Tlhahiso ya Lamunu

©Louise Brodie

Dilamunu tse tswekere tsa sebaka Borwa ba China mme di ile tsa hlahiswa dithutong tsa China ka 314 BC. Bahwebi ba Italy le batsamaisi ba dikepe ba mefuta ditholwana ho tlowa leboyabophirima ba India le Borwabophirima ba China ho ya dinaheng tsa Mediterranean k abo 1450 le 1500. Dilamunu di ne di sebediswa feela bakeng sa kalafo, empa ka pele pele ya eba tholwana ya tjheo e sebetsang bakeng leruo. 

Lamunu e ile ya hola jwalo ka tse pedi ho tswa mandarin le pummelo. Lentswe ‘lamunu’ le tswa lentsweng la Sanskrit, naranga, leo boholo batho ba neng ba dumela le bolela ’monko o monate’. Lentswe mmala wa lamunu o ile wa rehellwa ka mmala wa yona. Lentswe le ne le se le potoloha ho hlalosa tholwana k abo 1300, le ha hole jwalo, lebitsoo bakeng sa mma le ile la lahlelwa feela dilemong tse makgoloa mabedi kamorao.

Tlhahiso ya Matjhaba

Jwalo ka ha e bonahetse Tridge, dilamunu di ballwa ho 50% ya tlhahiso lefatsheng mme e kotulwa haholo ho tlowa ka 1987. Brazil ke bahlahisi babaholo holo, bo hlahisa haufi le 24% ya dimilione tse 73 ya ditone tsa tlhahiso ya lamunu ka 2017. Ho latela China le India e ballwang ho 11% le 10.3%. Afrika Borwa e fana ka 1.9% ya kakaretso ya tlhahiso ya lamunu.

Tlalehong, e bitswangClobal Market Update, tlaleho ya lefatshe ya boleng ba tse isitsweng dinaheng tse kantlee ballwa ho dimilone tse 6 USD le boleng ba dimilione tse 7.3 ya ditone. Spain ke sona se ntshetsang dinaheng tse kantle haholo, e ballwa ho bonyane 25% ya dilamunu tse ntshitsweng ka 2018. Afrika Borwa e ballwa ho 14.5%, Egypt ke 12.6% mme United States ke 12% ya kakararetso ya palo. United States e ballwa ho 11.8% mme Netherlands ke 5.6%. 

France, China le Germany e ne e le tsona tse ka sehlohong amohelang ka 2018, ka bonyane 6% ho isa ho 7% ya tse tswang kantle. Ha Netherlands le Hong Kong, di ballwa dipakeng tsa 6% le7% ho amohela hotswa dinaheng tse kantle.

Tlhahiso Afrika Borwa

©Louise Brodie

Matsatsing a kgale a fitileng, bohlo ba masole a timetse ke tlhokeho ya vitamin C mmeleng, ka lebaka la dijo tseo ba neng ba di ja tse seng foreshe. Ho lokisa bothata bona Dutch East Company e ile ya fumana seteishene sa dijo Cape Town moo barekisi ba phetang ba Cape ba ileng ba rekisa le India le ho ya pele, ba ne ba reka dihlahiswa tse foreshe.

Sefate sa pele sa lamunu se ile sa tliswa se tloswa St Helena ho ya Afrika Borwa ka sekepe se bitswang Tulp ka 1954 le ha tliswa tse ding ka morao ho moo. Qalong, 1162 ya difate tsa lamunu di ile tsa jalwa Company Gardens, Cape Town le tseng tsa ditholwana le meroho. Sefate sa pele sa lamunu se ile sa nkuwa ka 1661.

Balemi ba batjha ba ile ba qala ho lema ka pele pele difate tsa lamunu ho tlowa motheong wa Company Gardens, eo e qetelletseng tlhahiso e phatlalla ho ya dikarolong tse fapaneng tsa naha. Kajeno, Afrika Borwa ke ke moabi wa dilamunu ya moholohadi wa karolo e Borwa. E ballwa ho 60% ya kabo karolong e Borwa. (Bala haholo ka tlhahiso ya lamunu Afrika Borwa).

Tshebediso

Dilamunu di ka thabelwa ka tsela tse fapaneng, tse kang, di le foreshe, e le lero, ka ho di pheha, ho di baka, ka teeng, di bolokuwe ka kotikoting kapa ka hare ho marmalade. Lamunu ena ke tholwana e ka sebediswang hape e le dijo mmoho le sebediswa sefahlehong.

Dilamunu di bewa ka melemo ya bohlweki. E ruile divitamin, haholo Ale B, diminerale, di-Antioxidants le faiba. Dilamunu di nale esete, di nale alkaline ya diminerale e thusang ho tlosa alkaline mmeleng le ho thusa ka tshilo.

Translated by Sebongile Sonopo