Tlhahiso ya Avocado

© Bernard Dupont

Afrika Borwa ke e mong wa bahlahisi ba baholo lefatsheng ba tlhahiso ya avocado ka kgato ya 12, empa tlhahiso ya selemo le selemo ya ditone tse pakeng tsa 80 000 le 120 000 e hula ka tlhako tsa morao ho mohlahisi e moholo e leng Mexico ka ditone tse 1.5 milione.  

Dipalopalo tsa Tlhahiso ya Avocado

Tekanyetso ya ho romelwa kantle ho naha bakeng sa nako ya selemo ya 2019 ho tloha Tlhakubele ho ya ho Mphalane ke 14.5 milione ya mabokose a 4 kg, e leng ditone tse 58 000. Derek Donkin, e leng mohlanka e moholo wa South African Subtropical Growers’ Association (SUBTROP) o lekanya hore dimela tsohle tsa 2019 e ka nna ya ba ho ditone tse 110 000. Sena se kenyeletsa ditholwana tse rekisitsweng naheng ena, tse rometsweng kantle le ditholwana tse rekiseditsweng ho sebetswa hore e be ho kang motoho le ho etsa oli.

Ho hlahiswa ha avocado nakong e tlang Afrika Borwa ho lebeletswe ho hola ka dihektara tse eketsehileng ka 1000 - 1500 tse tla lengwa selemo le selemo bonyane dilemong tse 5 hlano tse tlang ho tloha ka 2019 ho ya pele. Ho romelwa kantle ho naha ho lokela ho feta mabokose a 20 milione ka sekgahla sena sa kgolo mme ho tla eketseha ha indasteri e ntse e tswela pele ho hola. 

Boholo ba masimo a matjha Afrika Borwa ke avocado tsa letlalo le letsho tsa Hass le mofuta wa Hass. Masimo a matjha a avocado e letlalo le letala a reretswe mmaraka wa pele kapa wa hamorao wa lehae.  

Tlaleho e batsi ya ‘Avocado Market - Growth, Trends, and Forecast’ 2019-2024 e lepa ho hola ha ho sebediswa ha avocado China. Ka 2017, China e amohetse 22% ho feta selemong se fetileng. China e amohela thepa haholo ho tswa Chile, Mexico le Peru; dinaha tsena tsohle di na le dipehelo tse molemo tsa kgwebisano le China.

Dibaka tsa Tlhahiso ya Avocado

©Photo courtesy of the California Avocado Commission

Tlhahiso ya avocado e teteane haholo dibakeng tse mongobo, tsa subtropic tsa Limpopo ka 59%, Mpumalanga ka 33% le dikarolo tsa KwaZulu-Natal ka 8%. Ha tlhoko ya matjhabeng le ya naha ya selemo ho pota ya avocado e se e eketsehile, ho jwalo le ka masimo a matjha a mefuta e metjha ya dimela tsa avocado a atiseditsweng diprofenseng tse ding jwaloka Kapa Bophirima le Kapa Botjhabela.

Tlhahiso ya Avocado Lefatsheng Lohle

E ka ba 76% ya avocado e hlahiswang dinaheng tsa America, 11% Afrika, 9% Asia le 2% Yuropa le South Pacific ka bobedi. Mexico ke mohlahisi e moholo ka ho fetisisa lefatsheng, ka ditone tse 1.5 milione tlhahisong ya lefatshe lohle ya ditone tse 3.2 milione ho tloha ka 2018.

South America, Colombia, Brazil, Chile le Argentina ke bahlahisi ba baholo ba avocado, Peru e romela thepa ya 60% ya bongata ba South America. Masimo a Colombia a hola ka potlako ho feta a Afrika Borwa, ka ho lengwa ha hektara tse 1 500 ho ya ho 2 000 ka selemo. Colombia e se e romela avocado ya Hass kantle ho naha haholo lefatsheng.  

Afrika, bahlahisi ba avocado ba kenyeletsa Afrika Borwa ka ditone tse 120 000; Kenya e hlahisa tekanyetso ya ditone tse 80 000, Tanzania le Zimbabwe di hlahisa 5000 ya ditone naha ka nngwe mme setlabotjha Mozambique ka ditone tse 1000. 

Dinaha tse ding tse hlahisang avocado di kenyeletsa Philippines, Australia, New Zealand, Madagascar, Mauritius, Madeira, Canary Islands, borwa ba Spain le borwa ba France, hammoho le Sicily, Crete, Israel le Egypt. 

Ho Romelwa Kantle ha Avocado ya Afrika Borwa

Avocado ya Afrika Borwa e pakeng tsa 45 le 50% e romelwa kantle ho naha mme 10-15% e a sebetswa e be oli le ho futswelwa. E setseng e rekiswa kahara naha. Boholo ba dinaha tse amohelang avocado ya Afrika Borwa ke Yuropa-haholoholo Netherlands, France le Spain, UK le dinaha tsa Baltic ka 95%. Palo e nyane e romelwa Afrika, Botjhabela bohareng le Hong Kong. 

Di-indasteri le mmuso wa Afrika Borwa di dipuisanong tsa ho kena mmarakeng wa USA, boholong ba China le Japan. Ha jwale, melao e thata ya bohlweki e thibela ho fihlelwa ha mebaraka ena. Peru, jwaloka mohlahisi e mong ya ka borwa, e hlodisana le Afrika Borwa haholo, ka bongata le nako, ka phepelo ya avocado mebarakeng e ka leboya. 

Translated by Sebongile Sonopo