Tlhahiso ya Oli ya Mohlwaare

© SA Olive

Afrika Borwa e hlahisa oli ya boleng bo hodimo haholo, empa e tlase ka bongata, e sa kgone ho lekana nngwe-borarong ya ditlhoko tsa lehae. Le ha ho le jwalo, Afrika Borwa e kgona ho romela kantle ho naha oli ya mohlwaare, haholoholo dinaheng tsa Afrika tse jwaloka Namibia (ditone tse ka bang 3000) le Botswana (ditone tse 200), empa le 50 ditone tse lebang UK (dipalopalo tsa 2017).

Dibaka tsa Tlhahiso ya Oli ya Mehlwaare

Ho ya ka tlaleho ya Hortgro, ho lengwa hektara tse 2 849 tsa mehlwaare Afrika Borwa. Sena se bontsha ho eketseha ha masimo ka 110% dilemong tse leshome ho tloha ka 2008 ha ho ne ho lengwa feela hektara tse 1 357. Kgolo e kgolo ka ho fetisisa masimong e bile lebatoweng la Cape Town, moo masimo a matjha a eketsehileng ka 640% - ho tloha ho 56 hektara ka 2012 ho ya ho 414 hektara ka 2018. 

Tlhahiso ya oli ya mehlwaare Afrika Borwa e shebane le Western Cape ka 93%, ha diprofense tse ding, ntle le KwaZulu-Natal, di nyehela pakeng tsa 1% le 3% profense ka nngwe tlhahisong ya oli ya mehlwaare Afrika Borwa.

Ka 2018, ho ne ho ngodisitswe dihwai tsa mehlwaare tse ka hodima 170 Afrika Borwa. Palo e ka bang halofo ya bona ba ne ba lema dihektareng tse ka tlasa tse 5. Le ha ho le jwalo, dihwai tse ka sehloohong tse 11 di ne di lema dihektara tse fetang tse 50 sehwai ka seng. Bahlahisi bana ba hlahisa, ka kakaretso, 44% ya masimo a Afrika Borwa. 

Kotulo ya mohlwaare Afrika Borwa e etsahala pakeng tsa Tlhakubele le Phupjane/Phupu. Di-oli di a tlhotlwa mme ha Phato/Lwetse e fihla, kotulo ya selemo ya oli ya mohlwaare e ntjha e a fumaneha.

Tlhahiso ya Lefatshe ya Oli ya Mohlwaare

Bahlahisi ba ka sehloohong ba oli ya mohlwaare ba dinaheng tse pela Mediterranean le Botjhabela Bohareng.Hara dinaha tse leshome tse ka sehloohong ke Spain, Italy, Greece, Turkey, Syria, Tunisia, Morocco, Algeria le Portugal.

Tlhahiso ya lefatshe ya oli ya mohlwaare e lekanngwa e ka theoha ka 5.5% ho ya ho ditone tse dimiliyone tse 3.130 nakong ya kotulo ya 2018/2019, ho ya ka International Olive Council (IOC).

Dinaha tse boneng ho theoha haholo ho fetang 50% ya tlhahiso ya bona e bile Tunisia le Argentina. Dinaha tse ding tse bileng le ho theoha haholo ha tlhahiso di kenyeletsa Greece ka 35%, le Turkey ka 30%. Italy teng, boemo bo bobe ba lehodimo bo sentse difate tse dimiliyone 25, ho bakileng ho theoha ha tlhahiso ka 38%. Ntle ho mona, Italy e ntse e le naha e boemong ba bobedi lefatsheng lohle ka bohlahisi ba oli ya mohlwaare, kamora Spain.

Naha e romelang oli ya mohlwaare kantle ho naha ka ho fetisisa lefatsheng ke USA, e romela pakeng tsa 35% le 40% ya tlhahiso ya lefatshe feela naha e na e le palo e tlase ya tlhoko ya tshebediso ya 1.3 litre motho ka mong ka selemo. Batho ba e sebedisang haholo ke ba Greece, 20 litara motho ka mong ka selemo, ba Spain ke 13 dilitara mme ba Italy ke 11 dilitara.

Ho Romelwa Kantle ho Naha ha Oli ya Mohlwaare

Ho ya ka dipalopalo tsa Hortgro, Afrika Borwa e amohetse ditone tse ka bang 6 900 tsa oli ya mohlwaare ka 2017 ho tswa dinaheng tsa kantle. Palo e ka bang 70% e ne e tswa Spain mme 19% e tswa Italy. Dikamohelo tse hlahang Argentina di bonahala di eketseha ho tloha ka 2015, empa di ntse di na le nyehelo ya 2% feela ya kamohelo yohle ya oli ya mohlwaare Afrika Borwa.

Translated by Maletsatsi Sejake