Dipere di hlahisitswe ka dilemo tse dikete mme di bile di bitswa "mpho ya medimo" Odyssey ya Homer. Mofuta o na le mefuta e ka bang mashome a mabedi eo halofo e nngwe e fumanwang Europe, Afrika Leboya le Asia Minor, le halofo enngwe Asia. Sena se entse hore ho be le dihlopha tse pedi tsa dipere tse fumanehang lapeng, dipere tse bonojana tse bonolo tsa European Pyrus le di pere tsa nama ya makgopho a Asia, haholo-holo Pyrus pyrifoli.
Tshebediso ya pere e tswetse pele e sebedisitse diapole, ka lebaka la mathata a ho rekisa mmaraka ka dipere tse ntle tse butswitseng. Tlhahiso ha e le jwalo e tswetse pele haholo ebile e tshwana le maemo dilemong tse mmalwa tse fetileng, mme e hlahisitse boleng bo tshwanang.
China ke yona e hlahisang dipere ka bongata le ho romella thepa e tswang kantle ho naha. Argentina, United States le Italy ke tsona bahlahisi ba bararo ba baholo ka mora China. Argentina e ikarabella bakeng sa 3.3% feela; United States ke 2,7% le Italy feela 2.6% ya dihlahiswa tsohle tsa lefatshe.
Netherlands, Argentina le Afrika Borwa e ne e le barekisi ba bararo ba kgolo ka ho fetisisa ka mora China ka 2018, ha Netherlands e ikarabella bakeng sa 14%, Argentina e ikarabella bakeng sa 13.7% mme Afrika Borwa e ikarabella bakeng sa 10,4% ka thepa yohle e romelletsweng kantle.
Pere e tlisitswe Afrika Borwa ke Khampani ya Dutch Bochabela India tlasa taolo ya Jan van Riebeeck. Lengolong la la 19 Mmesa 1665, Van Riebeeck o ile a ngola hore boemo ba lehodimo ba Kapa bo ne bo se botle bakeng sa tlhahiso ya meroho selemong se fetileng, empa "veine e atlehile" mme "… diapole tse mashome a mararo di nkuwe merung e tsheletseng le dipere tse pedi".
Ntho enngwe ya difate tsa safrone tsa pele tse lenngweng ka nako ya Van Riebeeck e ne e ntse e hola serapeng sa Khampani ka selemo sa 2019. Ho boloka lefa le phela, Lefapha la dipapadi la Toropo a Motse Kapa hammoho le Tru-Cape le ile la hlahisa setshwantsho sa sefate sena mme la jala bocha. Phepho e haufi le sefate sa motswadi ka 2015.
Bahlahisi ba ditholwana tsa Pome Afrika Borwa ba emelwa ke Hortgro Pome, eo pele e neng e tsejwa e le Mokgatlo wa Bahlahisi ba apole le pere ba Afrika Borwa. Mmele o thehilwe dilemong tsa bo-1970 ho kgothaletsa le ho sireletsa thahasello ya balemi ba diapole, mme hamorao, hape le balemi ba peere.
Phetoho e kgolo indastering e tlilo tla ka ntshetsopele ya Forelle Early Market Access Programme (FEMA), eo Ngaka Ian Crouch a hapileng kgau ya Mofuputsi wa Hortgro wa Mohope ka selemo sa 2015. Bolela diperela pele ho moo e ne e le hlooho ya tlhahiso. E ne e le sephiri ha e ne e kgethwa haholo hoseng ebile e tlwaetse ho ba le dijo ha e kgangwa haholo.
Ho hlola bothata bona, Ngaka Lan o kgothaleditse hore di pere tsa Forelle e tshwarwe jwalo ka diapole. Kahoo, ho e na le ho ka thonaka dikgaba, di siuwa difateng nako ya dibeke tse pedi ho isa ho tse tharo, e leng se hlahisang ditholwana tse butswitseng hantle haholo ha di kotulwa. Kgolo e tswelang pele e thijwa kamora kotulo ka tshebediso ya inhibitor ya ho hola, 1-methylcylopropene (MCP), e nnileng ya fumaneha ka hara naha ka kgwebo jwalo ka SmartFreshSM ho tloha ka 2002.
Lenaneo le bolokile indasteri makgolo a dimilione a diranta le ho dumella dihwai ho romella diperela tsa FEMA ho fihlela dibeke tse robong pejana ho feta dipere tse tlwaelehileng. Lenaneo le boetse le buletse menyetla e mecha ya mmaraka bakeng sa balemi ka ho hlahisa boiphihlelo bo bocha ba ho ja dipere, ho tloha ho’ bonolo le lero 'ho' krispi le monate'. Sena se hlokahala haholo bohareng ba Bochabela le dinaheng tse ding tsa Europa.
Translated by Sebongile Sonopo