse 15kg ka 2017. United Kindom ke batlisi ba baholo ka palo ya 32% ya karolo ya kakaretso ya tse tliswang, e latelwa ke European Union, e fanang ka 26% ya karolo. North America le Russia ka bonngwe di nale karolo ya 10%. E sentseng e tliswa Afrika Borwa le East Ashia mmoho le Middle East.

Tshebediso

©Louise Brodie

Lamunu e bonolo e ruile divitamin, haholo A le C, diminerale le faeba, ka dikwetla tse fapang hanyane bakeng sa dilamunu tse bonolo tse fapaneng. Tholwana e thabelwa e le foreshe e le seneke, empa e kaba ya sebediswa jwalo ka salate le ho phehwa. Ntle ho moo, e etswa lero, lengangajane le ho bolokwa makotikoting, mamalete, tatso dijong le oli e bohlokwa.

Translated by Sebongile Sonopo