Tlhahiso ya Grapefruit

© Louise Brodie

Grapefruit ke motswako o hlahisitsweng ha ho ne ho kopana pummelo le lamunu e tswekere. Jwaloka tholwana e ntjha sehlopheng sa ditholwana tsa citrus, grapefruit e ne e hlaloswa ka dilemo tsa 1750 ke Moruti Griffith Hughes sehlekehlekeng sa Barbados. O ne a bile a e bitsa ‘tholwana e hanetsweng’ ya Barbados, ka ha batho ba bang ba ne ba dumela hore e na le kamano e itseng le sefate sa sethatong sa botle le bobe sa Tshimong ya Edene. 

Lebitso la “grapefruit” le ile la kgethwa, ka lebaka la tsela eo tholwana e neng e hola jwaloka lesihla la morara. Ditsebi tsa tsamaiso ya temo Amerika di ne di batla ho bitsa tholwana ena “Pomelo” qalong, empa lebitso lena la baka pherekano le lebitso la “Pummelo” mme la “grapefruit” la kgomarela.

Tlhahiso ya Matjhaba

Grapefruit e phela hantle dibakeng tsa boemo ba lehodimo bo futhumetseng tsa subtropike. Jwalokaha ho bontshitswe ke Tridge, China ke mohlahisi e moholo ka ho fetisisa. Ka 2018, e bile le seabo sa halofo ya grapefruit e hlahisitsweng lefatsheng lohle. Dinaha tse kopaneng tsa Amerika, e leng mohlahisi wa bobedi e moholo ka ho fetisisa, o bile le seabo sa 8% feela sa tlhahiso yohle. 

Ntle le ho fumana feela 4% ya tlhahiso yohle, Afrika Borwa e ikarabelletse ho 25% ya ho rekiswa kantle ho naha ha grapefruit ka 2018. Sena se e etsa naha e kgolo ka ho fetisisa e rekisang thepa kantle ho fihlela ha jwale. China e bile boemong ba bobedi, ka 12.7% ya thekiso yohle kantle ho naha. 

Netherlands ke yona morekisi ya ka sehloohong wa grapefruit kantle ho naha, ka 16.6% ya grapefruit e amohelwang kahara naha (grapefruit ena e amohelwa ho tswa dinaheng tse ding hore e phuthelwe botjha e be e rekiswe kantle ho naha). Le ha ho le jwalo ho lokela ho hopolwa hore hangata Netherlands e aba botjha thepa ya yona dinaheng tse ding tsa Yuropa. Russia e latela Netherlands ka 10% ya ho amohela grapefruit ho tswa naheng tse ding.

Tlhahiso ya Afrika Borwa

©Louise Brodie

Ka 2018, Afrika Borwa,ka kopanelo le Zimbabwe, di bile le dihektara tse 7 886 tse ngodisitsweng tsa grapefruit e rekisitsweng kantle ho naha, jwalokaha ho hlahisitswe ke Citrus Growers Association. Sebaka sena se fetang 50% se ne se le Limpopo, ho etsang e be lebatowa le hlahisang haholo thepa e rekiswang kantle, e hlahlangwe ke Mpumalanga, e bileng le 25% ya sebaka sa tlhahiso. 

Kwazulu-Natala e bile boemong ba boraro, ka tlhahiso ya 9%. Ha Kapa Leboya le Swaziland di bile le 6% le 5% ka tatelano ka ho rekiswa ha thepa kantle ho naha ho ngodisitsweng. 

Dibaka tse nyane le tsona di ngodisitswe Kapa Botjhabela le Kapa Bophirima. Zimbabwe e ikarabelletse ho dihektara tse 118 tsa sebaka se akaretsang se ngodisitsweng bakeng sa ho rekisa thepa kantle ho naha.

Mefuta

©Louise Brodie

Mefuta e mengata e a lengwa, eo Star Ruby le Marsh e ratwang haholo. Star Ruby e bile le 80% ya sebaka se ngodisitsweng bakeng sa ho rekisa thepa kantle ho naha ka 2018. Ha Marsh yona e bile boemong ba bobedi, ka hodimonyana feela ho 10% ya sebaka sena. 

Star Ruby e ile ya hlahiswa ke Dr Dick Hensz kwana Texas ka peo ya grapefruit ya Hudson e futhumaditsweng ka mokgwa wa irradiation. Mofuta ona o ile wa rehwa lebitso le ho lokollwa dilemong tsa 1970, ka peo tsa pele tse leshome le metso e mmedi tse ileng tsa ya Afrika Borwa ka 1972. 

Tholwana e na le letlalo le boreledi le lesehla le nang le semelo se sefubedu le bokahare bo bofubedu bo tebileng. Mofuta ona o hola hantle Afrika Borwa ho feta Dinaheng tse kopaneng tsa Amerika, o beha ditholwana tse kgolo mme ka sewelo e nang le dipeo tse mmalwa. 

Marsh e tlisitswe ke CM Marsh kwana Florida ka dilemo tsa 1860 ho tswa peong ya sefate sa Duncan lehaeng la Mofumahadi Rushing. O ile a nka thupa e nang le dinoko bakeng sa ho e hodisa ho se seng sa difate, ha a bona hore ha e na peo mme a qala ho rekisa madinyane a teng. Ditholwana di kgolo ebile di tshweu, ha di na peo mme e sebedisetswa haholo ho jowa di le jwalo le ho etsa lero. Ka nako e telele, e ne e le mofuta o ka sehloohong o lengwang Afrika Borwa.

Nako ya Selemo

Nako ya selemo ya tholwana tsa citrus Afrika Borwa e qala ka Tlhakubele ho ya ka Phupu, ho itshetlehile ka boemo ba lehodimo.

Thekiso

Boholo ba grapefruit ya Afrika Borwa bo rekiswa mose ho mawatle, ka thekiso ya kantle ho naha e nang le seabo sa palo e ka fihlang ho 70% ya thekiso yohle ka 2017. Mmaraka wa tholwana e sebeditsweng o ikarabelletse ho 27% mme mmaraka wa lehae ka palo e tlase ho 1% ya thekiso yohle. 

Yuropa ke sebaka se seholo sa ho romella thepa kantle ho naha, ka bongata ba 40% ka 2017, ha Asia e bile le 25% ya bongata. 

Tshebediso

©Louise Brodie

Grapefruit ke tholwana e bohla. E ka jewa e le jwalo ka thahameso, e le dijo tsa nakwana kapa ya sebediswa disalateng. E ka boetse ya sebetswa ho etsa tart, jeli, jeme e bodila ya marmalade le dino. 

Ke e nngwe ya ditholwana tse di-calorie tse tlase, empa e ruile ka dimatlafatsi le tlheferetsi, e leng le leng la mabaka a ho sebediswa ha yona dijong tsa ho theola boima ba mmele. E boetse hape e na le metsi a mangata, ho etsang e fane ka metsi a mangata mmeleng. 

Translated by Maletsatsi Sejake